PUO EA MOTLOTLEHI MOFUMAHALI ‘MASENATE MOHATO BERENG SEEISO HA  A  BULA KA  MOLAO  MOKETE  OA  BOSUPA OA BOCHABA, MORIJA KA LA 1 MPHALANE 2005
 

LETONA LE KHABANE LA TSA BOETI, BOCHABA LE TIKOLOHO,

MORENA OA SEHLOOHO OA MATSIENG,

MORENA OA MORIJA,

BAEMELI BA LINAHA HAMMOHO LE MEKHATLO EA MACHABA,

BAETI BA KHABANE,

BO-‘M’E LE BO-NTATE LE LONA MOROLO O MOCHA,

KE EA LE LUMELISA BASOTHO BA HESO BA TENG KOANO MOKETENG ONA OA BOSUPA OA BOCHABA OO SEPHEO SA ONA SA  MANTLHA  E   LENG HO BOULELA MEKHOA LE MEETLO  EA  RONA  LE HO JALA MOEA OA LERATO KA HARE HO RONA RE LE SECHABA SA KHOMO.    KE  RATA  HAPE HO LEBOHA  METSOALLE  EA RONA E TLILENG HO TLOTLISA LE HO THABA LE  RONA MOKETENG ONA O MOHOLO  OA BOCHABA BA RONA.   KE KA TŠEHETSO  EA  LONA SECHABA SA HESO MOKETE ONA O NTSENG O TSOELAPELE HO ATLEHA. KA LEBAKA LENA, KE TŠOANELO EA KA HORE KE ISE LITEBOHO TSA KA TSE KHETHEHILENG  HO  BOHLE  BA  TENG  KOANO KA LETSATSI  LENA LA HO THAKHOLA  MOKETE  ONA  ESITA LE HO  BA TLANG HO RE ETELA MATSATSING A TLANG KA SEPHEO SA HO KENYA LETSOHO KATLEHISONG EA MOKETENG ONA.    

BO-‘M’E LE BO-NTATE, 

MOHOO OA MOKETE OA SELEMO SENA  O RE: “LELAPA, MOTHEO OA SECHABA”.   HA RE MANOLLA MANTSOE ANA, RE TLA ELELLOA HORE, JOALOKA MEHOO E FETILENG, O RE KHOTHALETSA HO IKOPANYA LE HO TŠOARANA KA MATSOHO  E LE HORE RE TLE RE HLOLE MATHATA A BOPHELO.  E LE HO MATLAFATSA NTLHA ENA,  HA KE MPE KE LE HOPOTSE MEHOO E SENG MEKAE EA LILEMONG TSE FETILENG EO, KA KAKARETSO HA E MANOLLOA, E KHOTHALETSANG BOIKOPANYO LE HO THUSANA E LE LIBETSA TSEO KA TSONA RE KA HLOLANG MATHATA A BOPHELO.    EONA E NE E BALEHA TJENA: 

·        KAOFELA, RE CHABANA SA KHOMO;

·        E EA KAE BANENG; LE

·        KHOTSO LE BONNGOE.  

LE  MEETLONG  EA RONA EA SESOTHO, LELAPA LE PHARALLETSE HO FETA MONA – RE NA LE BO-NKHONO, BO-NTATE MOHOLO, BO-RANGOANE, BO-RAKHALI LE BA BANG BAO E RENG HA BA KHOBOKANE KA BONGATA MESEBETSING EA LELAPA, E BE HO HLAHA POLELO E RENG:  LELAPA LE TETEANE.    LELAPA KE KAKARETSO EA BATHO BAO E KA RENG HA BA LE SIEO BOPHELONG BA MOTHO, A IKUTLOANG A LAHLEHILE KAPA A SA PHETHAHALA.   LELAPA KE KHUBU EO MOSOTHO E MONG  LE  E MONG A LEBELETSENG TŠEHETSO LE LERATO HO OENA.  

HA E MOLEMONG OA BANA FEELA EMPA LE SECHABA SEO BA PHELANG LE HO PHELISANA LE SONA.   TSELA ENA EA BOPHELO, E NETEFATSOA KE MAELE A SESOTHO A RENG: “MOTHO KE MOTHO KA BATHO BA BANG” LE A RENG: “MORENA KE MORENA KA SECHABA”.   RE EA HLOKOMELA HE, SECHABA SA HESO HORE HA HO KA MOO RE KA ATLEHANG  BOPHELONG  HA  FEELA RE SA IPOPE HORE RE BE LELAPA LE LE LENG. 

BOEMONG BA NAHA, LELAPA LE KA TŠOANTŠOA LE SECHABA. KE KA HONA MOHOO OA RONA OA SELEMO SENA O RENG “LELAPA, MOTHEHO OA SECHABA”.    LE BOEMONG BONA BO HOLIMO BA LELAPA, HO NTSE HO HLOKAHALA HORE RE TŠOARANENG KA MATSOHO HORE NAHA EA RONA E TLE E TSOELEPELE.  

BO-‘M’E LE BO-NTATE, 

LE TLA HOPOLA HORE LINAKONG TSE FETILENG, LELAPA LE NE  LE  PHARALLETSE  HO FETA KA MOO KE HLALOSITSENG KA  TENG.   LELAPA  LE  NE LE NKELLA BAHAISANE, MOTSE LE METSANA E HAUFI.   KA LEBAKA LENA, E NE ESE NTHO E MOHLOLO HA  MOTHO E MONG LE E MONG EA MOHOLO E NE E LE MOLISA, E SENG OA LELAPA LA HAE FEELA, EMPA LE OA MALAPA  A  BAHAISANI BA HAE.    E NE ELE BOIKARABELLO BA MOTSOALI E MONG LE E MONG HO KHALEMA KA MATLA NGOANA OFE KAPA OFE HA A ETSA PHOSO.   THEPA EA MOHAISANI LE EA MOTSE E KANG MASIMO, LIPHOOFOLO LE TSE LING, LI NE LI LULA LI BOLOKEHILE HOBANE  BASOTHO  BANE   BA  IKUKA   E  LE LELAPA LE LEHOLO.   EE, MOSOTHO OA HESO,    KA  NAKO  EO,  MATLO  HO NE HO FELA  HO CHA

MABAPI.  KA TSELA ENA,  LIKHOHLANO LI NE LI FOKOLA -  HO NE HO RENA LERATO LE KUTLOELANO BOHLOKO METSENG LE METSANENG EA NAHA EA RONA.  

KA MOKHOA O TŠOANANG, HA RE NKENG MOKETE ONA OA RONA OA BOCHABA E LE THLASE FEELA EO RE TLANG HO E HOLISA HA RE TLOHA MONA HO TSOSOLOSA KUTLOANO, KHOTSO LE LERATO KA HARE HO MALAPA, METSE LE SECHABA SA RONA KA KAKARETSO.      

BO-‘M’E LE BO-NTATE, 

MATSATSING ANA A MORAO TJENA, HO BONAHALA HO ENA LE LIKHUTSANA TSE NGATA LE MALAPA A NONYETSEHILENG KA LEBAKA LA KOKOANA-HLOKO EA HIV LE AIDS.  JOALOKA HA BAHOLO-HOLO BA RONA BA NILE BA TŠOARANA KA MATSOHO LINAKONG TSE THATA TSA LINTOA TSA BO LIFAQANE LE TSA TLALA  EA  BOJA-LIKATA,  LE  KAJENO HO  NA  LE THLOKAHALO E KHOLO EA HORE RE BONAHALE RE LE LELAPA LA ‘NETE ‘ME RE THUSANA HO LOANTŠA SERA SENA SA HIV LE AIDS.   HA HO MOSOTHO EA SA TSEBENG HORE LETŠOELE LE BETA POHO. HA HO LE JOALO, HA RE IKOPANYENG, MOHLOMONG KA “LI-SUPPORT GROUPS”   LE MEKHOA E MENG HO LOANTŠA LEFU LENA LE MATHATA A MANG AO RE KOPANANG LE ONA BOPHELONG.   

BO' M'E LE BO-NTATE 

HA KE LE MOTHATING ONA OA HO FERA PUO EA KA, KE RATA HO LE HOPOTSA HORE   MOKETE ‘ONA OA BOCHABA, O TŠOAROANG  SELEMO SE SELEMO, O RE THUSA HO HORE RE TEBISE MAIKUTLO ‘ME RE IPOTSE HORE NA RE TSOA KAE,  HONA RE EA KAE RE LE SECHABA SA BASOTHO.   MOKETE ONA,  JOALOKA  MAPETJO  A  TENG,  O  RE HOPOTSA HORE RE NTHO E LE ‘NGOE.    KA BAKA LENA, KE EA LE MEMA BASOTHO  BA  HESO,  HAMMOHO  LE   BAETI   BA  RONA, HO TŠEHETSA MOKETE ONA OA BOHLOKOA.   HA LE NTSE LE KETEKA, HOPOLANG HORE BOITLHOMPHO LE TLHOMPHANO,  KE TSONA LITŠIEA TSA LELAPA LE BOAHISANI BO MOFUTHU. 

SECHABA SA HESO, 

HA KE RATE HO LE PATELA HORE HO BILE BOIMA, HO LOKISETSA MOKETE ONA KA LEBAKA LA LEQEME LA BOTŠEHETSI BA BAFANI. LE HA HO LE JOALO, E SE E LE SELEMO SA BOSUPA JOALE, MOKETE O TŠOAROA, HO SE MOHLA O KILENG OA THISA.  RE LEBOHA, KA LIPELO TSA RONA TSOHLE, BOHLE BA NILENG BA OA LE HO TSOHA LE MOKETE ONA OA BOCHABA.   RE  RE,  HA  E  SISE.   KE RATA HO THOHOLETSA   BOHLE BA SEBELITSENG KA THATA BOSIU LE MOTŠEARE HO LOKISETSA SECHABA SA BASOTHO MOKETEHALI  ONA OA BOHLOKOA.   RE LEBOHA LE BOHLE BA THUSITSENG HO HLOPHISETSA MOKETE ONA. 

KA MANTSOE ANA, KE PHATLALATSA HORE MOKETE O MOHOLO OA BOCHABA BA BASOTHO, O BUTSOE KA MOLAO.  

“KAOFELA RE CHABANA SA KHOMO”

“LELAPA, MOTHEO OA SECHABA”

 

      KHOTSO!!   PULA!!   NALA!!!

05 October 2005

  source: LENA