|
PUO EA MOHLOMPHEHI MOOKAMELI OA NTLO EA SENATE MORENA SEMPE LEJAHA PULONG EA PHUTHEHO EA LESHOME EA SEBOKA SA PELE SA PARAMENTE EA BOTS’ELELA EA LESOTHO KA LA 27 LOETSE, 2005 NTLONG EA PARAMENTE |
|
|
Litho tse khabane, Re boetse re a le amohela tulong ena ea Paramente. Ka hona ke kopa hore le kene mosebetsing ka mafolo-folo le boitelo. Taba ea bohlokoa eo ke kopang ho le hopotsa eona ke poloko ea nako mosebetsing. Ha re fetoleng maoa Baheso molemong oa Basotho bohle. HIV/AIDS Litho tse Khabane li tla hopola hore ha Paramente e phomola li ne li qeta ho fetisa har’a melao e meng molao o thehang Komisi e tla tsamaisa litaba tsa HIV/ AIDS ka har’a naha ena. Molao oo o se o tsoile ‘me ke qholotso e kholo ho Basotho bohle hore Komisi eo e phethe mosebetsi oa eona ka katleho. Re le litho tsa Paramente le Marena a Sehlooho re lokela ho sebetsa ka matla hore kholumo-lumo ena ea HIV/AIDS e fokotsehe haeba e sa fele. Litho tse Khabane li tla hopola hore ha Paramente e ntse e phomotse, li ile tsa ba koetlisong ea ts’ebeliso ea meriana ea HIV/AIDS. Ka hona seo re se kotutseng ‘mokeng oo ha se a lokela ho fella ho rona feela. Re lokela ho sebetsa ka matla hore se anele Basotho bohle tikolohong tsa rona. Hangata lithupelong tsa rona re etsa boitlamo ka lintho tse ‘maloa empa ha re li phethise. Ha re phethahatseng boitlamo ba rona. SEVEN HABITS TRAINING LE COMPUTER TRAINING Litho tse Khabane, Le tla hopola hore ka eona phomolo ena le bile le monyetla oa ho koetlisoa mane ‘Melesi Lodge e le ka sepheo sa ho le nchafatsa mosebetsing oa lona. Ke nka koetliso eno e le ea bohlokoa hoo re lokelang ho bona phapang mosebetsing oa lona. Hantle-ntle motho e mong le e mong o lokela ho nna a nchafatsa litsebo tsa hae le ho li eketsa ‘me ke le lebohetse ruri. Re boetse hape re ile ra rupeloa ka ho sebelisa li computer. Ho na ke qholotso e kholo ho rona re le Litho tsa Paramente hobane re lokela ho etsa mosebetsi oa rona re na le leseli ka seo re se etsang. Ka ho na koetliso eno e tla re thusa ho iketsetsa liphuputso ka li computer. PUSO EA LIBAKA ‘Muso oa Motlotlehi o kentse ts’ebetsong Puso ea Libaka e leng mokokotlo oa puso ea sechaba ka sechaba. Re le Litho tsa Paramente le Marena a Sehloho, re lokela ho sebetsa ka thata hore ts’ebetso ena e atlehe. Moralo oa puso ea libaka o laola hore ts’ebetso e etsoe ke sechaba moo se phelang. Morena e le ts’iea ea puso o na le boikarabello bo boholo tabeng ena, a bile a fuoe matla ke ‘Mopi ho lisa sechaba sena, ho se ahlolela ka toka a sa ee ka ts’obotsi, a sebeletsa morui le mofumanehi ka ho ts’oana. Ka hona ha re tataiseng sechaba se boliseng ba rona ele hore puso ea libaka e tle e re tsoele molemo. MORERO OA TLHOPHO –BOCHA EA PARAMENTE Litho tse Khabane lit la hopola hore morero ona o tsoetsoe ke tlhokomelo ea hore Paramente ea Lesotho e tjametsoe ke mathata a mangata a e sitisang ho sebetsa ka nepo, potlako le ponaletso. Ts’ebetso ena e ntse e tsoela-pele ‘me Komiti e ikarabellang e mothating oa ho fumana maikutlo a sechaba. Ka hona Litho tse amehang li ntse li sebetsa literekeng tsa Lesotho ‘me ba morero ke hore karolo eo e fele haufinyane. Litho tse Khabane li tla hopola hore litholoana tse lebeletsoeng ke hore ts’ebetso ea likomiti e ntlafatsoe, melaoana ea tsamaiso e ntlafatsoe, Maemo a ts’ebetso ea Litho le Basebetsi ba Paramente a ntlafatsoe, ho be le mabala a batalalitsoeng ho lumella sechaba hore se kenye letsoho litabeng tsa Paramente, ho thehoe Komisi ea Bosebeletsi le Botsamaisi ba Paramente, joalo-joalo. Ka hona re lebeletsoe bohle ho atlehisa morero ona. MAETO Phomolong ena Litho tse Khabane, Paramente e bile le maeto a ‘maloa. Ke ile ka etela koana New York ka litaba tsa Inter-Parliamentary Union. Madam speaker o ile a etella pele moifo o neng o ea Cameroon CPA Africa Region le Fiji CPA International. Litho tse ling tsa Komiti ea HIV/AIDS li ile tsa etela Uganda ho ea ithuta le ho nka malebela ka tsela eo naha ea Uganda e sebetsang ka eona litabeng tsa HIV/AIDS. Litho tse Khabane li tla fumana litlaleho tsa maeto ana. PARLIAMENTARY INTERNSHIP PROGRAMME INDIA E le karolo ea boithlopho ba ts’ebetso e tla lohothoa ke Tlhopho – Bocha ea Paramente le ho nka malebela ha re ntse re hlopha Paramente bocha, Deputy Clerk to the Senate le Chief Research Officer ba tla leba India thupelong ea libeke tse supileng ho tloha ka la 13 Mphalane ho isa ho la 1 Tšitoe. Thupelo ena e ts’ehelitsoe ka lichelete ke ‘Muso oa India. BASEBETSI BA TAFOLENG Litho tse Khabane, ke le tsebisa hore basebetsi ba lona tafoleng ba eketsehile. Re se re na le Mrs. ‘Mamonaheng Mokitimi eo e seng e le Clerk Assistant. Ha se motho e mocha. Re ne re ntse re sebetsa le eena feela a le ka Hansard. BASEBETSI BA BACHA BA SENATE Litho tse Khabane, re boetse re na le basebetsi ba bacha ba fihlileng ha re ntse re phomotse. Bona ke Mrs. Diana Molefe – Assistant Human Resource Officer, Mrs. ‘Matebatso Molete – Accountant, Mrs. Queen Molatoli – Financial Controller. Mrs. ‘Makhabiso Moeti, Committee Clerk le Mr. Tekano Mohai – Office Assistant. Lebitsong la lona ke ile ka ba amohela ‘me tsatsing lena ke ba tlisitse ho lona hore ba le tsebe. TSEBISO EA LEFU Litho tse Khabane, tse bohloko ha li fele. Re le tsebisa ka masoabi ka lefu la Ntate Levi Fobo, mosebetsi le rona ka lefapheng la Hansard. O hlokahetse kotsing ea koloi ka la 17 khoeling eona ena ‘me o tla bolokoa Quthing ka la 8 Mphalane. Mohoma temeng Litho tse Khabane. Kea leboha. Khotso, Pula, Nala. 28 Loetse 2005 |
|
| source: |