PUO KA LETONA LA LIKHOKAHANYO LE MAHLALE, MONGHALI MOTSOAHAE THOMAS THABANE, PARAMENTENG EA LESOTHO MASERU, LABOBELI LA LA 25 MPHALANE 2005
 

MOOKAMELI OA SENATE,

‘M’E MOTSAMAISI OA LIPUISANO

LITHO TSE KHABANE.  

Ke ema mona ho etsa polelo ka sepheo sa ho tekela litho tse Khabane hore na litaba tsa ts’ebetso li ntse li tsamaea joang Lekaleng leo ke leng boliseng ba lona, tsa matsatsing a morao-rao. 

Re bile le liketsahalo tse kahare ho naha, esitana le le bileng ka ntle ho eona tseo e leng ts’oanelo hore litho tse khabane li tsebisoa ka tsona, e le ho li ruisa tsebo, ka tsona, ekasitana le hona ho li fa monyetla oa ho fetisisa moo litlhaloso li sa qaqang. 

Letona la Afrika Boroa la Likhokahanyo, Mofumahali Ivy Matsepe Cassaburi o ile a mema Matona a SADC a ikarabellang litšebeletsong tsa liposo mane motseng oa Durban, e le ho a ruisa tsebo ka tse etsahalang naheng ea habo, ekasitana le hona ho fapanyetsana maikutlo ka liketsahalo tse linaheng tse ling. Phutheho ena e ne e le ka tlas’a botsamaisi ba Mokhatlo oa Liposo, o bitsoang SAPOA, e leng Southern African Postal Operations Association. 

Lebaka-baka la ngongoreha ea linaha ka poso, e bile hobane maemo a teng a tšebelisano ea marang-rang tsamaisong ea melaetsa ekasitana le litšebeletso tse ling tseo poso e neng e li etsa matsatsing a ho feta li fokotsehile. Empa seboka sena se ile sa hlakisetsa bohle hore bokamoso ba poso e le mosebeletsi oa sechaba, e bile e le sebaka seo sechaba ka boithatelo le boithaopo ba sona, se ka ithehela mesebetsi ea bointlafatso, tšebelisanong le mebuso ea habo lichaba tse joalo. Mesebetsi e joalo e ka ba ka motho ka bonngoe kapa batho ba ikopantseng. Ke boikemisetso ba rona ho phatlalletsa, le ho ruta sechaba ka menyetla ena le ho kopa bo-ralibanka le batho ba nang le lichelete ho sebetsa taba ena le sechaba seo liposo li leng ho sona. 

Bothata boo re ileng ra kenngoa ho bona ke Banka ea Lefats’e le ba bang, bathusi ba rona ba linaheng tsa bafani, e ile ea eba ho re potlakisetsa ho rekisa lithepa tsa sechaba ho sa ba le chebelopele ea bokamoso ba litokiso tseo. Re fumane poso, libakeng tsa rona ka ho fapana, e bile le lehlohonolo la ho se qaphaletsoe ka boima boo re ke keng ra tseba ho busetsa litaba malulong. 

Ha joale, poso e se e qalelletse ho ba le lekala la banka koano Lesotho. E nkile hape mosebetsi oa ho patala lipenchene tsa maqheku. ‘Me, e bile e alimana ka chelete ho bahlanka ba ‘muso tlasa ho bitsoang Salary Advance Scheme. Ho tloha ha joale ho ea pele, poso e se e tla bula likhoebo tse mefuta-futa, ka mekhoa ea sejoale-joale, tse amanang le ho tsamaisa thepa ea mefuta-futa, ekasitana le ho bulela batho menyetla ea ho sebelisa internet. Hona ke mehlala feela ‘me haufinyane liphetoho tsena li tla ipontša haholo ha re ka khona ho ntlafatsa mehaho ea liposo e seng e soahlamane haholo.

Re bile hape le phutheho re le Matona a seng a boletsoe ka holimo mane Johannesburg tlasa bolula setulo ba Letona Pelonomi Venson oa Botswana, eo e leng molula setulo oa rona ho latela mathathama a SADC. Mona re ne re buisanoa haholo ka boemo boo re bo isang phuthehong e kholo e lefatše e tla tšoareloa mane Tunisia ka khoeli ea Pulungoana eo lihlooho tsa linaha le mebuso li tla etella pele moifo oa Matona le liofisiri. Mona Lesotho moifo o tla etelloa pele ke Mohlomphehi Tona Kholo, sepheo sa taba ke ho buisanoa ka bokamoso ba ntho ena e bitsoang World Information Society.  

Litho tse khabane li tla hlokomela hore tlas’a hlooho ea internet governance, ngoliso eohle le tumello ea ho sebelisa internet e tlas’a bolaoli ba ho bitsoang ICANN (Internet Corporation for Assigned Names and Numbers). Mokhatlo ona o motseng oa California naheng ea Amerika ona le tokelo ea ho tsamaisa litaba tsohle tse amanang le ngoliso ea mabitso le liaterese tsa basebelisi bohle ba internet lefatšeng. Mokhatlo ona o bile o na le taolo litabeng tsa tšireletso le tšireletseho ea makunutu a basebelisi ba eona thepa ena. ICANN ena e oela tlas’a taolo ea ‘muso oa Amerika hobane e ikarabella Lekaleng la Commerce la ‘muso oo. 

Ho na le maikutlo a sa ts’oaneng ka bokamoso ba taba ena. Naha ea Amerika e batla litaba li lule li le joalo. Linaha tsa European Union li lumellana le hore matla a ICANN a fokotsoe, empa li sa totobatse hore na ho le joe le ho kae. Linaha tse holang tsona li re matla a neoe Mokhatlo oa machaba ka o mong oa mekhatlo ea ona e ntseng a sebetsana le litaba tse amanang le tsena, ‘me ho qolloa ITU (International Telecommunications Union) ekasitana le UNESCO. Litaba tsena li bonahala li tlama hore linaha tseo tse holang haholo-holo tsa Afrika li tle li be ntsoe leng ha ho fihloa Tunis. 

Ho bonahetse hape ho bile le tlhahiso ea hore ho etsoe ho bitsoang Digital Solidarity Fund eo ho thoeng linaha li ithaope ho kenya chelete ho eona, e le chelete e tla holisa maemo a ICT lefatšeng, haholo linaheng tse holang. Re le linaha tse holang re bona hape taba ena a se na bohlaki, hobane rona re lebeletse ba seng ba tsoetse pele ho re tlatsetsa hore re fihlele boemong boo ba seng ba le ho bona, etsoe ba bolelisa, ‘me ka nepo, hore re moraro tabeng ena. 

Re buisane hape ka taba ea batho ba fuoeng matla a ho laola le ho fana ka lilakesense litabeng tsena tsa likhokahanyo le tšebeliso ea marang-rang, e leng ba bitsoang Regulatory Authorities. Ho bonahetse ka kakaretso ea rona re labalabela ntlafalo tšebelisanong ea mebuso le liofisi tsena tse ncha litsamaisong tsa litaba tsa rona tsa puso. Re lumellane hape hore re otlolla melao moo e bakang mathata likamanong tsena, ‘me rona koano Lesotho re se re ntse re leka ho thetha lihlomathiso tsa molao, o teng, tseo re hopotseng ho li teka ka pele ho Paramente pele ho koaloa.  

Taba e ‘ngoe hape eo ke ratang ho e beha ke hore hona lihlomathisong tseo, ke kopile Lesotho Telecommunications Authority ho nhlahlella ka melaoana e tla laola lilakesense tsa li-ea-le-moea, ekasitana le tsona liteishene tsa lithelevishene, kahare ho naha.  Ha ha joale lilakesense ha li qaqise sebopeho sa tšebetso, sebaka seo tšebetso e tšoanetseng ho etsetsoa kahare ho sona (coverage) ekasitana le hona ho laola meeli ea puo, (content) e ka sebelisoang ho ipapisitsoe le melao ekasitana le meetlo ea rona re le sechaba. 

Khang ha e eo, lipelong le likelellong tsa rona ka tlhokahalo ea bolokolohi ba batho ba ratang ho ipolela mesebetsi kahar’a Lefapha lena la khaso, ka kakaretso. Empa bolokolohi bo tsamaea le boikarabello, ‘me ke tokelo ea ‘muso ho thathamisa meeli e joalo, e le hore ho se ke hoa nahaneloa le ha e le hona ho belaellana; ho mpe ho tsepangoe feela molaong le tsamaisong e chatsi ea molao o joalo. 

Ke qetelle ka ho tsebisa ntlo e khabane hore Lekala la heso ka matsatsi a ho feta le ile la etsa tumellano tse pharaletseng le liteishene tsa beng ba tsona tsa hore ‘muso o tla etsa letsoho la monna, mona le mane. Tumellano eo e hlile ha e qaqise hantle meeli ea tlatsetsano eo. Ke sepheo le morero oa ka ho ntlafatsa tšebelisano ‘moho ena, etsoe tumellano ka bo eona e se e saletse ke khoeli feela, e fela. 

Tumellano e ncha e tla nka sebopeho sa tumellano le seteishene ka seng, ‘me e tla ikamahanya le litlhoko tsa seteishene se joalo. Tsena tsohle li tla etsoa ho ipapisitsoe le lakesense e tla beng e fanoe ke LTA tlas’a maemo a macha ao ke seng ke a boletse ka holimo. Tšebetso ena e reretsoe ho tsitsisa likellello le maikutlo a Basotho ka tšebelisano ea muso le li-ea-le-moea sa boithaopo tseo ba tla ikhethela ho li rata ho latela bolokolohi ba bona bo tsetetsoeng molaong oa naha oa motheo. Ho sietsoe lesaka hape litokelo tsa ba pusong ho etsa meralo ka sebopeho sa puso seo bona ba lumelang ho sona. ‘Me nka tiisetsa ntlo e khabane hore re lumellana le bolokolohi bo tsoaloang ke puso ea sechaba ka sechaba, re sa thekesele. 

Ke kopa beng ba li-ea-le-moea tse ikemetseng ho buisana le ‘muso ka kotloloho ka liofisiri tsa ona le ka ‘na hobane ha litaba tsena li hlaha li-ea-le-moeeng, li ka ‘na tsa tsoala maemo a hore ho arabanoe. Taba eo ea ho arabana ha kea ikemisetse eona ho hang, ‘me ka hona ke kopa ba e etsang ho e tlohela hobane ha ke na so sebetsa ka tsela eo. Ke lumela ka botieo ts’ebetsong ea lipuisano le karolelano e lokolohileng ea maikutlo. 

                      Khotso !!!              Pula !!!!               Nala !!!!

27 October 2005

  source: LENA