MOLAETSA OA KERESEMESE OA MOHLOMPHEHI TONA KHOLO, MONGHALI PAKALITHA B. MOSISILI, MP HO SECHABA SA BASOTHO TŠITOE 2005

 

SECHABA SA HESO,

Nako e boetse e fihlile ea Keresemese, mafelo a selemo le mathoaso a se secha. Ka tloaelo, ena ke nako ea thabo, ea menyaka; nako ea kopano ea malapa le ea metsoalle. Ka ho fetisisa, ke nako ea teboho ho ‘Mopi ha a bile le rona, a re babaletse ho tloha mathoasong a selemo sena ho fihlela joale. Ho feta moo ke nako eo sechaba sa Bakreste ka lefatše lohle, se hopolang ka thabo, tsoalo ea Morena oa rona Jesu Kreste, ea tlileng ho re pholosa ho sera. 

Le hoja nako ena ea Keresemese le mafelo a selemo e lokela ho ba nako ea phomolo, nako ea khotso le thabo, hangata e atisa ho thunthetsoa ke liketso tse malimabe tsa lintoa le lipolaeano, likotsi tsa mebileng, litlhekefetso le bohanyapetsi ba mefuta-futa. E ba nako ea tšebeliso e mpe ea tai eo hangata e leng eona mohloli oa limpe tsena tseo ke seng ke li boletse. Ka hona, ke etsa thapeli ho lona sechaba sa heso, haholo-holo lona bacha, hore lemong sena re ikemisetseng ho ba hlokolosi, re beng malala-a-laotsoe, e se re mohlomong ra iphumana re le mahlatsipa kapa bona baetsi ba liketso tsena tse soto. A re khetheng ho etsa tse ntle ka nako tsohle, re itlhomphe le ho hlomphana, ‘me re sielaneng sebaka, e le hore bohle re tle re fumane thabo le mahlohonolo nakong ena ea Tsoalo ea Morena, re tle re tsebe ho simolla selemo se secha re bolokehile, re le morolo. 

Hantle-ntle nako ena ea mafelo a selemo e lokela hoba nako ea boitlhahlobo ba motho ka mong, mekhatlo le litsi ka ho fapana, bohle ba ipotse boinotšing ba bona hore na hantle-ntle ho tloha ha selemo sa 2005 se thoasa ho fihlela joale, ba entse eng e molemo malapeng a bona, e le bo-Ntate kapa bo-‘Me, e le bacha; motseng o ba phelang ho oona; moo ba sebetsang teng hore na tlatsetso ea bona e bile efe katlehisong ea tsoelopele ea naha ea rona. Boitlhahlobo bona bo ka re thusa hore ha re kena selemong se secha re be re hlakile, re ipehetse mekolokotoane ea seo re lakatsang ho se fihlela. 

Lemong sena se felang, ‘Muso oa Motlotlehi o fihletse katleho linthong tse ngata. Ha ho potang le mathata a bile teng mona le mane ka ha “ha ho tsela e se nang moepa”. Empa ka kakaretso, selemo sa 2005 e bile selemo se setle ho rona Basotho. Khotso le botsitso li ‘nile tsa rena naheng ena ea rona, e leng tsona litšia tse kholo tsa ntlafatso ea naha, ntlafatso ea maphelo a sechaba esita le kholo ea moruo. 

Har’a tse ngata tseo re li fihletseng monongoaha re ka qolla tse latelang:

v     E le ho hlokomelisa basebeletsi boikarabelo ba bona ba ho fana ka tšebeletso e ntle, Letsatsi la Basebeletsi ba Sechaba (Public Service Day) le ile la tšoauoa ka menyakoe le litlholisano pakeng tsa makala ka ho fapana ka la 23 Phuptjane, 2005

v     Paramente e ile ea fetisa molao oa Bosebeletsi  ba Sechaba (Public Service Act 2005), Public Service (Amendment) Act le melaoana e latelang: 

     Disciplinary Code

     Code of Conduct

     Grievance Code

    Code of Dispute Resolution.

Paramente e fetisitsoe le melao e meng e mengata e amang mafapha a fapakaneng.  

Ka baka la khotso le botsitso tse ntseng li tsoela pele ho rena ka har’a naha ea rona, re atlehile ho hohela linaha le mekhatlo ea tikoloho ea SADC, AU le Commonwealth ho tla tšoarela liphutheho mona Lesotho. Har’a tse ngata re ka qolla ‘Moka oa Machaba oa Seahlolo se Babatsehang (SAID 2005) o pakiloeng ke batho ba bangata e le o atlehileng haholo. Le hoja litaba tsa Seahlolo se Babatsehang e ne e le lehoetla ho Basotho ba bangata, ba ile ba li phamolela holimo, moea hoa foka oa kutloano, tšebelisano, tšehetsano le karolelano ea litsebo, Mahlale le maikutlo. Ke boikemisetso ba ‘Muso oa Motlotlehi hore litaba tsa ‘Moka ona, li sa ntsane li chesa tjena ka lipelong le likelellong tsa rona, re ntšetse pele selekane sena sa ‘Muso le bo-rakhoebo le bo-ramesebetsi e meholo. Re be re sebeletse ho phethahatsa merero e meholo ea ‘Muso e kang Chebelo Pele ea 2020 le Pheliso ea Bofuma. 

Re bile le liphutheho tse atlehileng tsa SADC Electoral Commissions Forum le ea Commonwealth Speakers and Presiding Officers. Ho feta mona, Lesotho le khethetsoe ho ba Motlatsi oa Molula-Setulo oa SADC, ‘me isao, Bolula-Setulo e tla be e le ba Lesotho. 

Har’a baeti ba bohlokoa ba etetseng Lesotho re hopola ka hloko Hlooho ea naha ea Tanzania, Mohlomphehi Benjamin Mkapa, le eo e kileng ea eba President ea United States of America, Mohlomphehi Bill Clinton. 

Le hoja ho bile le mathata ka lebaka la liphetoho tsa maano le Ranta e matlafetseng ha e bapisoa le Dolara ea Amerika, Lesotho le ntse le hlahella ka mahetla hara linaha tsa Sub-Saharan Africa tlhahisong ea masela le liaparo (textiles and clothing) tse romeloang Amerika. Ka baka la liphetoho tsena tsa maano, le Ranta e matlafetseng ha e bapisoa le Dolara ea Amerika, lenane la lifeme tse ileng tsa tlameha ho koaloa le ile la nyolohela ho leshome ha li kopana le tse tšeletseng tse koetsoeng ngoahola. Le tse setseng li ile tsa tlameha ho fokotsa tlhahiso, ‘me tsena tsohle tsa baka tahlehelo ea mesebetsi ho batho ba fetang 12 000. 

Se khothatsang ke hore bo-ralifeme ba setseng ba tšepisitse hore ba tla sebelisana le ‘Muso ho leka ho rarolla mathata ana. Ho feta mona, e mong oa bo-ralifeme ba bacha o se a qalile ho etsa liteko tsa temo ea cotton e tla sebelisoa ho etsa lesela mona Lesotho. Litlaleho li bontša kholo e tšepisang ea sejalo sena ‘me kotulo e lebeletsoe ka ‘Mesa isao. Katleho ea liteko tsena e tla be e le khatelo-pele e kholo ea naha ea rona tlhahisong ea masela le liaparo. 

Morafo oa litaemane oa Letšeng o fihletse sehlohlolo sa tšebetso ea oona ka Pulungoana, monongoaha. Morafo oa Liqhobong oona o qalile tšebetso ka Mphalane, monongoaha, ‘me litokiso tsa pulo ea morafo oa Kao li se li hatetse pele haholo. Merafo ena e tla etsa tlatsetso e kholo toantšong ea tlhokahalo ea mesebetsi. Ho fihlela joale, ‘Muso o se o fumane M18.4 million ea litsiane (royalties) ka merafo ena e sebetsang.

E le ho ntlafatsa le ho matlafatsa taolo ea mesebetsi ena ea merafo, ‘Muso o se o tekile molao o mocha oa Merafo le Lirafshoa (Mines and Minerals Act 2005) ka Paramenteng. 

Morero oa Metsi a Lihlaba (Lesotho Highlands Water Project) o ntse o tsoela pele ho romela metsi Afrika Boroa ka katleho e kholo, ‘me selemong sa lichelete sa 2005/2006 ‘Muso oa Motlotlehi o fumane litsiane (royalties) tse etsang M226 million ka metsi ana. Phehlo ea motlakase ‘Muela le eona e ntse e sebetsa ka katleho e kholo, ‘me e se e kentse chelete e ka bang M56.35 million monongoaha. Ho feta mona, setsi sa ‘Muela se fuoe letšoao le ka holimo-limo ke na National    Occupational Safety Association (NOSA), bakeng sa polokeho ea basebetsi mosebetsing (Five Star Rating for safety, health and environment). Ena ke tšebetso e babatsehang ruri. 

Tšebetso malebana le Morero o Moholo oa Phepelo ea Metsi Mabalane (Lowlands Water Supply Scheme) le eona e ntse e hatela pele. ‘Muso o se o fumane chelete ea ho etsa liphuputso tsa kamoo morero o tlang ho ama tikoloho kateng, (Environmental Impact Assessment) le ea ho etsa meralo ea mokhahlelo oa pele oa morero (Detailed Design of the Phase 1 Component). 

Lekala la Meru le Ntlafatso ea Mobu le ntse le tsoela pele ka tšebetso e matla ea ho loantša tšenyeho ea naha e bile le ntse le hlahisa mesebetsi tšebetsong eo. Le atlehile ho lea lifate tsa meru tse fetang milione; ho jala joang libakeng tse senyehileng tsa makhulo; ho tšoara lithupelo le mekhatlo ea phuliso, makhotla a Puso ea Libaka, balisana le sechaba ka kakaretso ka paballo ea makhulo, thibelo ea khoholeho ea mobu, pokello ea metsi, leruo la linotši, temo ea lifate; ho aha litanka tsa metsi tse 154 le matamo a mahlano; ho rekisa lifate tsa litholoana tse ka bang 19 000 tse hlahisitsoeng ke lihoai; le ho fumantša batho ba fetang likete the tharo mosebetsi ka eona tšebetso ena ea paballo ea mobu le metsi. 

Ho latela taba-tabelo ea ‘Muso oa Motlotlehi ea lilemo ea ho fetisetsa matla a puso sechabeng, sehlohlolo sa tšebetso ea ‘Muso selemong sena e bile likhetho tse atlehileng tsa Puso ea Libaka le ho kenngoa tšebetsong ha Makhotla a Puso ea Libaka. Ho fihlela joale, Litho tsa Makhotla ana li se li etselitsoe lithupelo holim’a tšebetso eohle ea tsona. 

Lekala la Bohahlauli, Tikoloho le Bochaba le entse moralo oa lilemo tse hlano (strategic plan) oo, har’a tse ling, o bontšang litsela tseo lekala le etsang tlatsetso tlhahisong ea mesebetsi, kholisong ea moruo le phelisong ea bofuma. Lekala le entse metheho ea ho hohela bahahlauli e kenyeletsang ntlafatso ea libaka tsa bohahlauli Ha Kome seterekeng sa Berea le tse ling. 

Meralo ea ho ntlafatsa le ho baballa sebaka sa Thaba Bosiu ka ho aha Motse oa Bochaba (Cultural Village) le ho sireletsa mabitla le Sehlaba sa Thaba Bosiu, e se e phethiloe, ‘me tebello ke hore mosebetsi o tla qaloa isao. Boitekong bona bohle “muso o sebetsa ‘moho le sechaba sa libaka tsena le ho se rupela ka tsa bohahlauli. 

‘Muso o behile ka pel’a Paramente Sehlomathiso (Amendment Bill) sa Molao oa Bohahlauli oa 2002 ho lokisetsa ho thehoa ha Letlole la Bohahlauli (Tourism Trust Fund) le tla thusa ho ntlafatsa khoebo ea bohahlauli. 

Ka tlatsetso ea ‘Muso oa China, mohaho oa Pokello ea Libuka (National Library), o phethetsoe le ho nehelanoa ho ‘Muso oa Motlotlehi ka Pulungoana, monongoaha. Mohaho ona o motlehali o entse tlatsetso e kholo ea ho khutlisa seriti sa motse-moholo Maseru kamor’a liketsahalo tse malimabe tsa 1998. 

‘Muso o ntse o tsoela pele ho ntlafatsa marang-rang a likhokahanyo le litsela ho ea phunyeletsa metseng e hole le litoropo. Marang-rang a likhokahanyo a tla sebelisa liposo tse teng ka har’a e le litsi tsa ICT ho qaloa ka liposo tse ‘ne tsa Mapoteng, Maputsoe, Mafeteng le Maseru – Pitso Ground. Litsi tsena li fana ka litšebeletso tsa “fax, internet, photocopying, binding” le mehala. 

Letšolo la ho ntlafatsa maemo a litsela tse kholo le tse ka har’a litoropo le ntse le tsoela pele ka katleho e kholo. Tšebetso tseleng e kholo ea Qhoali- Sekake e ntse e tsoela pele athe tsela ea Mpharane – Bela Bela eona e se e phethetsoe. Ke morero oa ‘Muso hore tšebetso ea ntlafatso ea litsela tsa litoropo e anele litereke tsohle ho ipapisitsoe le maemo a lichelete le maemo a litsela har’a motse moholo oa setereke ka seng. 

Tlhahiso ea lijo ka temo le leruo la liphoofolo ke leano la mantlha la ‘Muso toantšong ea tlala le bofuma. Phethahatsong ea leano lena, Lekala la Temo le Tlhahiso oa Lijo le sebelisana ‘moho le Sesole sa Lesotho, le sebetsa ka thata ho eketsa tlhahiso ea lijo molemong oa ho felisa bofuma. 

Sesole se tšoere ka thata ho fana ka tšireletso libankeng tsa poso; kamohelisong ea lipenchene tsa maqheku; le ho loantša botlokotsebe ba malibohong. Se boetse se kentse letsoho mesebetsing ea sechaba e kang khaho ea likolo, matamo le phepelo ea metsi. Sepolesa, Mautloela esita le ba Tlhabollo ea Batšoaruoa le bona ba sekelelitse ba itahletse ka setotsoana ho loantša litlolo tsa molao le botlokotsebe kahare ho naha ea rona.  

Re thakhotse Tokomane ea Moralo le Chebelo-pele ea Lefapha la Toka e tla thusa ho tlisa phetoho e kholo kabong ea toka le ho felisa tiehiso e kholo e teng ha joale litabeng tsa makhotla. 

SECHABA SA HESO,

 Le hoja re bile le katleho e kana, re ntse re e-na le liphephetso tse matla tse re tjametseng ka ha joalo ka ha ke se ke boletse: “ha ho tsela e se nang moepa”. Le tla hopola hore re ntse re le ka har’a ntoa e mahlo-mafubelu le seoa sena se HIV le AIDS, e bonahalang a hana ho ea moriting. Leano la mantlha toantšong ea lefu lena ke hore batho ba tsebe memo a bona ka ho hlahloba mali e le hore ba nang le tšoaetso ba tle ba thusoe nako e sa lumela. Ba e-s’ong ho tšoaetsoe bona, ba thusoe ho qoba tšoaetso le ho lula ba se na eona. Athe ba seng ba kula ke AIDS ba thusoe ka litlhare tse tla matlafatsa masole a ‘mele le ho ba thusa ho phela halelele. Leano lena le bile le loantša khethollo le ho tšehetsa na nang le tšoaetso le ba amiloeng ke lefu lena ka litsela tsohle. 

Ho phethahatsa leano lena, tlhabollo e fanoa litsing tse ngata le makaleng a ‘Muso. Litlhare tse thusang ho matlafatsa masole a ‘mele (ARVs) li se li fumaneha litsing tse 18 naha ka bophara litsing tsa kokelo tsa ‘Muso, tsa CHAL le lingakeng tse ikemetseng. 

Pele ke fera polelo ena ea ka, ke lakatsa ho boela ke le hopotsa, ba heso, hore re kene selemong sa bone joale sa komello e kholo ka ho fetisisa. Komello ena e ntse e mpefatsa boemo ba tlala le tlhahiso ea lijo e seng e ntse e fokola ka baka la khoholeho ea mobu. Ke se ke ipiletsa ho lona, Basotho ba heso, hore ha re ntse re sitsoa ka mafafatsane, leha a fokola, re ‘ne re nkeng monyetla oa ho sunya peo mobung mohlaope Morena o tla re hauhele, lijalo tseo li re atlehile, “e be melilima, meru e opaneng”

Re sa teboho e tsoang botebong ba lipelo, ho bafani le metsoalle ea rona e ntseng e re phallela koluoeng ena ea tlala. Le ha ho le joalo, a re hopoleng hle, Basotho ba heso, hore re ke ke ra phela ka liphaello ho ea ho ile, etsoe “mphe mphe ea lapisa”. Re lokela ho hlajoa ke lihlong hore e be re ntse re feptjoa ke lichaba tse ling. A re pheelleng ho leka maoala a ho iphepa malapeng a rona le sechabeng sa rona ka kakaretso. Ruri ha ho lebaka la hore e be ho ntse ho e-na le masimo a lalang. Ba se nang matla a ho lema ha ba lokollele ba nang le matla a ho etsa joalo masimo a bona e le bore re tsebe ho fenya tlala. 

Ke qetella ka ho lakaletsa Batlotlehi le sechaba sohle sa Thesele, Keresemese e monate le mahlohonolo le katleho selemong se secha. Ramaseli a ’ne a re baballe, ‘me a re fe khotso. 

LIKHOMO BASOTHO         MERRY CHRISTMAS

 

03 January 2006

  source: LENA