Polelo ea 'Muso ka Ketelo ea President ea Botswana, Mohlomphehi Festus Mogae Lesotho La 14 ho isa la 17 'Mesa 2004. |
|
|
Motsamaisi/ Mookameli oa Lipuisano Moetapele oa Ntlo, Baetapele ba Mekha ea Bohanyetsi Marena le Baruti ba Moshoeshoe Kajeno ke kopile monyetla oa ho etsa polelo ka Ntlong ena ho latela ketelo ea bohlokoa ruri eo re tlotliloeng ka eona re le 'Muso le sechaba sa naha ena bekeng e tsoa feta. E sa le sethathong sa polelo ena ke motlotlo ho thoholetsa litokiso tsohle tse entsoeng ho amohela Tau-Tona ea Botswana, Mohlomphehi Festus Gontebanye Mogae le 'M'e Barbara, hammoho le moifo oa bona. Ho phethahetse polelo ea bohlale ea Sesotho e reng "lijo li jeoa ka baeti, moeti tl'o heso re je." Ketelo ena ea Mohlomphehi Mogae, e totobalitse le ho tiisa likamano tse mofuthu tsa setsoalle le boahisani tse teng pakeng tsa sechaba sa Batswana le sechaba sa Basotho. Ke taba e tsebahalang hore likamano tsa lichaba tsena tsa rona ha se tsa maobane, empa ke tsa khale haholo; ha se tsa maiketsetso kapa maiqapelo, ke tse thehiloeng le ho kolla nalaneng le bolenng ba rona. Joaloka ha ho supiloe ka bokheleke ke Lihlooho tsa Linaha tsena tse peli, Basotho le Batswana ke lichaba tse atamelaneng ka puo le ka mekhoa le meetlo ho feta lichaba tse ling tsohle tse phelang mona Afrika e ka Boroa; le liboko tsa rona tse kang Bakoena, Bafokeng, Bakhatla, Batlokoa, joalo-joalo lia ts'oana. Linaha tsena bobeli, e bile Linaha tsa Ts'ireletso tlasa 'Muso oa Manyesemane (British Protectorates), 'me ka bobeli tsa fumana boipuso ka selemo sa 1966, e leng hore ke lithaka hantle-ntle; le hore ka baka leo li okhile ifong le le leng tabeng tsa thuto, puso, kabo ea toka, le bosebeletsi ba sechaba. Linaha tsena li boetse tsa kopanngoa ke tsamaiso ea unifesithi eo li neng li e kopanetse le naha ea Swaziland, e leng "University of Botswana, Lesotho and Swaziland" kapa UBLS, kamoo e neng e tsejoa ka teng, ho fihlela li arohana ka 1975. Bahlanka ba bangata haholo mebusong le bosebeletsing ba linaha tsena ba akhang matona, baahloli ba makhotla a phahameng, bangoli ba baholo ba makala a 'Muso, baokameli ba libanka tse kholo, joalo-joalo - ke ba koetlisitsoeng 'moho mophatong oo - ke bo mphato le lithaka ngoaha. Hape linaha tsena tse tharo li kopanetse setsi sa Koetliso ho tsa Tsamaiso, e leng "Institute of Development Management" (IDM), e le ho nolofatsa koetliso ea bahlanka ba sechaba mafapheng a fapaneng. Setsi sena se ntse se sebetsa hantle le kajeno. Ho feta moo, Botswana le Lesotho ke litho tsa Southern African Customs Union (SACU, tsa Southern African Development Community (SADC) le tsa African Union (AU) le mekhatlo e meng e mengata ea machaba. Re le 'Muso, 'me re le sechaba sechaba sa Basotho, re hopola ka teboho e khaphatsehang, ts'ehetso eo naha ea Botswana e ileng ea re fa eona ho tloha 1970 ha qaka ea lipolotiki e ne e qaleha mona Lesotho. Basotho ba bangata ba ileng ba tloha hae mona ka paleho, ka baka la lipolotiki tse babang tsa naha ena mehleng eo, ba ile ba amoheloa ka mofuthu ke 'Muso le sechaba sa Botswana; 'me Batswana ba se ke ba ba ts'oara joaloka baphaphathehi, empa ba ba amohela hantle joaloka bana ba bo-bona. Ho feta moo, 'Muso oa Botswana o boetse oa e-ba le seabo se seholo tharollong ea qaka ea lipolotiki le liphuputsong tse ileng tsa etsoa ka 1994 kamor'a hore ho khutlisetsoe seporong terene ea puso ea sechaba ka sechaba naheng ena, ha e ne e boetse e faposoa ka thoko ho molao le khetho ea sechaba. Bahlomphehi ba ka, re ka lebala joang tlatsetso ea bohlokoahali e ileng ea etsoa ke mebuso ea Botswana le Afrika Boroa ka sesole sa eona ka 1998 ha Lesotho le ne le aparetsoe ke leru le lets'o la merusu ea lipolotiki! Sesole sa Botswana, se tlatsane le sa Afrika Boroa, se ile sa sebetsa ka boitelo bo boholo ho khutlisetsa litaba tsa Lesotho malulong kamor'a meferefere eo, esita le hona ho rupela le ho hlokomelisa sesole sa Lesotho boikarabello ba sona ba mantlha tlas'a Molao oa Motheo naheng e ipusang le pusong ea sechaba ka sechaba. Kajeno Botswana e boetse e kentse letsoho ts'ebetsong ea bohlokoa ruri ea tlhopho-bocha ea sepolesa sa Lesotho. Le mona ts'epo ea rona ke hore re tla khola tholoana tse hlabosang. Motsamaisi/Mookameli oa Lipuisano, Litho tse Khabane, Sechaba sa heso, Kajeno ke rata ho le bolella ntho e kholo e lokelang ho tsejoa ke Mosotho e mong le e mong, 'me eo e leng phoso e kholo haeba le ne le ntse le sa e tsebe. Le tla hopola hore baphatlalatsi ba bangata ba litaba le bo-ralipoloiki ba bang ba ile ba tlatsa taba ea hore 'Muso oa Lesotho o tjametsoe ke sekoloto se seholo ho hlaha mebusong ea Botswana le Afrika Boroa bakeng sa ts'ebetso ea sesole sa linaha tsena ea ho thusa ho khutlisa khotso le botsitso Lesotho kamor'a liketsahalo tsa tse malimabe tsa 1998. E le ho tlosa khoao tabeng ena, ke rata ho le tiisetsa hore 'Muso oa Botswana o ile oa re Batswana, joaloka Basotho, baa tseba hore "matlo ho cha mabapi" E ke ke ea re ha ba phalletse moahisane le motsoalle oa bona ka metsi le tse ling, ea ba ba lebella ho lefshoa. Ka tsela e ts'oanang, Afrika Boroa e hlile ea nyahlatsa maikutlo ao a ho lefshoa. Efela motsoalle oa 'nete ke ea oang a tsoha le uena maqakabetsing a hao. Ha ho joalo, baheso? Ho feta moo, "mali a llelana, a llelana letsetse." Ho latela tsena tseo ke tsoa li bolela, ho hlakile hore, naha ea Botswana e na le seabo se seholo boemong ba khotso le botsitso bo renang naheng ea rona kajeno. Re ba leboha ka lipelo tsohle tsa rona. Re re le ka moso, baheso. Empa kaholo ho moo, re ts'oanelang ho hopola, rona Basotho, hore "ngoan'a cheleng o ts'aba mollo," hore "leihlo ha le fahloe habeli" le hore le eena "monna h'a bone habeli". Ena e ka ba tsela e ntle ea ho bonts'a teboho ea rona ho ba sa kang ba re ts'abella, le hona hore tlohella re jana joaloka libatana tsa naha. Ha se litabeng tsa lipolotiki feela moo re neng le ts'ebelisano e mofuthu le naha ea Botswana. Le ho tsa thuto ho ntse ho le joalo. Unifesithi ea Botswana e na le mafapha a mangata a sa fumaneheng mona hae. Ka hona e file baithuti ba bangata ba Lesotho sebaka sa ho intlafatsa mafapheng ao. Tlas'a selekane seo re keneng ho sona le 'Muso oa Botswana, ts'ebelisoano ena e tla anela mafapha a mang ho kenyeletsa le toants'o ea HIV/AIDS, eo 'Muso oa Botswana o seng o hatetse pele haholo ho eona. Le ka bona he, chaba sa heso, hore lintho li ngata ha kaakang tse kopanyang Batswana le Basotho, Ke ka hona mebuso ea linaha tsena e bileng ea theha selekane sa kopanelo ho tsa moruo le ntlafatso (Joint Bilateral Commission of Cooperation). Selekane sena se reretsoe ho ntlafatsa maphelo a baahi ba linaha tsena, le hona ho matlafatsa le ho tiisa maqhama a setsoalle le likamano tse mofuthu tseo e sa leng li rena lipakeng tsa tsona. Ketelo ea Motlotlehi Letsie la Boraro le Motlotlehi Mofumahali 'Masenate Mohato Seeiso, Botswana, ngoahola le ketelo ena ea Mohlopmphehi Tau-Tona Mogae le 'M'e Barbara, koano Lesotho monongoaha, ke sesupo se tiileng sa likamanoi tsena tse mofuthu. Ho latela mehloli le metheo ea likamano pakeng tsa Batswana le Basotho, re ts'oanelang ho ithuta ho makhooa hore na ts'ehetsano har'a lichaba tsa lefats'e ke ntho e joang. Lichaba tsa makhooa tse akaretsoang ka hore ke ma-Anglo-Saxon - e leng manyesemane, ma-America, ma-Canada, ma-Australia, ma-New Zealand, le bohle ba habo bona ba phelang linaheng tse ling, tse kang Afrika Boroa, Namibia le Zimbabwe - bana bohle ba bonts'a 'nete ea maele a reng "ts'oeu ha li tsoane". Ts'ehetsano ea bona e ba fa lentsoe le leholo, le matla, lefats'eng. Kamehla ba ema 'moho moo ho leng thata. Le rona Basotho le Batswana re ts'oanelang ho ikana le ho hlapanya ho ema 'moho, ho ba ntsoe-leng litabeng tsohle tse kholo lefats'eng. Le rona re bonts'e hore re "nonyana tsa lesiba" re "bana ba khoale." Litho tse khabane, naha ea Botswana e baloa har'a linaha tse nang le botsitso litabeng tsa puso le tsa moruo.Tsena li etsahala hobane Botswnaa e le naha ea khotso, e nang le metheo e tebileng ea puso ea sechaba ka sechaba, e ts'ehelitsoeng ke puso ea libaka e atlehileng haholo. Joaloka ha le tseba hore le rona mona Lesotho re ntse re itokisetsa ho kena pusong ea libaka, re lumela hore Batswana ba ka re thakela, ba re hlahlella ka malebela, ba re utullela lekunutu la bona la puso e atlehileng ea libaka, 'me e neheletsanang hantle le ea naha ka kakaretso. Mosotho oa khale o ne a opile khomo lenaka ha a re: "Tsela e botsoa ho ba pele !" Ketelong ea hae Lesotho, Tau-Tona Mogae o bile le monyetla oa ho buisana le Ntlo ena e Khabane. Le ikutloetse, ha ke hloke ho pheta mantsoe a hae; 'me kea tseba hore le lumellana le eena hore ntho tse ntle lia iketsetsoa. Ha se mohlolo hore e be naha ea Botswana e na le khotso, e na le botsitso, 'me e atlehile haholo moruong. Lintho tsena Batswana ba li sebelelitse. Le rona Bssotho re ka li fihlela ha re ikemiselitse, 'me re ikobea molao ka nako tsohle, Ha ke re re ts'oane ka maikutlo, etsoe re ke ke ra ts'oana ka maikutlo esita le ka har'a mekha ea rona ka ho fapana. Empa ha bohle re ikobela molao, re tla ba le khotso le botsitso, e bang ke malapeng a rona, likerekeng tsa rona, mekheng ea rona, mesebetsing ea rona, litabeng tsa puso esita le litabeng tsa naha ea rona ka kakaretso. Le lipaki, Bahlopmhehi, hore re se re qalile ho khola litholoana tse molemo tse tlisoang ke khotso le botsitso tse teng naheng ea rona kamor'a likhetho tsa 2002. Ho tloha hona ka 2002, re bile le baeti ba bohloko habholo ba machaba ba kang Mongoli-kakaretso oa Linaha tsa Selekane (Commonwealth Secretary General). Ngoahola re etetsoe ke Mongolo-kakaretso oa Machaba a Kopaneng (UN Secretary General) le ba bang. Re qalile selemo sena ka letoto ba baeti ba bohlokoahali ba machaba ba kenyeletsang Mookameli oa UNESCO (UNESCO Director General), Moemeli ea Khethehileng oa Mongoli -kakaretso oa Machaba a Kopaneng (UN Secretary General's Special Envoy on the Humanitarian Crisis in Southern Africa) hamooho le Baokameli ba UNICEF le UNAIDS (UNICEF Executive Director and UNAIDS Executive Director) le ba bang. Ke mona re sa tsoa ba le ketelo ea molao ea Tau-Tona Mogae e leng e mong oa Lihlooho tsa Linaha tse hlaheletseng ka mehetla mona Afrika. Ho feta moo, liqi tsa naha ea rona lia utloahala tikolohong ena ea rona, esita le hona machabeng, ka lebaka la khotso le botsitso tseo re nang le tsona. Mehlala e seng mekae feela ea seo ke se bolelang ke hore: Kajeno lesotho ke Molua-setulo oa lekhotlana la SADC tabeng tsa Lipolotiki, Ts'ireletso le Botsitso (SADC Organ on Politics, Defence and Security Cooperation); Lesotho ke Molula-setulo oa SADC Parliamentary Forum; ebile ke Molula-setulo oa Komiti ea Phethahatso ea Likomisi tsa Likhetho tsa SADC (The SADC Executive Committee of Electoral Commissions Forum); esita le Molula-setulo oa Boto ea Botsamaisi ba Setsi sa Likhetho Afrika e ka Boroa (Board of Directors of the Electoral Institute of Southern Africa). Hape Lesotho ke setho sa "Caucus" ea Matona a Thuto Afrika (Caucus of the African Ministers of education), ebile le qeta ho tlohela bolula-setulo ba Association for the Development of Education in Africa (ADEA). Kaholimo ho moo, koana Mokhatlong oa Kopano ea Afrika (African Union), Lesotho le khethetsoe ho ba setho sa Lekhotla la Ts'ireletso (Security Council) la pele la Mokhatlo oo; athe koana Machabeng a Kopaneng (UN) teng, Lesotho ke Mookameli oa Boto ea Phethahatso ea UNICEF (President of the Executive Board of UNICEF. Ha ho pelaelo, Motsamaisi/Mookameli oa Lipuisano le Litho tse khabane hore kananelo ena ea boikarabelo machabeng e pakahatsa hore Lesotho le iphumane 21 April 2004 |
|
| source: LENA |