MOLAETSA OA CHRISTMAS KA LETONA LA MESEBETSI EA SECHABA LE LIPALANGOANG - MOHLOMPHEHI MOFELEHETSI MOERANE

Maseru

 SECHABA SA HESO

BASEBELISE BA LIPALANGOANG

BANA BOHLE

BO'M'E LE BO NTATE

RE BOETSE RE FIHLILE NAKONG E MONA EA SELEMO EO RE KETEKELANG TSOALO EA MORENA OA RONA JESU CHRIST.  NAKO EA LITEBOHO HO TSEO MORENA A RE PUTSITSENG KA TSONA SELEMONG SENA, NAKO EA BOITEKOL0, BOITLHATLHOBO LE HO IPHUMANA HORE NA SELEMONG SENA RE FIHLETSE SEO RE NENG RE ITHERISELITSE HO SE ETSA, HO SHEBA TSE NTLE TSEO RE LI FIHLETSENG ,TSEO RE HLOLOHILENG HO LI-FIHLELA; 'ME RE KHUTLELE MORAO HO ETSA KHOMO ESO MPHE MATLA ELE HORE RE QALE SELEMO SE SECHA KA MAFOLOFOLO LE SEPHEO SE SECHA .

NAKO ENA EA SELEMO KE NAKO EA MONYAKA EA LIKOPANO TSA MALAPA LE METSOALLE, KE NAKO EA HO EA RAPELA LE HO LEBOHA MORENA KA LIMPHO TSE MOLEMO TSEO A RE FILENG TSONA LE MAHLONONOLO MESEBETSING EA RONA, E LE HORE LINTHO TSENA TSE MOLEMONG, LEBITSONG LA 'MOPI OA RONA LE SEMELONG SA RONA RE LE BA-CHRIST LI PHETHEHE. HA NGATA RE TLAMEHA HO NKA MAETO HO TLOKA MALAPENG A RONA LE LIBAKENG TSEO RE LULANG HO TSONA. HO PHETHAHATSA LINTHO TSENA TSA TLHOLEHO LE TLOAELO RE TLAMEHA HO SEBELISA  LIPALANGOANG.

SECHABA SA HESO

RONA BA LEKALA LA LIPALANGOANG RE BEHILE KA MAHLAKORE OHLE MAPOLESA A TLANG HO THUSA HORE NAKO ENA EA TEBOHO, EA MOKETE, EA MONYAKA EA LITHAPELO E PHETHAHALE HO SE LILLO LE MASISA PELO HO MALAPA A MANG. LE HA HOLE JOALO KE BATLA HORE KE IPILETSE HO LONA HORE KATLEHO EA SEPHEO SENA E ITS'ETLEHILE HO LONA SECHABA SA RANTS0. TSEHETSO LE TSEBELISANO 'MOHO LE LONA KE EONA TS'IEA EA KATLEHO EA SEPHEO SENA SA LEKALA LA HESO. KA HONA KE KOPA TSEBELISANO 'MOHO LE BASEBELETSI BA LONA BA SEPHETHE-PHETHE.

KE LE TSEBISA KA HORE RE TLA BE RE LE HOHLE KAHARA NAHA MEBILENG EA RONA KA SEPHEO SE LE SENG, ELENG HO THUSA BASEBELISE BA TSELA HORE BA PHETHE MABAKA A BONA NTLE LE TS'ITISO EA LETHO 'ME LE TENG BA PHETHE SEO KA NAKO.

LITABA TSE LATELANG LI TLA SEBETSOA KA THATA HO ITS'ETLEHILOE KA MOLAO:-

1. TAI TSELENG E TLA NKUOA E LE TLOLO E KHOLO HAHOLO EA MOLAO EO MOTHO EA FUMANOANG A

LE TLASA EONA A TLANG HO KOALLOA HANG-HANG HOFIHLELA MATSATSI A CHRISTMAS A FETILE.

2. SEKHAHLA SA LEBELO (SPEED LIMIT) SE TALINGOA KA THATA HAHOLO, 'ME BATLOLI BA MOLAO ONA BA TLA NKELOA LIPALANGOANG HO EA POLOKONG HO FIHLELA MATSATSI A CHRISTMAS A FETILE.

3. TABA EA OVERLOAND HA ENA H0 MAMELLOA, MAKOLOI A FUMANOANG A ETSA KETSO ENA A TLA BOLOKOA HO FIHLELA HOLIDAY E FETILE.

4. BATHO BA KHANNANG BA SENA MANGOLO A HO QHOBA BA  TJAMETSOE KE CHANKANE

5. MAKOLOI A SA LOKELENG TSELA A BATLETSOE MOO A TLANG HO BOLOKOA TENG HANG-HANG.

 

SECHABA SA HESO

BASEBELISE BA TSELA,

RE TLA SEBETSA RE LE THIMI LE BO-RAMAKOLOI BA BOITHATELO BO BOTLE HO TSAMAISA SECHABA KA NAKO 'ME KA BOIKETLO.

SEPOLESA SA SEPHETHE-PHETHE SE SE SE KOPANE LE BOHLE BA NANG LE THAHASELLO LITABENG TSENA 'ME'TUMELLANO E FIHLETSOE HORE NA TS'EBETSO E BE JOANG.

RE KHOTHALETSA BO-RAMAKOLOI BOPHARA BA NAHA HO KOPANA LE SEPOLESA SA SEPHETHE- PHETHE E LE HO KENELLA MORALONG OA TS'EBETSO. MOSOTHO 0 NE A BOLELA HA A RE NTJA PELI HA E HLOLOE KE SEBATA, ETSOE BANA BA MONNA BA NTS'A SEBATA LEFARUNG.

KE BATLA HO NTS'ETSA PUO ENA EAKA PELE KA HORE HA RE KOPANTSE MATSOHO LE BENG BA LIPALANGOANG, BAPALAMI, LE BA LAOLANG SEPHETHE-PHETHE HA HO LETHO LE KA RE SITISANG HORE SELEMO SENA EBE LIKOTSI LI 'NYANE HO FETA TSOHLE.

HA RE KENENG NGOAHENG 0 MOCHA HO SENA KOTSI EA LETHO MEBILENG EA RONA.

KE LE LAKALETSA KETEKELO E MOFUTHU LETSATSI LA TSOALO EA MORENA, LE SELEMO SE SECHA SE TLETSENG MAHLOHONOLO LE TSOELOPELE.

HOPOLANG "HO QHOBA KOLOI LE TAI HA LI KOPANE", HA U SE U NOELE MOTHAMAHANE TLOHELA KOLOI HO QOBA  LEFU.

KHOTSO  PULA  NALA!

  Source : Ministry of Public Works and Transport