|
MOLAETSA OA KERESEMESE EA SELEMO SA 2000 KA MOHLOMPHEHI TONA-KHOLO, MONGHALI PAKALITHA MOSISILI HO SECHABA SA BASOTHO. |
|
| Maseru |
Sechaba sa heso, kea le lumelisa! Re fihlileng joale mafelong a selemo le qalehong ea se secha. Re lokelang ke hona he ho boka le bo rorisa Molimo ka bophelo le limpho tsohle tseo a re fileng tsona ho fihlela motsotsong ona. Re mo leboheng ka ho re tataisa ka letsoho le mohau. Joaloka ha bohle re tseba, nako ena ke ea thabo le nyakallo. Ke nako ea kopano e matla ea malapa, ea metsoalle, nako ea chakelano le ho thaba ‘moho metseng le metsaneng ea rona, Lesotho lohle esita le lefats’eng la Bolumeli ho Jesu Kreste. Nakong ena re hopola le ho thabela tsoalo ea Morena oa rona Jesu Kreste, Mopholosi oa batho. Ka bomalimabe nako ena e-ee e fetohe nako ea masoabi ha feela re se chatsi ho baballana. Re lokelang ke hona ho ba hlokolosi nthong tsohle le ka nako tsohle esita le ho ipaballa e le hore re tle re pheme likotsi, haholo tsa mebileng le tsa bosholu ba likhoka bo atisang ho tota nakong ena ea Keresemese. Ka ho fetisisa, nako ena ke nako ea boitlhatlhobo, ea ho hetla morao ka sepheho sa ho lekola tema eo re e khathileng le ho hlahloba mathata ao re teaneng le ‘ona lemong sena se kolumelang e le hore se secha ha se fihla, se fumane re itlhophile re se re e-na le tharollo ea mathata ao re seng re ile ra thulana le ‘ona. Re tla hopola hore rona Lesotho mona esita le lefats’eng ka kakaretso re kene Selemong sa Likete tse Peli ka matsoalo hobane balepi ba ne ba lupa hore lintho tse ngata tse kang mechini e tlanyang ( Computers ), Lifofane, Lifono-fono le tse ling li tla ba le bothata, li sitoe ho sebetsa hantle, bothata bo neng bo bitsoa “Y2K”; ha bang ba ne ba lohotha hore lefats’e le ea ho feleng. Leha ho le joalo, rea elelloa hore re tsebile ho feta mathateng ao a neng a lohothoa le ho lepjoa. Leha hangata ho se monate hore e be re ntse re khutlela nthong tse fetileng, haholo-holo tse bohloko, empa re lokelang ho etsa joalo e le ho tseba moo re tsoang teng maobane, moo re leng teng kajeno, esita le moo re eang teng kamoso. Lietsahala tse soto tsa 1998 li siile letheba le ke keng la hlakoha nalaneng ea Lesotho. Leha ho le joalo, ‘Muso oa lona o lekile ‘me o ntse o tsoelapele ho leka maoa le maoala ‘ohle hore Lesotho la rona le qetelle le re natefela bohle, re phela ‘me re phelisana ka khotso ea ‘nete, e seng ea mabele. Khotso le botsitso tseo re phetseng ka tsona lemong sena li re ruisitse molemo o moholo, o bonoang ka mahlo. Motse-Moholo oa Lesotho, Maseru, ka mor’a ho oeloa ke leru le lets’o – lets’o, ke ona re ea o bona, o ntlafala ka meaho e metle le litsela tsa maemo a phahameng, a sejoale-joale. Ts’ebetso ea ho aha marokho a litaaso, a khaohanyang mebila e meholo, ‘me a reretsoeng ho baballa maphelo a litaaso, ke eo e hatetse pele haholo, ‘me ke ntlafatso e bonoang le ke tsipa-sehole. Ka tsela e ts’oanang, metse ea Mafeteng le Mohale’s Hoek e phahame moloreng oa ho chesoa ke letsoho la ngoan’a Mosotho. ’Me ha se litoropong feela moo litsela li etsoang. Ho potoloha Lesotho lena, Basotho, ka tlatsetso ea ‘Muso oa bona, ba tsoile lets’olo ho etsa litsela, e le hore maeto a bona a be bobebe ‘me le metse ea bona e ntlafale. Bo – ramatsete le bona ba boetse ba khahloa ke Lesotho, ‘me re bona keketseho ea mesebetsi e meholo, e tholang Basotho ka bongata. Katleho linthong tsena kaofela e tlisoa ke ho ts’oarana ka matsoho, ho phela le ho phelisana ka khotso. Ho ts’oarana ka matsoho ho anetsa khotso Sothong la rona. Khotso ena e boetse ea bonahala ka phokotseho e kholo mefere-fereng ea basebetsi, e mona e bitsoang literaeke. Re thoholetsa ke hona basebetsi le bo-ramesebetsi ka ho rarolla mathata ka lipuisano tsa khotso. Batho ba bang ha selemo se fela, joaloka ha se fela tjena, ba ee ba etse boitlamo ba ho tlohela lintho tse ngata, tseo ba neng ba tloaetse ho li etsa, haholo – holo tse sa hlokahaleng. E mong o tla re “selemong se tlang ha ke na ho tsoela pele ho tsuba koae”, ha e mong eena a re “ selemong se tlang sena ke ikemiselitse ho tlohela hore khotso e lukehe ka lapeng la ka”, athe e mong o tla ikana ho phela bophelo bo hloekileng, bo sa laoloeng ke tai le lithethefatsi. Le rona re le Basotho re lokelang ho ts’oaranang ka matsoho re etse boitlamo ba hore lemong sena, seo re se qalang kamoso, re tla sebeletsa khotso, botsitso, toka, ‘nete, poelano, tsoelo-pele esita le ho aha e seng ho heletsa. Tsena tsohle re lokelang ho li etsa ‘moho ho sa tsotellehe lits’ekamelo tsa rona tsa lipolotiki, tsa tumelo esita le tse ling, hobane Lesotho lena ke la rona bohle, ‘me ke boikarabello ba rona ho bona hore re le nts’etsa pele. ’Muso oa lona o ts’oere ka thata ho fenya mathata ana a tjametseng sechaba sa ha bo–rona, a kang bofuma, tlala, tlhokahalo ea mesebetsi le a mang. Empa ‘Muso ka bo–oona o ke ke oa tseba ho fenya mathata kaofela le hantle ha feela sechaba, bo – ramesebetsi e meholo, bo – rakhoebo, bo – ramatsete le bohle ba sa eme ka maoto ho e hlanaka. Ke ka hona re reng a re ts’oaraneng ka matsoho sechaba sa heso hobane lets’oele le beta poho. Bothata bo bong bo boholo boo re tobaneng le bona morao tjena ke bona ba Mokakallane oa Setlabocha (HIV/AIDS). Taba ena ea lefu lena e ts’oentse lefats’e ka kakaretso ‘me ke kholumo-lumo e tla re metsa re le Sechaba haeba re sa itlhokomele. Bohloko ba AIDS ke hore ebe ha e na pheko. Ka hona, ke boikarabello ba rona ho loanela ho hlola lefu lena. Maobane ana a mats’onyana, ke ne ke fihla ho tsoa naheng ea Jeremane, moo har’a tse ling, ke kopaneng le Baokameli ba K’hamphane ea moo e etsang litlhare. Ba nts’episitse ho re thakela ka setlhare se thibelang hore ‘me ea ithoetseng a ts’oaetse lesea la hae lefu lena. Re tla boka ha li oroha. Ho sa le joalo, ba-bacha ba ts’oanela ho ila thobalano; ha batho ba baholo bona ba ts’oanela ho itlhompha ka ho ts’epahala ho molekane a le mong. Ha re ka ra etsa joalo, ‘me ra ts’oaranang ka matsoho, ra bang ntsoe-leng, re tla atlehang ho hlola boloetse bona. Ho feta moo, re ts’oanelang ho itloaetsa ho etsa litlhatlhobo tsa mali ka sepheho sa ho etsa bonnete ba hore kokoana-hloko ea lefu lena ha e’o ho rona. Taba e ‘ngoe ea bohlokoa ke hore, batho ba seng ba e-na le boloetse bona ba hloka tlhokomelo le kutloelo-bohloko ho rona ba ntseng ba phetse hantle. A re se keng ra ba nena, etsoe re tseba hore na lefu lena le ts’oaetsana ka litsela life. Ha re ka ra hlokomela batho ba nang le boloetse bona, re tla ba thusa ho phela nako e telele hobane ba tla ikamohela ‘me ba itlhokomele. Mosotho o ee a re “u se ke oa ts’eha motho e mong ha a le mathateng hobane hosesane e tla be e le uena” ; e tsoe mots’eha – lefuma o’a ipiletsa. Rea elelloa bohle hore selemo sena se tlang ke seo ho tlang ho ts’oara likhetho mona Lesotho. Boipiletso ba ‘Muso oa lona ke hore, re itokisetseng ho ea Likhethong hantle, ‘me re ikemisetseng ho sebeletsa khotso ea ‘nete pele ho Likhetho, ka nako ea Likhetho, le ka morao ho Likhetho. Joaloka mehla, ha re hopoleng hore sechaba ke poho, ‘me lentsoe la sechaba ke lentsoe la Molimo. A re ikemisetseng bohle ho sekehela tsebe le ho amohela hore lentsoe la sechaba le lokela ho ananeloa ke bohle le ho aheloa lesaka, ‘me ha sechaba se buile ebe le lumme. Ke ts’epo le tebello ea ka hore litokiso tsohle tse lokelang ho etsoa, li tla etsoa ka nako le ka makhethe, e le hore Likhetho e tle e be tsa bolokolohi, ponaletso, toka le khotso. Ha sena se ka etsahala, botsitso ba ‘nete re tla bo fihlela, re khaotseng ho bona mookoli. Basotho ba heso, a re ts’oaraneng ka matsoho ho loants’a litlolo tsa molao tse bonahalang li jele setsi naheng ea rona. Re lokelang ho ema ka maoto, haholo nakong ena ea Keresemese, ho loants’a ka matla ts’ebeliso ea likhoka, bosholu, peto, ho phamolelana lipache, ho hlaselana esita le tse ling litlolo tsa molao tse atisang ho phahama nakong ena. A re nkeng maeto a rona e sa le nako e le ho phema ts’ubuhlellano e qetellang ka ho baka likotsi mebileng. Baqhobi, e – bang hlokolosi ka linako tsohle ‘me le qobe tai le lithethefatsi ha le ntse le khannela baeti. Litaaso le tsona li lokela ho ba hlokolosi ha li ts’ela mebileng. A re ithabiseng hantle, ka makhethe, le ka tekano nakong ena ea mekete, ea boithabiso le kopano ea malapa. Ke qetella ka ho le lakaletsa bohle – bohle Keresemese e Monate, le Selemo se Secha e be sa Mahlohonolo le Katleho ho bohle. Ramaseli a re baballeng bohle; a re feng chebelo – pele, pelo e nolo, e le ho baballa bohle bao bophelo le bokamoso ba bona bo leng boikarabellong ba rona. Re ketekeng ka thabo, re itokisetseng ho simolla Selemo se Secha, le ho thakhola lemo se qalang ngoaha–kholo e ncha ka matla le mafolo–folo. KHOTSO!
PULA!!
NALA!!! |
| Source : |