|
POLELO EA TONA-KHOLO MOHLOMPHEHI PAKALITHA B. MOSISILI, MP MABAPI LE HO THEHOA HA MOKHA OA BOHANYETSI KA PARAMENTENG
LABORARO
LA LA 17 MPHALANE, 2001 |
|
|
Maseru, |
MOHLOMPHEHI MOTSAMAISI OA LIPUISANO NTUMELLE KE ISE TLHOMPHO HO:
MOTLOTLEHI KHOSI LETSIE III LITHO TSE KHABANE TSA NTLO ENA EA BAKHETHOA SECHABA SA BASOTHO KA KAKARETSO BO-NTATE LE BOMMÉ
KE MOTLOTLO HAPE KAJENO HO BA LE MONYETLA ONA OA HO LUMELISA LE HO THOHOLETSA LONA KAOFELA SECHABA SA HESO HA LE NTSE LE PHELA ’ME LE THUSA HO PHELISA BA FOKOLANG. KE KA MATLA, TATAISO LE TŠIRELETSO EA RAMASELI, MONG’A BOPHELO, RE NTSENG RE PHELA, RE SEBELETSA NAHA EA RONA LE BOHLE BA PHELANG HO EONA, ESITA LE HO ITŠEBELETSA.
NALANENG EA NAHA EA RONA – LESOTHO LE LETLE – HO BA LE LIKETSAHALO TSE TLA FETOHA MEKOLOKOTOANE E FANG PALE EA LESOTHO LE BASOTHO SEBOPEHO KAPA TŠOBOTSI E ITSENG. TŠOBOTSI E JOALO E HLAKISA LE HO LOKOLISA NALANE EA LESOTHO. MAOBA LABOHLANO LA LA 12 MPHALANE, 2001 HO ILE HA ETSAHALA TABA E KHOLO MONA PARAMENTENG EA LESOTHO. MOHLOMPHEHI MOTSAMAISI OA LIPUISANO O ILE A PHATLALLETSA NTLO ENA E KHABANE LE SECHABA KA KAKARETSO HORE MOKHA O MOCHA OA LIPOLOTIKI O THEHILOE ’ME O NGOLISITSOE KA MOLAO. A HLAKISA HORE LEBITSO LA MOKHA KE ‘LEKHOTLA LA KH’ONKERESE LESOTHO’ (LESOTHO PEOPLE’S CONGRESS). LITHO TSE KHABANE ESITA LE SECHABA SE NENG SE MAMETSE, LE TLA HOPOLA HORE MOTSAMAISI OA LIPUISANO O ILE A MEMA LITHO TSE IKHETHELANG HO TŠELA LE MOKHA O MOCHA (TO CROSS THE FLOOR) HO ETSA JOALO. LITHO LI TLA HOPOLA HAPE LE KA HLOKO HORE BANNA BA HESO BA NKHAKANG KA MABITSO BA ILE BA FELA BA TŠELA. HOBA BA TSITSE LITULONG, LIPALO TSA BA TŠETSENG LE BA SETSENG LI ILE TSA PHATLALATSOA LI EME JOANA:
LESOTHO CONGRESS FOR DEMOCRACY (LCD) - 36 LESOTHO PEOPLE’S CONGRESS (LPC) - 27 BASOTHO NATIONAL PARTY (BNP) - 1
PHATLALATSO EO EA MOTSAMAISI E ILE EA SUPA HORE LITHO TSA NTLO TSE SIEO LI LESHOME LE MOTSO O MONG (11).
MOHLOMPHEHI MOTSAMAISI OA LIPUISANO LITHO TSE KHABANE TSA NTLO ENA
RE TLA HOPOLA HAPE HORE LITHO TSE ROBONG (9) LI BILE TENG MAOBANYANA MONA ’MANTAHA OA LA 15 MPHALANE ’ME LITHO TSEO KAOFELA TSA IKHETHELA HO SALA LEKHOTLENG LA HESO LA LESOTHO CONGRESS FOR DEMOCRACY. HONA HO BOLELA HORE LIPALO TSA LITHO MEKHENG E KA PARAMENTENG LI NE LI EME TJENA KA ’MANTAHA:
LESOTHO CONGRESS FOR DEMOCRACY (LCD) - 45 LESOTHO PEOPLE’S CONGRESS (LPC) - 27 BASOTHO NATIONAL PARTY (BNP) - 1
KE SUPE HORE KANTLE HO LITHO TSE HLANO (5) TSE SENG LI PHOMOTSE (’ME MEEA EA BONA E PHOMOLE KA KHOTSO), KE LITHO TSE PELI FEELA TSE SIEO LIPALONG TSENA, ’ME TUMELO EA KA E TIILENG E MPHA HORE LE TSONA LI TLA ’NE LI TŠEPAHALLE LEKHOTLA LA PUSO EA SECHABA KA SECHABA (LCD) HA LI KENA KA NTLONG ENA KA MOSO.
PELE KE FANA KA CHALIMO LE MAIKUTLO A KA MALEBANA LE KETSAHALO ENA, KE LAKATSA HO LE HOPOTSA HORE HA SE LA PELE NTHO EA MOFUTA ONA E ETSAHALA PARAMENTENG EA LESOTHO. MOHLOMONG HO HO CHA KE BONGATA BA LITHO TSE TŠELANG KHETLONG LENA. KE RIALO HOBANE BA NENG BA SE BA HLAHILE MAHLO BA TLA HOPOLA HORE PARAMENTENG EA PELE EA LESOTHO LE IPUSANG, EA 1965-70 HO NE HO THEHOE MOKHA O MOCHA OA BASOTHO DEMOCRATIC PARTY (BDP) - O NENG O TLOAETSOE HO BITSOA KA HORE KE ‘MALAUOA-KHOTLA’ - KA PARAMENTENG HA BENGHALI C.D. MOFELI LE A. MABULA BA TABOHA HO BCP. HO FETA MOO, HONA PARAMENTENG EO EA PELE, BENGHALI SETENANE MAPHELEBA LE THABO MOKOTSO BA MFP BA TŠELELA HO BNP E NENG E BUSA!
LITHO TSE KHABANE LI TLA HOPOLA HAPE HORE KA 1997 ,LCD E ILE EA THEHOA HONA KA PARAMENTENG ’ME TONA-KHOLO, DR NTSU MOKHEHLE (MOEA OA HAE O PHOMOLE KA KHOTSO), A TSOELA PELE KA PUSO LEHA A TSOILE HO BCP HOBANE A NE A NTSE A TŠEHETSOA KE BONGATA BA LITHO. KA BOMALIMABE, KHETLONG LEO, BCP E NENG E FETOHILE BOHANYETSI KA LIPALO EA HANA HO NKA LEHLAKORE LE E TŠOANELANG LA BOHANYETSI.
HA HO LE JOALO, KETSAHALO ENA EA MAOBA HA SE MOHLOLO. HANTLE-NTLE PARAMENTENG TSE THARO TSE KHETHILOENG KE SECHABA HO ’NILE HA E-BA JOALO. PHAPANO E MPA E LE LIPALONG TSEO HO TŠELOANG KA TSONA FEELA, LE HORE KHETLONG LENA HO TŠELA LITHO TSA MOKHA O BUSANG, LI FETOHA BOHANYETSI!
KE LAKATSA JOALE HO FANA KA CHALIMO LE MAIKUTLO A KA MALEBANA LE KETSAHALO ENA EA MAOBA.
(i) NTLHA EA PELE EA BOHLOKOA HAHOLO BOPHELONG BA PUSO EA SECHABA KA SECHABA KE BOIKHETHELO. PUSONG EA SECHABA KA SECHABA E NTSENG E TIEA METSO MONA LESOTHO, HO KHETHA TSELA E LE ’NGOE HO TSE PELI KAPA HO FETA KE TOKELO E KHOLO, TOKELO EA MANTLHA HO E MONG LE E MONG OA RONA. KA HO HLAKA HE, KETSAHALO ENA E TSOETSENG LPC KE KETSAHALO EA BOIKHETHELO, ETSOE MOEA O FOKELA MOO O RATANG!
(ii) NTLHA EA BOBELI KE HORE BOHANYETSI PARAMENTENG EFE KAPA EFE KE NOSETSO KHOLONG EA PUSO EA SECHABA KA SECHABA. KA LEBAKA LENA, HO THEHOA HA MOKHA ONA O MOCHA OA BOHANYETSI KA NTLONG ENA HO TLA BAKA HORE MOKHA OA HESO OA LCD O TLOKOME LE HO FETA MAOBANE ’ME O BE CHATSI HAHOLO BOSEBELETSING LE NTŠETSONGPELE EA NAHA EA RONA LE SECHABA SA EONA.
(iii) NTLHA EA BORARO KE HORE SEBOPEHO SENA SE SECHA SA PARAMENTE KE KHOPOTSO E MATLA EA BOROMUOA BA SETHO KA SENG. KA LEBAKA LENA, RE LOKELA HO IPOTSA KA BO-MONG LE KA BONGATA ESITA LE MOKHA KA MOKHA HORE:
· NA RE NTSE RE LE MAQOSA A SECHABA SE RE KHETHILENG?
· NA RE NTSE RE LE SEBETE HO KHUTLELA SECHABENG HO EA OKHA TAO LE TAOLO TSE NCHA?
· NA RE NTSE RE LE SEBETE HO KHUTLELA MABATOOENG A RONA HO ISA LITLALEHO HO BA RE KHETHILENG, BA RE ROMILENG, HORE MOSEBETSI O NTSE O EA JOANG?
KE BEA LIPOTSO TSENA E LE FEELA KHOPOTSO LE QHOLOTSO HO LITHO KAOFELA TSA NTLO ENA E KHABANE, E SENG E AKHA MEKHA E MERARO KAJENO!
MOHLOMPHEHI MOTSAMAISI LITHO TSE KHABANE
NTUMELLENG KE FERE PUO EA KA KA HO LE MEMA HO AMOHELA HORE LESOTHO LA RONA KAJENO, LESOTHO LA BANA BA RONA KAMOSO, LE HLOKA TSE LATELANG LE TIILE:
· LESOTHO LE HLOKA BANNA LE BASALI BA TLA PHELA LE HO PHELELA ’NETE ’ME ’NETE FEELA, E SENG BATHO BA TLA ITHOKA LE HO TLAELA KA EONA.
· LESOTHO LE HLOKA BANNA LE BASALI BA BOULELANG LE HO SIRELETSA TOKA, E LE HORE TLATLAPO LE MASENE A QHEKELLO LI BE SIEO BOPHELONG BA RONA.
· LESOTHO LE HLOKA BOTSITSO LE KHOTSO, KHAITSELI EA MOSHOESHOE, E LE HORE MERERO EA NTŠETSOPELE LE KHOLISO EA MORUO E TLE E ATLEHE, E TSOALLE SECHABA SA RONA MOLEMO LE BOIKETLO BOPHELONG.
· PARAMENTE ENA EA LESOTHO E HLOKA HO FUOA LE HO MATLAFALETSOA SERITI, TLHOMPHO LE TLHOMPHANO HAR’A LITHO; ’ME LITŠIA TSENA TSA PUSO EA SECHABA, LITŠIA TSA LIPUISANO TSE AHANG PARAMENTENG ENA E KHABANE LI KA HLONGOA LE HO TIISOA KE LONA LITHO KA KOTLOLOHO. NTLHENG ENA HAPE BOIKHETHELO KE BA MOTHO KA MONG ESITA LE MOKHA KA MOKHA.
· PARAMENTE ENA EA LESOTHO E HLOKA LITHO TSE HLAKETSOENG HORE SECHABA KE POHO, ETSOE LENTSOE LA SECHABA E LE LENTSOE LA MOLIMO. KA HONA LITHO KA BOMONG LE KA BONGATA LI SE KENE MOLEKONG OA HO LEBALA HORE KAOFELA RE BAROMUOA, MATLA A RONA A LOKELA HO KOLLA SECHABENG, ‘ME HA RE ETSA LIQETO RE LI ETSE RE HLAKILE HORE LI LOKELA HO KOLLA HO BA RE ROMILENG. HO FETA TSOHLE, RE ELELLOENG HLE HORE LIKHETHO LI SE LI LE HAUFI ’ME MOHLA LI LAOLOANG NAHENG EOHLE EA RONA, HO TLA CHA KHONG HO SALE MOLORA! EA SE NANG SEKAJA ’MA’E A TELE!
LITHO TSE KHABANE TSA MOKHA OA BOHANYETSI, LEBITSONG LA MOKHA OA HESO, KE LE LAKALETSA KATLEHO NAKONG ENA E KHUTŠOANE E LE SALETSENG PARAMENTENG ENA. E-BANG MOKHA OA BOHANYETSI O AHANG, E SENG O HELETSANG. LONA ’MOHO LE MOKHA OA HESO RE AHENG PUSO EA SECHABA KA SECHABA HOBANE KE EONA FEELA TŠEPO EA LESOTHO. E-EANG KA KHOTSO BANNA BAHESO, ETSOE HO EA KA MAKHORO HA SE HO TSOANA, EMPA KE HO BOLOKA KHOTSO. SECHABA KE SONA SE TLANG HO AHLOLA PAKENG TSA RONA LE LONA, ’ME SONA KE MOAHLOLI EA SA FOSENG!
BOHLE RE KE RE BEHENG LESOTHO LE BASOTHO PELE! RE HOPOLENG HORE RE TŠEPO EA SECHABA SA BASOTHO. RE KHAOTSENG HO TIMA BASOTHO TŠEPO. RE KE RE FENG PUSO EA SECHABA KA SECHABA MONYETLA OA HO HOLA LE HO ATLEHELA LESOTHO LE BASOTHO.
LONA LITHO TSE KHABANE TSA LCD, KE THOHOLETSA LE HO LEBOHA BOTŠEPEHI BA LONA, E SENG HO ’NA HA KAALO, EMPA HAHOLO-HOLO HO LITHO TSA LEKHOTLA LA RONA, LE HO SECHABA SA BASOTHO KA KAKARETSO. RE KE RE BINENG LE MOROKI EA RENG:
‘TIISETSANG JESU KE ENOA O RE KEA TLA MO ARABENG LE RE THUSA RE TLA TIISETSA’.
KEA LEBOHA
KHOTSO! PULA!! NALA!!! |
| SOURCE: OFFICE OF THE PRIME MINISTER - 17 OCTOBER, 2001 |