| PUO KA LETONA LE KHABANE LA LIKHOKAHANYO LE MAHLALE, MOHLOMPHEHI MOTSOAHAE THOMAS THABANE KA KATOLOSO EA RADIO LESOTHO LE LESOTHO TELEVISION | |
|
Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, Litho tse Khabane ntumelleng ke le manollele ka bokhutšoanyane hore na re ntse re sebetsa joang hajoale litabeng tsa Khaso. Re na le litora tsa Khaso libakeng tse latelang: a). Setsing sa khaso se Sehlabeng sa Thuathe (Lancers Gap) b). Likhoele, seterekeng sa Mafeteng C) Sekiring, seterekeng sa Quthing d). Souru, Seterekeng sa Qacha’s Nek e). Semonkong, Seterekeng sa Maseru f). Chafo, seterekeng sa Leribe g). Popa, seterekeng sa Mokhotlong h). Mokhoabong, seterekeng sa Thaba Tseka Litora tsena tse boletsoeng ka holimo ke tsa Frequency Modulation (FM), ’me e ’ngoe e le e ’ngoe e sebelisa leqhubu la eona; leha ho le joalo lia neheletsana. Ho feta moo re hasa le ka leqhubu la Medium Wave (MW 891), ’me tora ea teng e hona Lancers Gap. Ka lebaka la hore ha litora tsa MW le FM li le ’moho li etsa khaso e sa hlakang hantle, re rerile ho arohanya litora tsena. Tsa MW li tla sala Lancers Gap, ha tsa FM li tla fallisetsoa Berea Plateau. Ha ke beile hakana ntumelleng ke le khoaollele tse ka kotleng. E le ka sepheo sa ho atolosa Khaso ea Se-ea-le-moea le Se-ea-le-moea pono, Lekala la heso thusanong le ’Muso oa China, le tla kena morerong o moholo oa ho atolosa Khaso. Morero ona o hakanyetsoa hore o tla nka likhoeli tse robeli ho isa ho tse leshome hore o phethahale hantle, ’me chelete e tla sebelisoa e hakanyetsoa M30 Million. Matona a Mabeli a naha ea China eleng la Tsa Khaso, Televishini le Libaesekopo (Minister of Radio, Television and Cinema) ekasita le oa Lithuso Linaheng tse ling (Minister of Commerce) ba ‘memme ho ba moo naheng ea bona ho tloha ka la 4 Phupu hona selemong sena, naheng eo ea bona. Morero oa leeto lena ke ho tekenela Tumellano, ka molao ea tšebelisano ena, tekenelo ena e tla be se ebile e tšoaea thakholo ea mosebetsi ka basebetsi ba naha eo ekasita le ba rona. Morero ona o phuthetse lintlha tse latelang: 1). Khaho ea litora tse peli tsa Radio le Television Kueneng, seterekeng sa Berea le Mokhele, seterekeng sa Mohale’s Hoek 2). Ho aha setsi Satellite (Uplink Satellite Station) Sehlabeng sa Thuathe (Berea Plateau e le hore re tsebe ho hasa ka (satellite). Re tla be re tsebe ho bona ha litora tsa rona tse hohle ka hara naha li na le bothata ba ho khaoha ha motlakase, ho otloa ke maru le tšenyo e bakoang ke litloli tsa molao ha e le teng (Telemetry). Sena se tla re thusa hore hang ha phoso e le teng liofisi tsa heso li bone e seng li utloe ka batho hore Se-ea-le-moea ha se utloahale sebakeng se itseng joaloka ha ho etsahala ha joale. 3). Ho aha tora ea bolelele ba limithara tse lekholo (100 metre Mast) Quthing le ho beha tsebe-ea-tsienyane (Antenna) toreng e bolelele ba limithara tse makholo a mabeli (200m mast) eo re sa tsoa e aha Berea Plateau. 4). Ho reka le ho bea ligenerator le litanka tsa mafura a tsona e le hore ha motlakase o khaohile, se-ea-le-moea (Radio) le se-ea-le-moea pono (TV) li ’ne li tsebe ho ba moeeng. 5). Ho aha litora tse kholo tsa Se-ea-le-moea (Radio) Le Se-ea-le-moea pono (TV) Berea Plateau. Ho tla be ho kenngoe tsejana-tsa-tsienyane (Antenna) tsa tsona. Mohlompehi Motsamaisi oa Lipuisano, litho tse khabane ha tšebetso ena e phethehile ho tla ba bobebe ho fumana khaso ea Se-ea-le-moea (Radio) le Se-ea-le-moea-pono (TV) ka har’a naha ea Lesotho ka liqola tse ’ne ekasitana le likarolong tse ngata tsa naha ea boahelani. Mokhoa ona oa ho hasa ka satellite o tla etsa hore le libakeng tse loting li fumane Se-ea-le-moea (Radio) le Se-ea-le-moea-pono (TV) li hlakile hantle. ’Muso oa lona o kentse letsoho ka mokhoa o toma morerong ona ka ha re lumela hore, moketa ho tsosoa o itekang, etsoe mphe-mphe ea lapisa molekane, motho o khonoa ke sa ntlo ea hae, etsoe mosala a lutse o ja ’m’ae lehelo-helo. Re tla isa motlakase Mokhele, Kueneng le Popa, seterekeng sa Mokhotlong, ’me tšebetso ena e hakanyetsoa M10 Million. Re lokela ho lokisa litsela tse tla etsa hore thepa e ilo sebelisoa ho phetha tšebetso e honyelle moo litora li ilo ahoa. Moo re tla hloloa ho betla litsela ka lebaka la litšenyehelo tse holimo, re tla sebelisa seroala-nkhoana sa Sesole ho isa thepa moo. Lea tseba litho tsa heso hore na litefello tsa seroala nkhoana li holimo ha kae haholo ha se tla sebetsa libakeng tse fapakaneng. Lekala la Heso le lokela le ho fana ka bolulo, lijo le mokhoa oa ho tsamaea ho bo-ramechini ba Machina ba tla etsa mosebetsi ona. Ho na le litora tse hlano tse lokelang ho ahoa ke Lesotho Highlands Development Authority (LHDA) libakeng tse latelang: a). Kuba-kuba b). Terata c). Ha Sootho d). Monyetleng e). Liphakoeng Ke lebeletse hore Mphato oa ka Lekaleng la Lihloliloeng o tla re thusa hore tšebetso ena e phethahale ka pele, hobane re rata hore mosebetsi ona o be o phethiloe ka Phuptjane selemong se tlang. LHDA e re tšepisitse hore thusa ho etsa mosebetsi ona, ’me ha ba ka ba matjato re tla atleha hore mariheng a selemo se tlang re be re phethile mosebetsi ona. Letšoele le beta poho. Bana ba lesapo ba jela pitsaneng e le ’ngoe. Bana ba monna ba ntša sebata lefikeng mong a bolaea, mong a tšoaela, mong a okha mollo ka lekhono a ea masimong. Selemong sa 2004/05 re atlehile ho aha litora tsa Radio, Chafo, Leribe le Souru, Qacha’s Nek. Pele khoeli ea Phupu e fela re tla be re ahile tora ea Radio Thaba- Putsoa. Re se ntse re ahile tora ea TV sebakeng sena. Re ntse re itokisetsa ho ea aha Tora ea TV Souru. Thepa e tla sebelisoa ho phetha tšebetso ena e se e rekiloe. Taba e ’ngoe e tla etsa hore re etse mosebetsi ona kapele ke haeba batho ba Lesotho Electricity Corporation (LEC) ba ka etsa mosebetsi oa ho isa motlakase Mokhele, Popa le Kueneng pele khoeli ea Phato e feela. Litaba tsena, Litho tse Khabane, li ntlama hore ke lebohe Setho se Khabane sa Thaba-Tseka Ntate Mphafi ea ileng a qala morero ona, ekasitana le mphato oa ka Letona ‘Mamphono Khaketla, ba ileng ba qala morero, le ho beha moo kajeno, le ‘na, ke amohetseng lesokoana. Ke tsoa khoeleng tjee, hobane sethunya ha se lla ba ile ba khoaphoha. Ke thetha ka hore Basotho ba heso li a ha mahlatsi lia ka bohlale, nong li teng tseleng tsa e ja Ratlali tsa mo honya mahlo tsa mo siea bohobolokoana. 22 June 2005 |
|
| source: |