Polelo ea Mohlomphehi Tona kholo Ha a Tsebisa ka Lefu la Letona la Mesebetsi ea Sechaba le Lipalangoang, Mohlompehi Mofelehetsi Salemone Moerane

  Sechaba sa Heso,

Ke ka masoabi a maholo ruri, 'Muso oa Motlotlehi o phatlalatsang lefu la Letona le Khabane la Mesebetsi ea Sechaba le Lipalangoang, monghali Mofelehetsi Salemone Moerane, eo e neng e le Mokhethoa oa Lebatooa la Koro Koro.

Mohlomphehi Moerane o hlokahalla New Kensington Clinic, Gauteng, hoseng ha Labobeli, 28 Loetse 2004 kamor'a bokulo bo bolelele.

'Muso oa Motlotlehi o se o ntse o sebetsa le lelapa ho etsa litlhophiso tsa phupu a Mofu Mohlomphehi Moerane, 'me sechaba se tla tsebisoa khatelo pele ea litlhophiso tsena.

Molimo o ts'elise Motlotlehi Rabasotho, lelapa la Moerane hammoho e Basotho bohle ka tahlehelo ena; 'me moea oa Mohlomphehi Moerane o phomole ka khotso mohaung oa Morena.

Molimo o boloke Lesotho le Basotho.

          Khotso !     Pula !    Nala !

30 September 2004