MOLAETSA OA KERESEMESE HO SECHABA SA BASOTHO KA MOHLOMPHEHI TONA-KHOLO MONGHALI PAKALITHA B. MOSISILI          TS'ITOE 2004
  Sechaba sa heso,

E boetse ke nako ea keresemese, mafelo a selemo le qaleho ea se secha. Re le sechaba sa bolumeli, re lokelang ho leboha, ho boka le ho rorisa Molimo Ntat'a rona ka bophelo le limpho tsohle tseo a re fileng tsona ho fihlela mona; re bile re kopa ts'ireletso le paballo e ts'oanang selemong seo re eang re se lebile. Ka ho fetisisa, re leboha Ntat'a rona ea maholimong ka mpho e fetisang limpho tsohle, eo a re teletseng eona, e leng Mora oa Hae ea Mong, Morena le Mopholosi oa rona, Jesu Kreste, eo re hopolang le ho thabela Tsoalo ea Hae nakong ena.

Joaloka ha bohle re tseba, nako ea keresemese le mafelo a selemo, e lokela ho ba nako ea phomolo, nako ea thabo, nako ea kopano e tiileng ea malapa le metsoalle. Ke nako eo ba bangata ba nkang maeto, ho ea phomolong le hona ho etela metsoalle le bang ka bona. Ke nako ea mekete, ea menyakoe, ea boithabiso. Empa ka bomalimabe, nako eona e-ee e fetohe nako ea masoabi le ea lillo ho ba bangata. Ke hona nakong ena moo sekhahla sa tsohle tse mpe le tse sithabetsang maikutlo, se phahamang, joaloka likotsi tsa mebileng tse qetellang ka likholofalo le tahlehelo ea maphelo le thepa; bosholu ba boqhekanyetsi, ba likhoka le ho qheketsa matlung; litlhekefetso tsa mefuta esita le tsona lintoa le lipolaeano; ts'ebeliso e mpe ea tai le lithethefatsi eo hangata e leng sona sesosa sa limpe tse ke seng ke li boletse le tse ling tse ngata. E ka ba hantle hee, Basotho ba heso, hore keresemeseng ena le mafelong ana a selemo, re keng re ikemisetse ho qoba lintho tsena tse soto; re keng re itlhomphe le ho hlomphana; re ipolokeng le ho bolokana; re sielaneng sebaka; 'me re rekolohelaneng, e le hore nako ena ea Tsoalo ea Morena e tle e re tlisetse bohle thabo le mahlohonolo.

Nako ea Keresemese le mafelo a selemo, e boetse ke nako ea boitekolo le boitlhahlobo bo tebileng. Ke nako ea ho hetla morao ho lekola tema eo re seng re e khathile, ho latela mekolokotoane eo re neng re ipehetse eona. Sepheo sa boitlhahlobo bona ke hore selemo se secha ha se thoasa, re be re le malala-a-laotsoe, re tseba hantle moo re ileng ra atleha kapa hona ho khibela, re bile re e-na le meralo e hlakileng ea hore na re ea pele joang.

Ka kakaretso selemo sa 2004 e bile selemo se setle ho rona Basotho. Ha ho pelaelo, mathata a 'nile a e-ba teng mona le mane, ka ha "ho se tsela e se nang moepa." Le tsona liphoso li bile tseng ts'ebetsong le bosebeletsing, etsoe "matsoho ho lutla a sebetsang", le tse kenyang maoto ketaneng e le feela tse pannoeng. Empa ha ho tse kaalo-kaalo tse bohloko tse ka supuoang. Ka kakaretso, khotso le botsitso li 'nile tsa rena naheng ena ea rona, e leng lits'iea tse kholo tsa ntlafatso ea naha le kholiso ea moruo. Sena se ile as fa 'Muso oa Motlotlehi nako ea ho nts'etsa-pele meralo le ho kenya ts'ebetsong maano a reretsoeng ho holisa moruo le hona ho fenya tlala, bofuma, tlhokahalo ea mesebetsi le mafu a kang HIV le AIDS.

Har'a tse ngata tse ka boleloang mabapi le khatelo-pele, re ka qolla tse latelang:

  • Seriti sa naha ea rona seo, har'a tse ling tse ngata, se tlisoang ke puso e ntle e nang le ponaletso, se ile sa tsoela-pele ho khahleha machabeng. Mohlala o totobetseng oa sena ke hore naha ea rona e ile ea phatlalatsoa ke 'Muso oa Amerika, e le e'ngoe ea linaha tse leshome le metso e ts'eletseng, tse hloaetsoeng ho iketela lithuso tlas'a morero oa Millennium Challenge Account (MCA). Linaha tse khethiloeng ke tse ipabotseng ka puso e ntle, e nang le ponaletso, e kenyeletsang bongata, 'me tse nang le maano a matla bakeng sa ho aba toka le kholiso ea moruo. 'Me ke 'nete naha ea rona e fela e e-na le ona makhabane ana a hlokoang. Ke lakatsa ho bolela mona, ka thabo, hore tokomane ea boiketo ba rona e ananetsoe, 'me re fetela mothating o hlahlamang leetong lena la rona la boiketo ho MCA.
  • Ho feta moo, naha ea rona e boetse e fuoe tsoepo ke khamphani ea machaba ea Fitch Ratings ka lebaka la maano a matle a tsamaiso ea lichelete le moruo. Lesotho le nyolletsoe boemong ba BB- (BB minus) ho tloha ho B+ (B plus). Boemong bona re na le Brazil, Vietnam, 'me re kaholimo ho linaha tse kang Indonesia, Venezuela, Turkey le Iran. Ke selemo sa bobeli joale naha ea rona e ntse e behoa boemong bo ka holimonyana, e le sesupo sa hore re ntse re hatela pele, ha rea ema nq'a e le 'ngoe kapa hona "ho fatela morao joaloka khoho." Bona ke boemo bo khothatsang ruri. Ke ka hona naha ea rona e ithaopetseng, e sa ts'abe letho, ho kena tlhahlobong e etsoang ke bo-mphato (African Peer Review Mechanism) malebana le puso le tsamaiso e napahetseng ka kakaretso. Tlhahlobo ena ke ea bohlokoa hobane ke sekala seo linaha tse ithaopetseng ho hlahlojoa, li tla bekhoa ka sona ho bona hore na khatelo-pele e teng kapa li ntse li ritsetsa morao; le ho hlahlelloa ka malebela le maoa moo likhaello li leng teng.
  • Ntlha ea boraro ke hore re phethetse Moralo oa Chebelo-pele ea 2020 (Vision 2020) le Moralo oa Pheliso ea Bofuma (Poverty Reduction Strategy), 'me litokomane tsa meralo ena li tla phatlalatsoa haufinyane. Ka bobeli, litokomane tsena li tla sebelisoa ke sechaba, 'Muso, bo-ralipolotiki, bafani, mafapha a ikemetseng, likereke, le bohle-bohle, e le seikokotlelo le lesupa-tsela toants'oang ea bofuma le nts'etso-peleng ea naha ena ea Lesotho. Phephetso e kholo joale ke hore re roleng lieta re keneng khabong, re phethahatseng meralo ena ea bohlokoa. A re hopoleng hle, Ma-apara-kobo a matle, hore meralo le ha e ka ba metle, ke bo-eona e ke ke ea re fa khotso, e ke ke ea re fepa, e ke ke ea re fihlisa makhulong a matala moo re habileng, ha e sa phethahatsoe. Ka hona, phephetso e kholo e phethahatsong ea meralo ena!
  • Leanong la oona la tlhahiso ea mesebetsi le kholiso ea moruo, 'Muso o fihletse katleho e kholo khoebong le mesebetsing e meholo tlas'a morero oa Africa Growth and Opportunities Act (AGOA). Linaheng tsa Sub-Saharan Africa, Lesotho le ntse le itlhomme pele tlhahisong ea masela le liaparo (textiles and clothing) tse romeloang Amerika. Ka tlhahiso ena, Lesotho le se le khona ho romela kantle ho naha thepa ea chelete e fetang USD400 million, 'me ke Basotho ba fetang 50 000 ba fumaneng mesebetsi tlhahisong ena.
  • Ka lona leano la tlhahiso ea mesebetsi, morafo oa taemane oa Lets'eng-la-Terae, oo e sa leng o koaloa ka 1982, o boetse e butsoe 'me o sebetsa hantle haholo tlas'a Khamphani ea Lets'eng Diamonds (Pty) Ltd. Tlhahiso ea morafo ona ke ea boemo bo holimo 'me 'Muso o se o fumane litsiane (royalties) tse etsang Maloti a limilione tse leshome le metso e 'meli le makholo a mahlano (M12.5 million). Morafo oa Lets'eng ke oona o tsullung ho feta eohle mona lefats'eng, 'me le taemane ea teng ke molleloa limmarakeng tsa machaba. Ho feta moo, morafo ona o se o file Basotho ba ka bang makholo a mane mosebetsi. Morafo oa Liqhobong le oona o tla thakholoa haufinyane. Ha ho pelaelo hore tlhahisong ea merafo ena bohle ba kentseng letsoho ba tla una molemo, le oona moruo oa naha o tla hola, Basotho ba imone monoana.
  • Re ntse re tsoela-pele ho haha le ho ntlafatsa litsela tse kholo le tse ka har'a litoropo e le ho akofisa lits'ebeletso. Ts'ebetso litseleng tse kholo tsa Qhoali-Sekake le Mpharane- Bela-Bela, e ntse e tsoela pele hantle. Tsela ea Likalaneng-Thaba Tseka le eona e se e fumanetsoe lichelete 'me lerole le tla qoba isao. Le seterekeng sa Mohale's Hoek ts'ebetso e qalile tseleng ea Old Hoek- Mpharane; esita le ho tloha Ha Raleqheka ho ea Ha Makhakhe ka lehlakoreng la Mafeteng. Lets'olo la ho ntlafatsa maemo a litsela kahare ho metse ea litoropo, le lona le ntse le tsoela pele ka katleho e kholo Maseru le Teyateyaneng. Ke morero oa 'Muso hore selemong se tlang sa lichelete, ts'ebetso ena e namele literekeng tse ling ho ipapisitsoe le maemo a litsela ka har'a motse-moholo oa setereke ka seng. Ho feta moo, ka lona Lekala la Puso ea Libaka, 'Muso o atlehile ho ntlafatsa mabala a tenese Mafeteng, Mokhotlong le Qacha's Nek; 'me le mona ts'ebetso e fetela literekeng tse ling isao.
  • Ka sepheo sa ho eketsa phepelo ea metsi ka hara naha, 'Muso o thehile Morero o Moholo oa Phepelo ea Metsi Mabalane (Lowlands Water Supply Scheme). Ho feta mona, liphuputso tsa Letamo la Metolong, le reretsoeng ho fepela Maseru le mathoko a eona, li phethetsoe 'me haufinyane le mona lerole le tla qoba.
  • Tlhahiso ea lijo ka temo le leruo la liphoofolo ke leano le ka sehlooohong la 'Muso toants'ong ea tlala le bofuma.. Phethahatsong ea leano lena, 'Muso o qalile ho qhotsisa likhoho tse khoarahlana le ho tsoalisa lipoli tsa lebese ho akofisa kanetso ea tsona sechabeng.  le hoja komello e ntse e iphile matla, re atlehile ho khotsofatsa litlhoko tsa Morero oa Metsi a Lihlaba ka lijo-thollo tsa mats'eliso a ba anngoeng ke Morero. Ka hona, lemong sena Morero ha oa ka oa tlameha ho lata lijo-thollo kantle ho naha. Ka tsela e ts'oanang, tlhahiso ea meroho le eona e bile ntle haholo selemong sena. Hona ke bopaki ba hore ha re ka tiisa ho feta mona re ka tseba ho iphepa.
  • Lekala la Meru le Paballo ea Mobu le thakhotse ts'ebetso ka matla tlhahisong le temong ea lifate tsa meru ea tlholeho le tsa litholoana, haholo-holo morara le liapole. Le kapesong ea libataolo le matsoatlara ka joang esita le ho loants'a khoholeho ea mobu ka ho kata mangope le ho bokella metsi ka ho aha matamo le likhakeletsi.
  • Ka leano la oona la ho ntlafatsa thuto le ho e anetsa ho bohle, 'Muso o thakhotse phepelo ea libuka likolong tse mahareng. Phepelo ena e fane ka khahlametso e kholo ho batsoali ka ha theko ea libuka e le boima haholo mothating ona. Motsoali o lebeletsoe ho lefa M220.00 feela (ha pele ho mona a ne a lefa M1 o20.00) ngoana ka mong, e be ngoana o fuoa libuka tsohle tse hlokahalang.
  • Re thakhotse lipenchene tsa maqheku le maqhekoana, 'me ba lokelang, ba qalile ho amohela lipenchene tsa bona ho tloha ka la 30 Pulungoana, monongoaha. Ka kakaretso, ke maqheku le maqhekoana a ka bang 65 000 a seng a ngolisitsoe, 'me ke a fetang 50 000 a seng a amohetse lipenchene liposong tsohle, naha ka bophara. Bohle ba sa atlehang ho ngolisa le bao e leng hona ba tla fihlela lilemo tse lokelang, e leng tse mashome a supileng (70), ba khobe mats'oafo, mamati a ntse a butsoe liofising tsa Bangoli ba Litereke (District Secretaries) hore ba ngolisoe, le bona ba lefshoe ka nako ea teng. ke lakatsa ho nka monyetla ona ho leboha, ka tsela e khethehileng, bohle-bohle, ba kentseng letsoho katlehisong ea morerohali ona o moholo, ho tloha ha ho thakholoa ngoliso ea maqheku le maqhekoana ka Phato, ho fihlela ha ho qaloa litefo mafelong a Pulungoana, monongoaha. Ke leboha ts'ebelisano, mamello le mamellano tse bileng teng, haholo ho bo-hlooho-putsoa ba rona. Ruri kea le thoholetsa "Putsoa tseso"! Mosotho o be a nepile ha a re "kopano ke matla," hore "mamello e tsoala katleho", le hore "ho etsa hannyane ha ho ts'oane le ho lula".
  • 'Muso o se o hatetse pele haholo tokisetsong ea likhetho tsa Puso ea Libaka le ho kenngoa ts'ebetsong hoa Makhotla a Puso ea Libaka. Tlaleho ea Komisi ea Ts'eho ea Meeli ea Mabatooa a Puso ea Libaka  joale e se e fetisitsoe ka molao (Legal Notice N. 202, 22 Pulungoana, 2004) 'me tokomane ena e se e fumaneha Khatisong ea 'Muso. Le ts'ebetso ea ho thaotha le ho hloaea bahlanka ba baholo ba Makhotla ana e hatetse pele joale. Boikemisetso, ts'epo le thapelo ea 'muso e ntse e le hore likhetho tsena li ts'oaroe pele selemo sena sa lichelete se fela. leha e-ba tieho ka libekenyana e ka ba teng, e tla tsoaloa feela ke lenyora la ho etsa hantle, mosebetsi o tsoileng matsoho. E SENG "hlahla-fethe, mosebetsi ha o etsetsoe makhethe" kapa hona ho hulanya maoto.
  • E le tlatsetso morerong oa ho ntlafatsa maemo le chebahalo ea metse ea litoropo, 'Muso o thakhotse leano le lecha la ho khants'a mebila e meholo ea litoropo tsa rona. Ho feta moo, motse-moholo oa Lesotho, Maseru, o khabisitsoe ka tsela e khethehileng lemong sena ka mabone a Keresemese. Le hoja e shebahala e ka ke ntho e nyenyane, eo ba bangata ba ka e nkang e le ts'enyo ea nako le chelete, mekhabiso ena ke ntho ea bohlokoa e ka tlisang phetoho, ea hlasimolla bophelo ba litoropo tsa rona. Ho feta moo, e ka etsa tlatsetso e kholo leanong la 'Muso la ho hohela bo-ramatsete le bahahlauli ho etela le ho theha mesebetsi naheng ea rona. Ka hona, re mema bahoebi, beng ba meaho, libanka, liofisi tsa sechaba le tsa beng ba tsona, bohle-bohle, ho kopanya matsoho ho ts'ehetsa morero ona oa ho ntlafatsa chebahalo ea litoropo tsa rona, naha ka bophara. Ka mokhoa o ts'oanang kea le mema le ho ipiletsa ho lona, sechaba sa heso, ho ema ka maoto ho hloekisa metse ea rona. Na lea elelloa hore naha ee ea rona e hlasetsoe ke polasetiki? Hohle moo u talimang teng, leihlo le fahloa ke polasetiki! A re tsoeng lets'olo metseng moo ho phutha polasetiki le ho e chesa, ho fihlela ha re fumane mokhoa oa ho e fona molemo hape (recycling). Re ntse re inahanela mekhoa e meng ea ho loants'a tsilafalo e hlahisoang ke polasetiki naheng ena ea rona e ntle!

Benghali ba ka,

Le hoja ka kakaretso re bile le katleho e kana monongoaha, re ntse re e-na le liphephetso tse kholo tse re tjametseng, tseo re hlokang ho sebetsa ka thata ho li fenya.

Le tla hopola hore re ntse re loana e mahlo-mafubelu le sekoeta se HIV le AIDS. Le hoja re tiisitse hakana ha ho e-so bonahale phetoho ea letho. Ka hona, selemong sena 'Muso oa Motlotlehi o ile oa thakhola leano la tlhabollo le tlhahlobo. Ka leano lena motho e mong le e mong, e moholo le e monyenyane, o khothaletsoa ho tseba boemo ba hae malebana le lefu lena e le hore a tsebe ho thusoa nako e sa lumela, le oona 'Muso e be le lipalo-palo tse hlakileng tsa boemo ba sera sena seo o loanang le sona, o tle o tsebe ho ikatela.

Ke boikemisetso ba 'Muso hore sekhahla sa ts'oaetso se khinoe, se se hlole se feta boemo ba 30% boo se leng ho bona ha joale. Re lokela ke hona ho bona hore batho bohle ba e-so ts'oaetsoe, ba lula ba se na ts'oaetso. Ba seng ba ts'oaelitsoe le ba seng ba kula ke AIDS, ba thusoa ka likeletso le ka khahlametso ea litlhare moo ho hlokahalang, ho ba thusa hore ba phele hantle haleletsana. Ba sireletsoe, ba se hobosoe, ba se khetholloe mesebetsing. Ba anngoeng ke lefu lena, ka litsela tse fapaneng, haholo maqheku le likhutsana, ba baballeloe litokelo tsa bona, 'me ba thusoe ka litsela tsohle.

Ho latela thoholetso ena, makala a mangata a 'Muso le mafapha a ikemetseng, a se a thakhotse manane a tlhabollo le tlhahlobo ea boithaopo 'me ba nang le ts'oaetso ba thusoa esita le ka tsona litlhare tse lokelang. Lenane la HIV le AIDS libakeng tsa ts'ebetso, le thakhotsoe ho ruta basebetsi ka lefu lena; ho loants'a khetholo mesebetsing; ho leka ho fetola boits'oaro; le ho khothaletsa bo ramesebetsi ho ba le maano a hlakileng a HIV le AIDS mosebetsing (HIV and AIDS Workplace Policies).

Ho etsa tlatsetso phethahatsong ea leano lena, 'Muso o thehile setsi sa bophelo sa Senkatana, Maseru ka ts'ehetso ea Khamphani ea Amerika ea Bristol Myer Squibb. Setsi sena se fana ka lits'ebeletso tse khethehileng tsa ho loants'a HIV le AIDS, tse kenyeletsang tlhahlobo ea mali, phano ea litlhare (anti-retroviral drugs) le lithupelo ka HIV le AIDS. E se e le bakuli ba ka bang makholo a supileng ba lefu lena ba seng ba ntse ba thusoa ka litlhare setsing sena. Lits'ebeletso tsa mofuta ona li se li thakhotsoe Leribe, Mafeteng le Mohale's Hoek, 'me ke boikemisetso ba 'Muso hore isao li tle li finyelle le literekeng tse ka maloting.

A ke boele ke le hopotse, beng ba ka, hore ke selemo sa boraro joale re le har'a komello e hlalosoang e le e kholo ka ho fetisisa lilemong tse lekholo tse fetileng. Komello ena e mpefalitse boemo ba tlala le tlhahiso ea lijo e seng e ntse e fokola  haholo ka baka la khoholeho ea mobu. Tsena tsohle li eketsa boima ba khatello ea HIV le AIDS, eo le eona e nang le kob'a bohali ho theoheng ha tlhahiso ea lijo ka ha e metsa bona ba lilemong tsa ho sebetsa.

Re leboha ka pelo eohle bafani le metsoalle ea rona e ntseng e re phallela koluoeng ena ea tlala. Leha ho le joalo a re hopoleng hle, Basotho ba heso, hore re ke ke ra phela ka liphallelo ho ea ho ile, etsoe "mphe-mphe ea lapisa, molekane, motho o khonoa ke sa ntlo ea hae." A re pheelleng ho matlafatsa matsapa a ho iphepa malapeng a rona le sechabeng ka kakaresto, etsoe e le taelo ea matlha ea 'Mopi hore motho o tla phela ka mofufutso oa phatla ea hae, E SENG ka liphallelo. Le moo pula li neleng ka nako, motho o hlolloa ho bona sechaba se sa tsoe ho ea lema. Beng ba bolela hore ntat'a bona Mosisili o tla ba fepa! Mohlolo oa taba ruri!

Sechaba sa heso,

pele ke fera polelo ena, ke lebohela Batlotlehi Rabasotho le 'Mabasotho esita le Basotho ka moka, ka mphohali eo ba sa tsoa e fuoa ke 'Mopi, e leng Khosatsana 'Maseeiso. Ka mokhoa o ts'oanang ke lebohela le baena ba Batlotlehi e leng Morena Seeiso Bereng Seeiso le Mofumahali 'Mabereng ba sitsitsoeng ka mpho ea ngoan'a ngoanana, ea rehiloeng 'Masentle. A ba re holele Bakoena bao!

Ke qetella ka holakaletsa Batlotlehi le sechaba sohle, keresemese e monate, mahlohonolo le katleho selemong se secha. ramaseli a re baballe kamehla, a re ekeletse khotso, 'me a re fe le pula tsa mahlohonolo tse nang ka melupe.

 

 Likhomo Basotho !        

07 December 2004

  source: LENA