| PUO EA LETONA LE KHABANE LA LIKHOKAHANYO LE MAHLALE, MOHLOMPHEHI MOTSOAHAE THOMAS THABANE KA LIPUISANO TSA 'MUSO LE TELECOM LESOTHO | |
|
Mohlomphehi Mookameli oa Senate/Motsamaisi oa Lipuisano Bahlomphehi Litho tse Khabane tsa Ntlo Ntumelleng ke le amele hanyenyane ka tse ntseng li etsahala Lekaleng la heso litabeng tsa mehala. Ele ka sepheo sa ho tsitsisa litaba kahar'a K'hamphani ea Telecom Lesotho, re bile le phutheho e beng ba K'hamphani ena (shareholders' meeting) koano Maseru ka Labohlano la la 17 Phuptjane, 2005. phuthehong ena, Lesotho le ne le emetsoe ke Letona le Khabane la Lichelete le meralo, le 'na (Letona la Likhokahanyo) ke ameha ka kotloloho litabeng tsa Likhokahanyo kahare ho naha. re bile hape le liofisiri tse kholo makaleng a rona. Ka lehlakoreng la Eskom Enterprises ho ne ho le teng Mookameli oa k'hamphani eo le moifo oa hae. Eskom Enterprises ke eona, 'moho le mphato oa eona, Econet, e nang le kabelo ea liabo tsa 70% ho mountain Kingdom Communications, ha 'Muso oa Lesotho oona o ena le liabo tsa 30%. Taba kholo e ne e le ho shebisana hore na se ka etsoang ke se fe ho ntlafatsa le ho atolosa litšebeletso tsa mehala, tseo morao-rao tjena, li ritsitseng haholo. Li ritsitse ho le batho ba neng ba se ba boleletsoe hore ba kenyetsoa mehala ba qeteletseng ba sa e fumana. Ke tokelo ea baahi bohle ba Lesotho, ba lakatsang ho etsa joalo, ho ba le monyetla oa ho sebelisa mehala, ekaba ka matlong a bona kapa haufi le moo ba phelang teng. Ho bile ho hlokomelehile hore tšebeletso ena e se e bile e kenyeletsa mehala ea letsoho kapa ea thekeng. ke 'nete hore sebopeho sa naha ea rona se thatafatsa katoloso ea litšebeletso tsa mofuta ona. Empa hona ho keke hoa hlakola boikarabello ba rona ba ho thusa ka sefutho se eketsehileng haholo batho ba phelang libakeng tseo, tseo haesale paleng ea rona, li sa fumane litšebeletso tse lekaneng, mafapheng a fapakaneng a bophelo. Empa tabeng ea mehala teng, le bona ba litoropong, ho kenyeletsa toropo e kholo ea Maseru, ba seboko ka mokhoa o tšoanang. Ka mantsoe a mang, ho fihlela mona, litaba ha lia tsamaea hantle haesale hoba Lesotho Telecommunications Corporation (LTC) e rekisoe. Ha ho na motho ea ka llelang LTC, empa ho tlosoa ho eona ho loketse ho bontšahala ho nepahetse hore e ile ea fela ea koaloa. Ha LTC e rekisoa, Mountain Kingdom Communications, e leng eena moreki, e ile ea fuoa pallo ea ho kenya lifono tse likete li mashome a mahlano (50 000) kanong ea lilemo tse hlano tsa tumellano eo. Ka holimo ho moo, ea nolofaletsoa ka ho fuoa tokelo ea ho kenya lifono e sa qothisane lehlokoa le mang kapa mang (exclusivity rights). Litaba tsena tse peli li bonahetse li ile tsa ema tšebetso pele, ha Lesotho Telecommunications Authority (LTA) e fana ka lakesense ho K'hamphani e 'ngoe, 'me e e lumella ho kena tabeng eo ea ho fetisa molaetsa ka lentsoe. Ba Mountain Kingdom Communications ba ile ba nka taba ena e kena-kenane le tokelo ea bona eo ba e fuoeng, 'me letsoho la bona e leng Telecom Lesotho la isa taba ena makhotleng moo esale e teta teng. taba ea bobeli, e bile khanano ea telecom Lesotho le LTA ka lenane la lifono leo ho lumellanoeng ka lona. LTA e re tumellano e ne e le ea lifono tse 185 000. Khang e lipakeng tsa LTA le telecom Lesotho e ile ea qetella ka hore LTA e ahlole Telecom Lesotho kotlo ea M9 million, kotlo eo Telecom Lesotho le beng ba eona ba ile ba e hanyetsa. Khanano e 'ngoe hape e bile tabeng ea likotlo tse ling tseo LTA e neng e li etsetsa Telecom Lesotho 'me ho bonahala bookameli ba Telecom Lesotho bo ikarabella ka bokakalope. Ho bile le pelaelo hape ea hore Telecom Lesotho hae patale likhafa tsa naha ena. ke le Letona le ikarabellang, ke ile ka bua le Eskom enterprises, 'me ke memme mphato oa ka, Letona la Lichelete ho rarolla mathata ana, ao joale a emeng tšebetso pele. Phuthehong ena eskom Enterprises e boletse hore e lelekile litho tsa Board ea boba ho Mountain Kingdom Communications, hobane ba fumane ba hlokile boikarabello. ba entse qeto ea ho tlosa bookameli bo teng ba Telecom Lesotho, 'me taba ena e se e hatetse pele. litaba tsa ho se lefe likotlo tsa molao ho LTA, ba laetse hore Board ea bona e li lokise 'me ho utloahala litefo tse ling li se li ntse li etsoa. tefo ea likhafa eona e ntse e sebetsoa kathoko, hobane nka bobolu. Ho bile hape le pelaelo ea hore ho na le thepa e kenang Lesotho ka telecom Lesotho e nkhang lefotha, e rekiloeng ho K'hamphani ea Siemens 'me e theko e holimo haholo, empa e le thepa e ke keng ea sebelisoa koano Lesotho, feela molato o jarisoa k'hamphani e ka Lesotho. Taba ena le eona e ntse e etsetsoa forensic audit 'me re tla emeloa, re le Lesotho, lipatlisisong tseo. Ka lehlakoreng le rona re ile ra kopa LTA ho amohela hore Telecom Lesotho e lumelloa ho qala hang hang ho kenya lifono tse 50 000, 'me ho lumellanoe. Re kopile hape Telecom Lesotho mho hula nyeoe e ka khotla, 'me ba lumetse. re boetse ra kopa LTA hore e lokise litaba tseo tse belaetsang Telecom Lesotho mabapi le phano ea lakesense eo ke seng ke buile ka eona. Re boetse re kopile LTA hore kotlo ea M9 million e se kene mokotleng oa bona, e mpe e tlatseletse holim'a lenane la 50 000 la lifono tse kenngoang , molemong oa sechaba. re kopile hape hore M9 million eo e sebelisoe ka therisano e hlokolosi le bohle b amehang. ho sa le joalo, re lipuisanong tse matla le lik'hamphani tsa lifono tsa thekeng ho sheba litsela tse ncha tsa ho kenella ka hare ho naha. Tumellano ea rona le Eskom Enterprises e fela ka 2006 'me re se ntse re batla litsela tse ncha tsa hore na bokamoso ba litaba tsena ke bofe. Na re tla 'ne re tsoelepele Eskom Enterprises kapa re tla bulela ba bang ho iketa, bocha. taba e 'ngoe e kholo, ke hona ho talima hore na 'Muso o ke ke oa eketsa seabo sa ona K'hamphaning e le ho holisa seabo sa ona tsamaisong. Ke tsebise Ntlo e Khabane hore Lekala la heso le la Lichelete le Meralo a se a lumellane hore Lesotho le kene morerong o moholo o bitsoang East Africa Submarine cable System (EASSY). Morero ona ke oa linaha tse 'maloa tsa Afrika tse ka Bochabela. Mohala ona o reretsoe ho theosa le Afrika 'me o finyelle koano Lesotho ho hlaha Durban. Morero ona o tla tšehetsoa ke New Partnership for African Development (NEPAD). Ha joale tšebeletso ena re e fumana Cape Town, ho tloha mehleng ea bo ra-likoloni. Morero oo o ne o le feela lipakeng tsa linaha tsa mose le Afrika Boroa, 'me linaha tse kang Lesotho ha li na kabelo ea letho tsamaisong ea ona. Thota e sale telele, 'me mathata a sa le mangata empa tharollo ea mathata ke sona seo re se tletseng mona. ha e ke mpe e be ha hona pharela banneng. Ke a leboha Khotso ! Pula Nala ! 22 June 2005 |
|
| source: |