|
|
MOTLOTLEHI MOFUMAHALI KARABO MOHATO BERENG SEEISO MOTLOTLEHI MOFUMAHALI ’M’E ’MAMOHATO BERENG SEEISO MOHLOMPHEHI MOOKAMELI OA NTLO EA SENATEMOHLOMPHEHI MOTSAMAISI OA LIPUISANO MOHLOMPHEHI MOAHLOLI E MOHOLO BAHLOMPHEHI MATONA A KHABANE BAHLOMPHEHI LITHO TSA LEKHOTLA LA NAHA BAHLOMPHEHI BAEMELI BA LINAHA LE MEKHATLO EA MACHABA BAHLOMPHEHI BAAHLOLI BA LEKHOTLA LE PHAHAMENG MOHLOMPHEHI RAMOLAO E MOHOLO OA ’MUSO MOHLOMPHEHI MOTLATSI OA MOOKAMELI OA NTLO EA SENATE MOHLOMPHEHI MOTLATSI OA MOTSAMAISI OA LIPUISANO BAHLOMPHEHI LITHO TSE KHABANE TSA PARAMENTE BAETI BA BOHLOKOA BO-NTATE LE BO-‘M’E - LE LONA BANA
1. SELELEKELALetsatsi lena la ketekelo ea lilemo tse 35 Lesotho le tsoile jokong ea bokoloni ba Manyesemane, le fumane boipuso, ke letsatsi la bohlokoa nalaneng ea naha le Sechaba sa Basotho. Ke tsatsi la thabo. Empa haholo-holo ke tsatsi la ho itlhahloba re le Sechaba – ho hetla morao moo re tsoang teng; tsela eo re e tsamaileng; ho lekola tema eo re e khathileng ntšetsongpele ea naha le ntlafatsong ea sechaba; le ho itemoha moo re leng teng kajeno re le Sechaba; le ho betsetsa mahlo pele moo re habileng teng re le Lesotho le ipusang.
Hoa utloahala, Ntate Motlotlehi le lona Sechaba sa heso, hore haeba ke ne nka leka ho bua ka mafapha ohle a bophelo ba rona ka lilemo tsena tse 35 tsa boipuso, ke ne nka bua letsatsi lohle le bosiu ba lona; ke ne nka bua mathe a ba a oma ka hanong. Empa baka se lekane motinyane. Ka baka leo, ke tla li otla lihloohong feela, ke etse mabala-nkoe, le teng ke hloaile mafapha a se makae feela. Kea tšepa le tla utloisisa le ho nkutloela, leha e-ba le ke ke la re ke entse hantle.
2. LIPOLOTIKIRe tsebang bohle pale ea lipolotiki tsa naha ea habo rona, le hore ka lilemo tsena tse 35 tsa boipuso ba Lesotho, ’nete e bohloko ke hore ke ka tse 12 feela moo Sechaba sa Basotho se ipusitseng ka bakhethoa ba sona – e leng tse hlano tsa pele, le tse supileng tsa ho tloha ka 1993 ho tla fihlela kajeno. Re tseba ’nete e bohloko ea hore ho tloha ka 1970 ho fihlela ka 1993 lipolotiki tse lokolohileng tsa mekha li ne li thibetsoe, lebone la tsona le sa fifala empa le tinngoe; Sechaba sa Basotho se phela kholehong naheng ea sona, se ja bohobe ba sona ka lillo le litsikitlano tsa meno. Nako eo e bile thata le bohloko, E SENG feela ho Sechaba le bo-ralipolotiki ba sona, EMPA le ho Hlooho ea Naha, le ho Marena a sona, le ho Baruti ba Moshoeshoe. Bukeng ea bophelo ba Lesotho le ipusang, khaolo ena ha e monate, ha e thabise, ha e khahlehe, ’me ke hantle ho e feta kapele. Leha ho le joalo, re e feteng ka ho tšoarelanang, EMPA e se ka ho lebala, hobane ha re ka lebala tsa eona, re ka tšoha re li pheta hape.
Nka mpa ka supa feela ke feta hore lemong tse hlano tsa pele tsa boipuso mekha ea lipolotiki e ne e le 5 feela, lemong tse 7 tse fetileng lenane la mekha le nyolohetse ho 16, ’me le ntse le eketseha ka sekhahla se tšosang. Leha re lumela tokelong ea mantlha ea bolokolohi ba ho theha mekhatlo, empa potso eo re tšoanelang ho ipotsa le ho ikaraba eona re le Sechaba ke hore na re eang kae ka liphathi tsena tse runyang hoseng le mantsiboea! Ke siea potso ena molatsa lipelong le likelellong tsa lona Sechaba sa heso. Ho feta moo, nka supa le teng ke iphetela, hore boholo ba nako lipolotiki tsa mekha ea rona Lesothong le ipusang e bile lipolotiki tsa litšomo, mahloeano, khethollano le likarohano, esita le lipolaeano ka nako tse ling. Ebe re le Sechaba se buang puo e le ’ngoe, se tšoanang ka meetlo le ka tumelo ea bokeresete, re kotutse melemo efe le litholoana tse joang lipolotiking tsa mofuta oo? Tumelo ea ka e tiileng ke hore re le chabana-sa-khomo, kajeno ha re ketekela lilemo tsena tse 35 tsa boipuso, re tla bona booatla ba lipolotiki tsa mofuta ona, ’me re fetoleng leoa, re tsoeng lesoleng, re lahleng motho oa khale, re tsoaloe bocha re le Sechaba ka lipolotiki tsa khotso, tsa kopano le bonngoe ba sechaba, tsa ntlafatso ea naha le baahi ba eona. Ho feta moo, re tšoanelang ho inehela pusong ea Sechaba ka Sechaba e le kannete, e seng feela pusong ea naha ka kakaretso, empa le hona ka har`a mekha ea rona ea lipolitiki. Boetapele bo khethoe ho latela lipallo tsa Motheo oa mokha ka mong, liboka tse akaretsang li tšoaroe selemo le selemo ho latela lengolo la Motheo la Phathi. Ka mantsoe a mang, re keng re ikitlaetse le ho ikemisetsa ho fa Puso ea Sechaba ka Sechaba monyetla naheng ena.
3. THUTO EA LESOTHOHa re fumana boipuso ka 1966, Basotho ba ne ba baloa har’a lichaba tse hatetseng pele ka ho tseba ho bala le ho ngola, esita le ka ho bua senyesemane re se ntša ka linko. Leha ho le joalo, thuto eo e ne e re betlela ho hiroa bosebeletsing ba sechaba re apere hempe tse tšoeu, re fasitse lithae, re hlometse ka lipene. E ne e se thuto e re lokisetsang boitjaro tlhahisong ea mesebetsi le tlhahisong ea lijo. E ne e le thuto e raliloeng ke bo-ralikoloni ho phethahatsa sepheo sa bona sa ho re busa ka ho sa eeng kae. Kajeno, lemo li le 35 re ipusa, boemo bona ha boa fetoha hakaalo. Boholo ba thuto ea rona e nts`e le bo re lokisetsang ho hiroa, E SENG ho ba bahlahisi ba ka itjarang.
Leha ho le joalo lenane la likolo lona le eketsehile haholo – hantle-ntle le menahane hangata feela. Hoo ho ka nkoa e le katleho le phetoho e kholo e tlileng le boipuso.
Kabelo ea baruti ba Moshoeshoe ka likereke ho fapakana e kholo kanetsong ena ea thuto, ’me ke nka monyetla ona kajeno ho ananela, ho leboha, le ho thoholetsa boikitlaetso ba likereke thutong ea bana ba Lesotho. Ho fihlela kajeno boholo ba likolo Lesotho mona e ntse e le tsa likereke. Leha ho le joalo, mebuso e fapakaneng e ’nile ea elelloa boikarabello ba eona thutong ea bana ba sechaba, ’me ea kena seahlolong le likereke kanetsong ea thuto.
Morao tjena boima ba mojaro seahlolong sena bo se bo sekametse ka ’Musong hoo bang ba qalang ho ipotsa le ho re botsa hore na likereke li sa na le kabelo thutong ea Lesotho. Potso ena e tsoaloa ke ho elelloa hore hantle-ntle ’Muso o s`o jere boholo ba litšenyehelo thutong: o aha liphapusi tsa ho rutela; o lefa meputso le lipenchene tsa matichere; o kenya thepa e sebelisoang likolong; o tšehetsa batsoali thekong ea libuka tsa bana; o kenya letsoho phepong ea bana likolong; o entse Molao oa Thuto o fang batsoali lentsoe tsamaisong ea likolo; o lefa meputso le lipenchene tsa bangoli ba likolo ba likereke; ’me morao-rao tjena o qalile leano la thuto e sa lefelloeng ke batsoali likolong tsa mathomo; o theile setsi se ralang manane-thuto; o bile o hirile le bahlahlobi ho thusa matichere ka boeletsi le malebela. Ka kakaretso, methating e meng likereke li setse ka litša feela. Leha ’Muso o nkile boikarabelo linthong tsena tsohle, o bile o nts`o aha likolo tse ncha ho eketsa lenane le ho atametsa likolo metseng, ’Muso o nts`o hlomphela likereke kabelo ea tsona ’me o lebeletse tšebelisano-mmoho le Baruti ba Moshoeshoe ba filoeng thomo ea ho ea ka lefatše lohle ba ruta lichaba tsa lefatše.
Ha Lesotho le fumana boipuso ka 1966 ho ne ho e-na le mephato e supileng ea koetliso ea matichere, ’me eona e le ea likereke tse tharo tse kholo: Kereke e Katholiki (RCC) e n`e na le tse nne; Kereke ea Evangeli Lesotho (LEC) e na le tse peli; athe Kereke ea Chache (ACL) e na le e le ’ngoe. Hona e n`e le boiphihlelo le katleho e kholo thutong ea Lesotho, hobane kabelo ea botichere thutong ea Sechaba e kholo ka mokhoa o hlollang. Empa joaloka ha re tseba, mephato eo e supileng e ile ea felisoa le ho metsoa ke ’Muso ka 1975 ha ho thehoa Mophato oa ’Muso oa Koetliso ea matichere o ileng oa bitsoa National Teacher Training College (NTTC). Maikutlong a ka khato ena ke eona eo har`a ntho tse ling tse ka baloang e tlisitseng phetoho e kholo boemong ba thuto mona Lesotho.
Re rata kapa re sa rate, re tlamehang ho amohela hore maemo a thuto ea Lesotho a fetohile haholo. Hore na a fetohetse kae, botleng kapa bobeng, ke e siela Mosotho e mong le e mong ho ikahlolela. ’Nete eona ke hore maemo a fetohile. Kajeno ha re keteka lemo tsena tse 35 re ipusa, ke mema le ho qholotsa Basotho ho talima ka leihlo le nchocho, ka kelello e chatsi, le ka ’nete eohle, ’me ho se moea o mobe ho mang kapa mang, hore na qeto ea ho felisa mephato ea likereke ea koetliso ea matichere e ne e nepahetse kapa e fosahetse. Pelaelo ea ka e kholo ke hore tabeng ea thuto ‘nketjoane e shoetse mohloling’, ho latela bohlokoa ba koetliso ea matichere thutong ea naha. Ha ho Mosotho ea ka hanyetsang hore tichere e tsoang NTTC e fapane hole le e neng e tsoa Mephatong eane e supileng ea likereke. Taba-kholo ke hore na phetoho eo e molemong oa thuto ea Lesotho kapa che? Ke sa boetse ke siea taba ena molatsa hape le kajeno!
4. NTLAFATSO EA NAHA4.1 Batho ba neng ba se ba hlahile mahlo ka 1966 ha naha ena e fumana boipuso ba tla hopola hore na Lesotho le ne le le joang ka nako eo, ntlheng tse amang ntlafatso ea sechaba joaloka temo, litsela, bophelo, tikoloho, mesebetsi, joalo-joalo. Kajeno ha re hetla morao, re hopola boemo ba tikoloho, ’me re bo bapisa le ba kajeno re tsitsipanngoa ke khoholeli e tšosang. Lesotho la rona le fetoha lehoatata ka potlako e nyarosang. Joang, litlama le lifate tsa tlholeho, makhulo, mehloli ea linoka, le masimo – tsena tsohle li futuhetsoe le ho felisoa ka sekhahla le mabifi a hlollang. Basotho bane ba khale ba neng ba sa ruteha (kamoo re tloaetseng ho ba balolla kateng) ba ne ba sebelisa naha ena ho latela sebopeho sa eona: ka loting e ne e le mekhulong; mesikong ea lithaba e le metse; ’me mabalane moo ho oeleng e le masimo. Ho joang kajeno? Mobu oa temo o futuhetsoe, ho ahoa metse ho oona ka sefutho seo e kang hoa hlolisanoa hore na ba tla hapa khau ea ho o qeta pele ke bafe! Sekhahla sena seo mobu oa temo o hlasetsoeng ka sona se tšoana hantle le seo sechaba se atang ka sona. Potso ke hore na Basotho baheso ebe re tšepile eng, ha moloi eena a tšepa khoele? Re tla phelang joang re le Sechaba se sa lemeng, se sa iphepeng? Re lebetse joang maele a rona a reng: ‘Mphe-mphe ea lapisa, molekane, motho o khonoa ke sa ntlo ea hae’? Le a reng: ‘Ntja e fetoha lekhoba la ea e fepang’?
E le ka sepheo sa ho khina, ho thiba kapa ho phekhola phutuhelo ena, ’Muso o ile oa theha Komisi ea Lipatlisiso tabeng ea kabo le tšebeliso ea mobu. Komisi eo e bitsoang Komisi ea Ramolibeli (ho latela Molula-setulo oa eona Moahloli Mathealira Ramolibeli oa Lekhotla le Phahameng) e entse tlaleho e hloahloa, e fupereng likhothaletso tse ntle tse bontšang bophara le botebo ba liphuputso tsa eona. ’Muso o amohetse tlaleho eo e le tokomane ea oona ’me o ntse o rala leano le lecha la kabo le tšebeliso ea mobu oa Lesotho. Haufinyane Pampiri e Tšoeu (White Paper) e tla tsoa e fupere maikutlo a ’Muso tabeng ena ea bohlokoa, ’me e phephetsa maikutlo sechabeng ho lelekela Sešoantšo sa Molao oa Taolo ea Kabo le Tšebeliso ea Mobu. Leha basomi ba ka re re aha serobe phiri e s`e jele, re ka araba ka hore ‘Bese ha lea qhalana, le khaphatsehile feela’. Ke mema Mosotho e mong le e mong ea ratang ’mae hore a eme ka maoto ho pholosa ‘m’a rona, Lesotho, eo kheleke ea seroki, Dr J P Mohapeloa, h`a le roka a reng: ‘Sotho la rona, la Moshoeshoe Le bopiloe ke eena Ka merabe ea lichaba Lesotho le letle’.
4.2 Ntlheng ea litsela tse kopanyang libaka tsa Lesotho ’me li ntlafatsa le ho bebofatsa mekhoa ea ho tsamaea, ke lumela hore re tla ba ntsoe-leng hore katleho e kholo ruri ha ho bapisoa le moo re neng re le teng ka 1966. Hantle-ntle ke ’nete e bohloko eo ha re e supa e kang re tlontlolla Manyesemane, hore ho fihlela ka 1966 tsela ea letšoana Lesotho mona e ne e le bolelele ba likilomithara tse peli kapa tse tharo ha ho thoe e telele. E n`e tloha ka seteisheneng sa terene e fella mono moo e leng Poso e Kholo ea Maseru kajeno. E n`e sa le e etsoa ka 1947 ha King George VI a chaketse Lesotho mona, joale ho entsoe mochophoronyana oo moeti eo oa bohlokoa a neng a tla tsamaea ho ona!
Hang hoba re fumane boipuso, ’Muso oa Lesotho tlas`a boetapele ba Morena Leabua Jonathan oa kena morerong o moholo oa ho etsa tsela ea letšoana ho tloha Maseru ho ea Leribe ka Leboea, le ho ea Mafeteng ka Boroa. Ho feta moo oa etsa tsela e eang Roma. Lesokoana leo la ho etsa litsela tsa letšoana le ’nile la neheletsanoa ke mebuso ho fihlela kajeno ha ho setse litereke tse peli feela tse sa kopanngoang ka letšoana, e leng Qacha’s Nek le Thaba-Tseka ka Loting. Ho feta moo, ho entsoe marang-rang a letšoana literekeng tsa Berea, Leribe, Mafeteng le Maseru, ho fihlela kajeno ha re bula Mpilo Boulevard e imollang Kingsway tšubuhlellanong ea likoloi. Tlatsetso ea morero o moholo oa Metsi-a-Lihlaba tsa Lesotho khahong ea marang-rang a litsela e kholo ruri, ’me ea babatseha. Kaholimo ho litsela tsa letšoana, mebila ea thumane le eona e phunyelelitse ea ba ea honyella le Qacha eo ka boipuso e neng e sa hokahanngoa ho hang ka tsela le Quthing le mabalane. Ke ntse ke hopola ka hloko e kholo hore ka 1966 ha ke qala ho tsoa ka har`a Qacha ke e-tla Junifesithi mona Maseru ke ne ke tlamehe ho kena Matatiele ’me ka tsamaea ka RSA ho fihlela ke kena Tele Bridge, Quthing. Ha ho le joalo, ka kakaretso re ka ikotla sefuba re le sechaba hore re fihletse katleho e kholo, e khotsoang ke lichaba tse ling mona Africa tabeng ena ea litsela. Leha ho le joalo tšebetso e sa le kholo ruri e tšoanelang ho phethoa.
4.3 Ntlheng ea tikoloho le lihloliloeng, ke se ke boletse hore Sotho la rona le hlobotse ka mokhoa o hlabisang lihlong. Ha ke bua ka taba ena ke bile ke hopola thothokiso ea seroki sa Mosotho, Ntate Makara, e bitsoang ‘Na ‘M`a Bana ke utloa Bohloko’. Ka ho elelloa tlhobolo ena ea ’M`a rona, Lesotho, mebuso e fapakaneng e ’nile ea leka matšolo a temo ea meru ho leka ho apesa naha. Empa re tlamehang ho amohela hore katleho ha e ntle hakaalo fapheng lena. Mohlomong ke hobane ho ne ho lengoa lifate tsa balichaba, joale li sa atlehe hantle. Ke eleletsoe hore Lekala la Temo ka lekalana la meru le iphile kelello ea ho sekamela temong ea lifate tsa tlholeho tsa Lesotho tse kang cheche, tšinabele, mohloare, mokhoamphiri, mofifi, lesika, kolitšane, lelothoane le tse ling. Tšepo ke hore boinahano bona bo bocha bo tla re tsoalla katleho.
Ho feta moo, ’Muso o thehile joale lekala le ikemetseng la Tikoloho ka sepheo sa ho thula bothata bona ba tlhobolo le tšenyeho ea naha. Mohlomong kamoso e tla ba bohlale ho matlafatsa Lekala lena ka litsebi tsa Paballo ea Mobu (Department of Land Reclamation) le ntseng le le tlas`a Lekala la Temo; le hore Tikoloho e matahanngoe le Bohahlauli/Boeti bo Lekaleng le ikemetseng ha joale. Tlas`a Lekala lena la Tikoloho ’Muso o kene mererong e meholo ea paballo ea lihloliloeng tsa Loti le ntlafatso ea bophelo ba baahi ba libaka tseo. O mong ke Maloti/Drakensberg Transfrontier, e leng morero o kopanetsoeng le RSA ho sika ka Leboea-bochabela; athe o mong ke oa Biodiversity o nkang Loti la Mohale’s Hoek, Quthing le Qacha. Haufi mona, Paramente e tsoa fetisa Molao oa paballo ea tikoloho, e leng oona o ralang le ho theha Lekhotla la Naha le tlang ho ikarabella tsamaisong ea litaba tsa tikoloho.
Ke tšoanela ho fera, etsoe ho fihla moo ke omang mathe joale, athe ke ne ke itse ha ke na ho buoa ho fihlela ke oma mathe. Leha ho le joalo, ka boikokobetso bohle Ntate Motlotlehi le lona Sechaba sa heso ke rata ho supa hore, mesebetsing e meholo Lesotho mona re ka supa katleho ka liphatla tse phahameng. Morero o moholo oa metsi a lihlaba tsa Lesotho oo esaleng ho buuoa ka ona ho tloha mehleng ea puso ea Manyesemane, o neng o bitsoa morero oa nko-ea-khomo nakong eo, o ile oa phethahala boipusong ba Lesotho, ’me Lesotho kajeno le kotula litholoana tse hlabosang, ’me le tla ’ne le tsoele pele ho kotula litholoana tse hlabosang morerong oo, e le ka metsi le ka phehlo ea motlakase, esita le ka litsela le mesebetsi e meng eo morero oo o e fuparetseng naha ena. Ho setseng ke hore metsi ao a Lesotho a mangata, re bone hore le rona rea a bokella, re tle re tsebe ho a sebelisa temong, le tlhahisong ea lijo, ho fapana le ho emela mohla pula e nang empa Molimo o re file metsi, ’me lijalo, batho le liphoofolo li sa hloke pula empa li hloka metsi.
Ho feta moo re ka supa ka liphatla tse phahameng hore mesebetsi ea tlhahiso ea liphahlo le lisebelisoa tse ling tse romeloang linaheng tsa machaba, le eona e atile haholo, ’me Basotho ba bangata ba tšoarisitse matsoho moo, ’me ba phelisa malapa. Ho rona ha re keteka lilemo tsena tse 35 taba ea hore Basotho ba fumantšoe mesebetsi Lesotho mona e tšoanela hore e be ka sehloohong. Ke ’nete le linaha tse tsoetseng pele li ntse li romela batho ba tsona ho ea sebetsa linaheng tse ling, empa hoo ho etsahala ka boikhethelo empa e se ka tlameho. Rona banna le basali ba Basotho ba batla mosebetsi naheng ea boahelane ba se na boikhethelo; ke mpe ke re mphe-mphe ea lapisa molekane, motho o khonoa ke sa ntlo ea hae. Ha re romela batho kantle ho naha ho tloha joale, e tšoanela ho ba batho ba litsebo tse khethehileng, e seng ba lipotongoane feela, empa e be batho ba litsebo tse khethehileng, ba tlang ho tšoara mesebetsi e phahameng linaheng tseo ba sebetsang ho tsona, ’me e be likhomo tseo ba li sebetsang joale li shebisa manaka ka hae Lesotho.
Empa boipiletso ba ka boo ke ferang ka bona ka boikokobetso le bohlanka, ke hore ha re ntse re sebetsa joalo, ’me letsatsi lena le re fa monyetla oa ho ikana bocha, re be Sechaba se tšoanelang ho elelloa bohlokoa ba botsitso le khotso ka hare ho naha; ’me tseo li ka fihlela ho rona Basotho lipelong tsa rona ha re ka atisa khotso ho feta lehloeo. Khotso e nkele mafufa le lehloeo sebaka lipelong tsa rona, malapeng a rona, Mosotho ka mong, metseng ea rona le Sechabeng ka kakaretso.
Ho feta moo re be Sechaba se hlomphang molao, se ikokobelletsang molao. Hoa utloahala hore moo batho ba phelang teng khanyetsano e tla ba teng, ’me hoo makhotla a molao a ka bang a kopuoa ho kena lipakeng. Taba-kholo ha ho se ho le joalo, ke hore bohle re ithuteng ho hlompha likahlolo tsa makhotla le ho li ananela. Ha re hanyetsana le tsona, re sa khotsofale, tsela e nepahetseng ke ho li nkela boipiletso, e seng ho seolla makhotla a molao ka tsela e a hlokelang hlompho.
Re tšoanelang hore re le Sechaba, re keng re itlhatlhobeng, ’me ke ipiletsa ke le mohlanka, hore ntlheng ena Sechaba sa heso re tšoanelang ho ipha botho.
Mohlomphehi Motsamaisi, ke qetile, ’me kea leboha.
Khotso Sechaba sa heso!!! |
| Source: |