Home Feedback Search Sitemap
Today:
 
About Lesotho  Tourism Economy Education Health

  Related Links

LESOTHO GOV'T ONLINE
Arms of State
Government Ministries
King's Office
Prime Ministers Office
Statutory Bodies
Government Documents
Important Documents
Lesotho News
 
 LESOTHO NEWS
 

Polelo ea Mohlomphehi Tonakholo ka Paramenteng mabapi le ketekelo ea letsatsi la boipuso ba Lesotho

Motsamaisi oa Lipuisano

Litho tse Khabane,

Ke leboha sebaka seo u mphang sona ho fetisa liteboho le lithoholetso ho Ntlo ena e Khabane le ho sechaba sohle sa Basotho, lebitsong la Motlotlehi le ’Muso oa hae, ka mosebetsi o babatsehang oo re sa tsoa feta har’a ona, oa ketekelo ea lilemo tse mashome a mane tsa boipuso naheng ea rona, e leng la 4 Mphalane, 2006.

Joaloka ha litho tse khabane li tseba, mosebetsi ona o ne o hlophiselitsoe ho nka matsatsi a mane, ka methati e fapakaneng, e kenyeletsang ho khantšoa hoa lebone la boipuso ka Mohlomphehi Motlatsi oa Tona-kholo; temo ea lifate tsa mohloare ka Motlotlehi Letsie III le ’na; menyakoe ka liphoofolo le peiso ea lipere; mokete oa ’mino oa bacha; ’moka oa litaba tsa molao le tsa moruo oa naha ea Lesotho; ho thakholoa ha Tokomane ea Chebelo-pele ea Sechaba sa Basotho ea 2020 (Vision 2020) ke Motlotlehi Rabasotho; ho phahamisoa ha Folakha e Ncha ea Naha; mekhabo ka ho qhomisoa ha li-“fire works”; litšebeletso tsa letsatsi la la 4 Mphalane lebaleng la Setsoto, tseo e bileng sehlohlolo sa ketekelo ena. Litšebeletso tseo tsa letsatsi la boipuso tsona li ile tsa khaba ka mekoloko ea litereke ka meaparo e metle e ikhethang ea setereke ka seng; lihlopha tsa ’mino le menyakoe tse emetseng litereke ka ho fapana; mekoloko le menyakoe ka sesole sa Lesotho; lipuo ka Tona-Kholo; le President Mogae oa Botswana bitsong la lihlooho tsa linaha, le ka Motlotlehi Khosi. Rea tseba bohle hore mokete ke mokete ka lijo. Ka hona, lijo e bile matletse-tletse bakeng sa bohle ba tlileng moketeng; le lijo tsa mantsiboea bakeng sa baeti ba bohlokoa lapeng ha Motlotlehi, tse ileng tsa tsamaea le kabo ea likhau ho ba neng ba thonyelitsoe hona.

Har’a litšebeletso tsena tsohle, ke rata ho qoholla phahamiso ea Folakha e Ncha ea Naha. Ka tsela e ikhethang ke leboha Litho tse Khabane tsa Paramente ea Lesotho, ka matlo a eona a mabeli, ka ho fetisa Setšoantšo sa Molao oa Folakha ka bongata bo tšoanelang. Lona bohle ba kentseng letsoho ketsahalong eo e tlotlehang, e etsang pale, le bile lehlohonolo ruri; ’me kea le lebohela. ’Na ha kea ba le lehlohonolo leo ka Ntlong ena, leha che ke bile le kabelo khethong ea mapomelo ea Folakha e Ncha ea Lesotho. Ka mokhoa o tšoanang ke leboha le ho lebohela sechaba se ileng sa kenya letsoho khethong ena ha se ne se batloa maikutlo. Mohlomong nako e fihlile joale ea hore re inahaneleng ho tinkeletsa temana ea Molao oa Motheo e laolang mokhoa oa ho fetisa molao oa folakha ea naha, ka hore o fetisoe ke bobeli borarong ka matlong a mabeli, esita le potso sechabeng.

Motsamaisi oa Lipuisano,

Litho tse Khabane le lona Sechaba sa heso,

Le lipaki hore ruri tšebetso eohle e tsamaile ka makhethe le ka tsela e babatsehang litsing tsohle, ho tloha letsatsing la pele la mokete ho isa pheletsong ea oona. Khele! oa e-ba motle moaparo oa Basotho, tsa e-ba ntle likobo ha li aperoe ke lihlopha tsa litereke ka mebala-bala ea tsona le ka boqhoele bohle. Ba bang ba baeti ba rona ba Maswati ha esale ba khotsa botle bona, ba baba ikemisetsa hore ba tla tloha mona ba

fumane likobo tseo. Ha rea ba soetsa, re ile ra ba thusa ho li fumana, ba tloha ba thabile ruri. Ke ipotsa feela hore na ba tla fela ba li apare, naha ea bona e chesa hakana!

Bohle re tla hopola hore boitokisetsong ba ketekelo ena, re ile ra mema le ho ipiletsa ho sechaba sohle sa Basotho ho tla ka bongata, le ho kenya letsoho moketeng ona oa bohlokoa ka tsohle tse ka o atlehisang, bahoebi, likolo, likereke, mekhatlo le batho ka bomong. Lebaka-baka e ne e le hobane Boipuso ba Lesotho, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano le Litho tse Khabane, boipuso ba naha, bo phahametse likarohano har’a sechaba ka mefuta ea tsona; haholo-holo bo phahametse lipolotiki tsa mekha.

Ka hona, bahlomphehi ba ka, ke fetisa, lebitsong la Motlotlehi le ’Muso, liteboho tse tsoang botebong ba pelo ea ka, ho bohle ba kentseng letsoho tšebetsong ena, ka bomong le ka lihlopha, le ho sechaba sohle sa Basotho se tlileng ka bongata bo hlollang. Re ketekile ka thabo, ka khotso le ka lerato. Ra ba moea o mong; ra ba ntsoe-leng; ra ipopa, ra iketsa ngatana-’ngoe; ra ba bana ba monna; ra ba chabana sa khomo. Ruri kea leboha. A e ke e be ke eona tsela eo re tlang ho sebetsa litaba tsohle tsa bohlokoa tsa naha ena ea rona, molemong oa sechaba sohle sa Basotho.

Ke leboha likomiti le likomitjana tsohle tse hlophiselitseng ketekelo ena, marena, sechaba, bahlanka bohle ba sechaba, bahlanka ba tšireletso, sepolesa le mautloela, ba tsa bophelo, lihotele le bohle ba re thenthileng ka lijo le lino, ba hloekisang, baqhobi le bohle mesebetsing ea bona e fapakaneng. Lihlopha

tse fapakaneng tsa lipina, menyakoe esita le ea liphoofolo. Bao bohle ba entse mosebetsi o motle, o babatsehang, o tsoileng matsoho. Le tlotlisitse naha ea lona, la bontša lefatše hore le chabana sa khomo, le batho ba khotso. Efela ngoan’a khotso ha a lebale tsa khotso”.

Motsamaisi oa Lipuisano,

Litho tse Khabane,

O fetile mokete, lilemo tse mashome a mane re li qetile. Empa thota e sa namme ka pele ho rona. Ka hona, ke tšoanelo ea Mosotho e mong le e mong, haholo rona Litho tse Khabane, rona re tšepetsoeng boetapele ba sechaba sena, hore re ke re tebiseng maikutlo, re ipotseng hore re eang pele joang. Re ntšetsang pele joang tse ntle tseo re li fihletseng ka lilemo tsena tse mashome a mane, le ho furalla tse mpe tse khinneng tsoelopele ea rona. Ka holimo ho tsohle, a re beng le boikokobetso, re hopoleng hore re bahlanka feela, ’me mohlanka ha a moholo ho ea mo romileng. A re ithuteng ka liketso le lipolelo tsa bohlale tsa Morena Moshoeshoe oa Pele, Mothehi oa sechaba sena. O kile a bua le bao a ba busang a re:

            “After all we are but your servants; men are born and die in the same manner, be they      high or low; if there are some who are entitled to obedience, they derive this right from their fellows, who will it for the welfare of all”. Moshoeshoe (1851).

Ke fera polelo ena ka ho leboha ka tsela e khethehileng le ka boikokobetso, Batlotlehi Rabasotho Khosi Letsie la Boraro le ’M’a-Basotho ’Mè ’Masenate, ka ho ba le rona litšebeletsong tsohle le ho amohela baeti lijong, lapeng. Rea leboha ruri. E ’ne e sise, re je khethe, ho fapana le ho anya masokotso naheng ea rona.

Molimo o boloke Lesotho le Basotho!

 


SOURCE: LENA

 
© Ministry of Communications, Science and Technology

Design and Maintenance by CBS