Puo ea ho Thakhola 'Moka oa Chebelo-pele ea 2020 ka Mohlomphehi Tona-kholo Pakalitha Mosisili

 

Motlotlehi Letsie la Boraro

Mohlomphehi Mookameli oa Ntlo ea Senate

Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano ka Lekhotleng la Sechaba

Mohlomphehi Moahloli e Moholo

Mohlomphehi Motlatsi oa Tona-kholo

Mohlomphehi Mookameli oa Lekhotla la Maipiletso

Matona a Khabane a 'Muso oa Motlotlehi

Bahlomphehi Baahloli ba Lekhotla le Phahameng

Litho tse Khabane tsa Lekhotla la Naha

Your Excellencies  Heads of Diplomatic Mission and Heads of International Organisations

Mohlomphehi Ramolao e Moholo oa 'Muso

Litho tse Khabane tsa Ntlo ea Senate

Litho tse Khabane tsa Ntlo ea Bakhethoa

Balula-Setulo ba Komisi ea Khiro ea Bahlanka ba Sechaba,

Komisi e Ikemetseng ea Likhetho le Komisi ea Khiro ea Matichere

Mongoli e Moholo oa 'Muso

Lihlooho tsa Likereke Lesotho

Baetapele le Baemeli ba Mekha ea Lipolotiki

Bangoli ba Baholo ba Makala a 'Muso

Baokameli ba Sesole, Sepolesa, Mautloela le Lichankana

Litho tsa Komiti ea Popo ea Chebelo-pele

Bahlanka Bohle ba Sechaba

Bontate le Bomm'e

Ke motlotlo ruri ha ke boetse ke fuoe monyetla oa ho ba teng pulong ea 'moka on oa bohlokoa  haholo paleng e naha ena ea Lesotho - 'Moka oa Bobeli oa Chebelo-pele ea 2020 (Vision 2020). Kajeno le 'na nka bua   joaloka Mopesalema eane oa khale ka re: 'Mohope oa ka oa khaphatseha'! 

E se e le nako e fetang lilemo tse peli joale re ile ra epa 'Moka oa pele, moo re neng re thakhola mosebetsi ona o matla oa ho bopa Chebelo-pele ea 2020. 'Moka oo, o ile oa re roma ho hlophisa tokomane ea Chebelo-pele ea 2020, oa ba oa re hlahlella ka malebela, oa re hlaba malotsana ka seo re ts'oanetseng ho se etsa ho fihlela katleho mosebetsing ona o moholo. Le tla hopola hore hara tseo re neng re elelitsoe ho li etsa, ke ho theha Komiti ea Popo ea Chebelo-pele le Komiti ea Bangoli ba Makala a Khethehileng a 'Muso. Komiti tsena tse peli li fetse tsa thehoa, 'me li sebelitse ka matla le bokhabane bo tsotehang hore e be ke mona re na le tokomane ena ea Chebelo-pele ea 2020 eo re kopaneng ho tla buisana ka eona 'mokeng ona.

Mosebetsi oa komiti tsena tse peli, ka tlatsetso ea bahlanka ba 'Muso ba amehang, e bile o mongata haholo, o kenyeletsang ho phunyeletsa le naha ena ea Lesotho. Morero e ne e le ho fuputsa maikutlo a sechaba, ho fumana litaba-tabelo tsa sona ka naha ea Lesotho ho isa selemong sa 2020. Liphuputso tsena li entsoe likarolong le lihlopheng tsohle tsa sechaba ekasitana le ho batho ka bomong. Tokomane e ts'etseng maikutlo ana a sechaba e ngotsoe, 'me, bontate le bomm'e, e teng kapele ho lona hore le e bale le ho e utloisisa. Hape maikutlo ana a sechaba a ile a hapelloa ha ho ngoloa tokomane ea Chebelo-pele ka bo-eona, e leng tokomane eo re bokaneng mona ho e hlahloba.

Mohlomphehi Molula-setulo

Bontate le Bomm'e

'Moka ona o ts'oaroa nakong e thata ruri, nako eo naha ea rona e shebaneng le liphephetso tse matla nts'etso-peleng ea moruo le boleng ba sechaba. Le lipaki, bahlomphehi, hore re mahlatsipa a komello ea litsebi li e hlalositseng e le e mpe ka ho fetisisa lilemong tse lekholo tse fetileng. Ka lebaka la komello ena e hanang ho ea moriting, boemo ba tlala ba aparetseng naha ea rona bo bonahala bo ka 'na ba mpefala. Ke ka hona 'Muso oa Motlotlehi o phatlalalitseng boemo ba tlokotsi ea tlala 'me o ipilelitseng ho bafani le metsoalle ea Lesotho ho re phallela. Re kopile ho thusoa e seng ka lijo feela, empa le ka malebela a ho re thusa ho tsoa boemong bona ba ho hloloa ho iphepa empa 'Mopi a re file mobu, a re file metsi a mangata hoo re bileng re a rekisetsang baahisani, 'me ka holim'a tsohle a re file likelello le matsoho.

Kea tseba hore e 'ngoe ea litaba-tabelo tsa rona kahare ho tokomane ena ea Chebelo-pele ea 2020, ke hore Basotho ba qetelle ba hlobotse bofuma le tlala, ba apere nala, ba hafa ka nkatana. Bontate le bomm'e, boemo bo joalo naha ea rona e ka bo fihlela ha feela re ikemiselitse ho etsa joalo. ke se ke ipiletsa ho lona Basotho ba heso hore re tloheleng ho ba bo-koba-liatlana, re neneng ho etsa matsoho a rona masoto, le ho sama likelello; re sebetseng ka thata ho phethahatsa litaba-tabelo tsena tseo re li lokolisitseng ka makhethe tokomaneng ena ea Chebelo-pele ea 2020; le taelo ea 'Mopi hore motho o tla phela ka mofufutso oa phatla ea hae. Ntlheng ena ea tlhahiso ea lijo teng Mosotho oa khale o  ne a opile khomo lenaka ha a re: 'mphe-mphe ea lapisa, molekane, motho o khonoa ke sa ntlo ea hae'. Ha ho ntho e hlabisang ho feta hore sechaba sa limillione tse peli feela se kope lijo lichabeng tse baloang ka libillione joaloka tsa MaIndia le Machaena! A re ikitlaeletseng ke hona ho khutlisa seriti le tlhompheho ea Basotho kahar'a lichaba tsa Lefats'e.

Taba e 'ngoe e ts'oenyang maikutlo a Mosotho e mong le e mong matsatsing ana, 'me e amang maphelo a rona le moruo oa naha, ke sekhahla se phahameng sa haholo sa ts'oaetso ea lefu la HIV le AIDS. Naha ea rona e aparetsoe ke bofifi 'me e tlokotsing ea batho ba timelang letsatsi le letsatsi ka baka la lefu lena. Litlaleho li supa hore ho timela batho ba ka bang mashome a supileng ka letsatsi. Ha ho potang, le rona re lokela ho phahamisa sekhahla toants'ong ea kholumolumo ena, ho seng joalo e tla re qeta tu!

Ke thaba ho hlokomela hore tokomane ena ea Chebelo-pele ea 2020, joaloka meralo eohle ea 'Muso, ha  e-ea siea litaba tsa toants'o ea HIV le AIDS morao. Basotho ba heso, ke boetse ke ke pheta mohoo oa 'Muso oa lona oa hore re hetleng morao, re khutleleng litloaelong tsa Basotho ba khale, haholo tabeng tsa boits'oaro le tsa thobalano, e le ho fokotsa sekhahla sa ts'oaetso ea lefu lena. Taba e 'ngoe ea bohlokoa ke hore batho ba tsebe maemo a bona ka lefu lena, e le hore ba tsebe ho thusoa ka litlhare le likeletso tse lokelang nako e sa lumela, e se re 'ra aha serobe phiri e s'e jele'. Ka hona, benghali, a re eeng litsing tsa tlhabollo le tlhahlobo, re tsebe maemo a rona re tle re loants'e ntho eo re e tsebang; etsoe Sesotho se re 'ho se tsebe ke lebote'.

Mohlomphehi Molula-setulo

Bontate le Bomm'e

Tsena ke tse ling tsa liphephetso tse kholo tseo re shebaneng le tsona. Leha ho le joalo, mosebetsi boholo o se o entsoe esita le 'ona maano a hlokahalang ho fenya mathata ana, a se a ntse a sebetsoa. Re ka qolla feela maano a kang Pheliso ea Bofuma (Poverty reduction Strategy), Ntlafatso ea Bosebeletsi ba sechaba (Public Sector Improvement Programme), Moralo oa Nts'etso-pele ea Moruo (National Development Plan), le a  mang a mangata ao le 'ona a akarelitsoeng kahar'a tokomane ena ea Chebelo-pele ea 2020.

Tokomane ena eo re bokaneng mona ho tla buisana  ka eona e ts'etse litaba tsa bohlokoa ruri.  Ke eona eo sechaba, 'Muso, boralipolotiki, mafapha a ikemetseng, likereke, bohle-bohle re tlang ho e sebelisa e le seikokotlelo le lesupa-tsela nts'etso-peleng ea naha ena ea Lesotho. Le tla hopola, bahlomphehi, hore 'Mokeng oa Pele o neng o ts'oeroe ka Pherekhong, 2001 holim'a eona tokomane ea, ho ile ha hlopshoa polelo ea chebelo-pele. Polelo ena e ile ea ananeloa ke sechaba liphuputsong tse tsoa feta 'me e baleha tjena:

"Ka selemo sa 2020 Lesotho e tla be e le naha ea puso e tsitsitseng ea sechaba ka sechaba, e nang le sechaba se ntsoeleng, se phelang ka boiketlo ke khotso 'me se phelisanang ka khotso le linaha tsa boahisani. Le tla be le e-na le basebetsi ba koetlisitsoeng 'me ba phelang hantle. Moruo oa lona o tla be a le matla, tikoloho e baballoa le ho laoloa hantle, le motheo oa nts'etso-pele o tla be o tsitsitse."

Ena ke polelo e matla ruri, e phuthetseng ka bokhuts'oanyane, boholo ba litaba-tabelo tsa sechaba. Ke sa pheta le ho le hopotsa mantsoe ao ke neng ke a buoe mohla monene, hona 'mokeng oo oa pele, ha ke ne ke re: "Ha u nka leeto u ts'oanela ho tseba hore na u ea kae, na u tla tsamaea joang, ka tsela efe, le hore na u tla tseba joang ha u fihla teng". Ke motlotlo ho bolela phatlalatsa hore tsena tsohle li teng kahare ho tokomane ena ea Chebelo-pele ea 2020. Ho setseng joale ke hore re roleng lieta, re keneng khabong ho phethahatsa litaba-tabelo tsena tsa Basotho. Ka tokomane ena, mekhatlo le tsona linaha tse nang le mokhoa oa ho re thusa, li tla tseba hore na re habile kae, re hloka eng, 'me li ka etsa tsoho la monna hokae?

Le ka bona he, sechaba sa heso, hore taba e re kopantseng mona e hlile e kholo e nyane, 'me e re qosa hore le rona re tebiseng maikutlo ha re hlahloba tokomane ena. Ke ts'epo ea ka e tiileng hore re tla bang ma-rema-tlou, re beng ntsoe-leng ho hlophisa tokomane eo bohle re ka e emelang, ra e buella ka sebete le phatla e phahameng, ho mang kapa mang, kae kapa kae, neng kapa neng hobane e le ea rona bohle, e le ea sechaba sa Basotho ka moka. Kea tseba hore ha ho tsela e se nang moepa, etsoe  boikarabelo boo re bo filoeng bo le boholo ruri. Kahoo, ha re ts'oaraneng ka matsoho ho nts'a tokomane eo re tla ba motlotlo le ho ikhants'a ka eona.

Mohlomphehi Molula-setulo

Pele ke fera, ntumelle ke lebohe, lebitsong la 'Muso le sechaba sohle sa Basotho, bohle ba kentseng letsoho tlhophisong ea tokomane ena ea Chebelo-pele ea 2020. Litsebi ka bo-mong le ka lihlopha, litho tsa likomiti ka ho fapana, mekhatlo e ikemetseng, bafani ka tlatsetso ea lichelete le likeletso, esita le rona sechaba sa Basotho se ileng sa amohela ka mofuthu ba neng ba ronngoe ho potoloha le ho fuputsa maikutlo, sa ba bulela lifuba tsa sona. Empa, joaloka mohlanka lebitsong la lona bohle, ntumelleng hore ke nke monyetla ona ho leboha ka pelo eohle le ka tsela e khethehileng, Motlotlehi Khosi Letsie III, ha ka lentsoe la hae e le Hlooho ea naha ea Lesotho, a 'nile a nts'a limemo le litaelo ho rona sechaba ka taba ena ea bohlokoa ea Chebelo-pele ea 2020.

Ke qetella ka ho le leboha le ho le amohela 'Mokeng ona oa Bobeli oa Chebelo-pele ea 2020. E se e ka le ka ba le lipuisano tse mofuthu, tsa ahang; 'me tse tlang ho re tsoalla litholoana tse hlabosang, rona hammoho le meloko e tlang.

Bontate le Bomm'e

Ke ka thabo e khaphatsehang ke phatlalatsang 'Moka oa Bobeli oa Chebelo-pele ea 2020 o butsoe. Mohoma temeng maapara-kobo a matle !    

10 June 2004