Puo Ea Mohlomphehi Tona-kholo Ntate Pakalitha Bethuel Mosisili, MP. Ea Ho Thakhola Tokomane Ea Thuto Ka Puso Ea Libaka. Lesotho National Convention Centre, Maseru, La 16 Loetse, 2004. |
|
|
Motlotlehi Letsie la Boraro Mohlomphehi Mookameli oa Ntlo ea Senate Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano ka Lekhotleng la Sechaba Mohlomphehi Moahloli e Moholo Mohlomphehi Motlatsi oa Tona-kholo Mohlomphehi Mookameli oa Lekhotla la Maipiletso Matona a Khabane a 'Muso oa Motlotlehi Bahlomphehi Baahloli ba Lekhotla le Phahameng Litho tse Khabane tsa Lekhotla la Naha Your Excellencies Members of Diplomatic Missions and Heads of International Organisations Mohlomphehi Ramolao e Moholo oa 'Muso Litho tse Khabane tsa Ntlo ea Senate Litho tse Khabane tsa Ntlo ea Bakhethoa Balula-setulo ba Komisi ea Khiro ea Bahlanka ba Sechaba Komisi e Ikemetseng ea Likhetho le Komisi ea Khiro ea Matichere Mongoli e Moholo oa 'Muso Lihlooho tsa Likereke, Lesotho Baetapele le Baemeli ba Mekha ea Lipolotiki Bangoli ba Baholo ba Makala a 'Muso Baokameli ba Sesole, Sepolesa le Lichankana Bahlanka Bohle ba Sechaba Bo-ntate le Bo-'m'e
Kea le lumelisa sechaba sa heso, 'me ke motlotlo ruri ho ba le lona ts'ebeletsong ena e kholo ea ho thakhola tokomane ea "Thupelo ka Puso ea Libaka" Tokomane ena ke ea bohlokoa ruri, e tlang ho sebelisoa ho rupela le ho hlabolla Basotho bohle, ba baholo le ba banyenyane, ka Puso ea Libaka; hore ere re kena Pusong ea Libaka, ba be ba butsoitse, ba e tseba "joalokaha ba loha thapo". Ho feta moo, ke utloa hore buka ena e hlakisa hore na boikarabello ba 'Muso ke bofe, ha ba batho ka bo-mong le ka metse kapa litikoloho, e le bofe. Tsena tsohle, le tse ling tse ngata, li manolotsoe ka botlalo le ka makhethe bukaneng ena eo re bokaneng mona ho e thakhola. Le tla hopola, bahlomphehi ba ka, hore ho latela nalane ea puso naheng ena ea rona, meralo ea Puso ea Libaka e ne e qale khale haholo, selemong sa 1961 ha ho thehoa Makhotla a Litereke (District Councils). Leha ho le joalo, morero ona o motle o ile oa fololisoa ke ha makhotla ana a fanyehoa ka 1966, hoba re fumane boipuso; 'me hoa qetella ho hlakotsoe Molao oa Puso ea Libaka ba bo-oona ka 1968., ke babusi ba nako eo. Ho fanyehoa hoa Molao oa Motheo ka 1970, hona ha ho a ha tima lebone la puso ea sechaba ka sechaba feela, empa ho hlile hoa epela le eona toro ea Puso ea Libaka nalaneng ea puso mona Lesotho. Ka tsela ena, le hoja e se le e le lilemo tse mashome a mararo a metso e robeli (38) joale, Lesotho le fumane boipuso, karolong re kholo ea nako ena, Basotho ba 'nile ba tingoa monyetla oa ho ikhethela, ka litsela tse lokolohileng tse bileng li nang le ponaletso, Makhotla a Puso ea Libaka a tehiloeng ka litho tse ratoang le ho ts'eptjoa ke sechaba sa bakhethi. H feta moo, Basotho ha ba ka ba fuoa monyetla oa Puso ea Libaka le nakong eo Molao oa Motheo oa naha o neng o lumela. Nakong ena eohle merero le meralo ea ntlafatso e ne e kolla ntlo-kholo, 'Musong o moholo Maseru, ho sa natsoe maikutlo le litaba-tabelo tsa sechaba. Le tla hopola hape, benghali ba ka, hore ke ka selemo sa 1993 ha naha ea rona e boetse e khutlela pusong ea sechaba ka sechaba, kamor'a ho sola lefelleng la lipolotiki ka lilemo tse fetang mashome a mabeli. Ho tloha hona selemong seo sa 1993, 'Muso o le oa bonts'a boikemisetso ba oona ba ho khutlisetsa ts'ebetsong leano la Puso ea Libaka, e le ho matlafatsa puso ea sechaba ka sechaba, le ho theolela matla a puso ho se sechaba, moo se phelang teng, metseng e metsaneng. Ka mantsoe a hae, Tona-kholo Ntsu Mokhehle (moea oa hae o phomole ka khotso) o ne a re: "Le khethe banna le basali ba ts'epahalang, ba tlang ho amohela puso ho masole; ba se ke ba ipolokela eona; empa ba e fetisetse ho beng ba eona, e leng sechaba sane se metseng le metsaneng". Hang kamor'a hore re fete Likhetho tse Akaretsang tsa 'Mesa 1993, mothati oa pele oa ho kenya ts'ebetsong boitokisetso ba naha ho ea Pusong ea Libaka, joalokaha Molao oa Motheo o laela, e bile ho thehoa hoa Lekala la Puso ea Libaka ka selemo sa 1994. Har'a mesebetsi ea lona e mengata, lekala lena le ile la abeloa boikarabello bo boholo ba ho bona hore boitokisetso ba ho isa naha le sechaba Pusong ea Libaka, boa qala. E le ho phethahatsa sena, Lekala la Puso ea Libaka le ile la tsoa lets'olo ho fuputsa maikutlo a Basotho, naha ka bophara, holim'a sebopeho sa Puso ea Libaka Lesotho, le melao e lokelang. Ke tseba taba tsena hantle hobane ke bile Letona la lekala leo, 'me nakong eo ra nts'a 'a White Paper on Local Government', eo ka eona re ileng ra thetla sechaba hore se tsoe molomo, se supe tsela e eang Pusong ea Libaka. Ts'ebetso ena ea bohlokoa ea ho fuputsa maikutlo a sechaba, e bile lejoe la motheo tlhophisong ea Molao oa Puso ea Libaka o ileng oa fetisoa ke Paramente ka 1997. Molao ona o fana ka boleng ba leano le sebopeho sa Puso ea Libaka Lesotho. Paramente e boetse ea fetisa Molao oa Likhetho tsa Puso ea Libaka oa 1998, oo ka oona, Komisi e Ikemetseng ea Likhetho (IEC) e neng e apesoa matla a ho hlophisa le ho tsamaisa Likhetho tsa Puso ea Libaka. Motsamaisi oa Ts'ebeletso, Bo-ntate le bo-'m'e, Hoa a hlokahala ebile ho molemo hore ke hlalose ha khuts'oanyane hore na joale ha Molao oa Puso ea Libaka o ne o se o le teng, le oona oa Likhetho tsa Puso ea Libaka, pharela e bile e fe hore ebe re sitiloe ho kena Pusong ea Libaka ka bonako. Ka selemo sa 1998 ha re ea Likhethong tse Akaretsang tsa naha, taba-tabelo ea rona, re le 'Muso, e ne e le hore hong le likhetho tseo, Basotho ba kene Likhethong tsa Makhotla a Puso ea Libaka. Empa joalokaha Mosotho a bolela: "ho bua ha ho ts'oane le ho etsa". Ha ts'ebetso ea ho lokisetsa likhetho tse akaretsang le tsa Puso ea Libaka e ntse e tsoela pele, ho ile ha hlaka hore ho ke ke ha e-ba bobebe ho ts'oara likhetho tsena ka nako e le 'ngoe. IEC, e neng e se e apesitsoe matla a molao a ho hlophisa le ho tsamaisa likhetho tsa Puso ea Libaka, e ile ea supa hore e ka tseba ho lokisetsa likhetho tsena feela kamor'a Likhetho tse Akaretsang. Re kene boitokisetsong ba Likhetho tse Akaretsang, ra ba ra tsoa ho tsona, moea ho foka oa thahasello le tebello e kholo ea hore joale ke nako eo e sa leng Basotho ba e labalabela, e fihlile; nako ea hore ba hlompheloe le ho neoa litokelo tsa bona tsa ho ikhethela banna le basali ba tla bona hore merero ea sechaba ea ntlafatso ea phethahatsoa; ho kenya letsoho ka kotloloho mats'olong a ho etsa maano le liqeto tse amang bophelo ba motho ba letsatsi le letsatsi; le hona ho bona hore matlotlo le maruo a tlholeho a fumanoang libakeng tseo sechaba se phelang ho tsona, a sebelisoa molemong oa sechaba se phelang moo. Bohle re tseba tse ileng tsa etsahala kamor'a Likhetho tseo tse Akaretsang tsa 1998, le mehato eohle eo Basotho, ka tlatsetso ea lichaba tse ling le mekhatlo ea lefats'e, ba ileng ba e nka hore ebe re mona mo re leng teng kajeno. Ke lakatsa ho nka monyetla ona, ho leboha bohle ba leng ba "etsa tsoho la monna" katlehisong ea ts'ebetso eo e kholo, 'me ea bohlokoa ruri, e neng e bile e pota-potiloe ke liqholotso tse ngata, tse boima. Ka ho fetisisa, ke leboha sechaba sa Basotho ka mamello le sepheo tseo ba bileng le tsona, hore ebe kajeno re bokane mona, ho tla ts'ola pitsa ea bobeli ea ho pharalatsa le hp matlafatsa Puso ea Sechaba ka Sechaba naheng ea rona. Ka mokhoa o ts'oanang, ke leboha metsoalle ea rona ea machabeng e sa re ts'abelleng leetong lena. Motsamaisi oa Ts'ebeletso, Bo-ntate le bo-'m'e, Ha ho sa hlokahala hore ke bue ka tse molemo tseo re ka li kholang Pusong ea Libaka, hoba ke bua le bao e leng khale ba sokolohile tabeng ena. Ruri le lipaki hore ka mehla ha Basotho ba bua ka mathata le liqholotso tseo ba tobanang le tsona letsatsi le letsatsi ntoeng e khahlanong le tlala, bofuma, mafu, litlolo tsa molao, ho qolla feela tse seng kae, taba e kholo eo ba sa phetseng ho bolela ha e phuthetse pheko le tharollo ea mathata a naha ana le sechaba se eona, ke "Puso ea Libaka." Hangata mo ho buuoang ka bosebeletsi bo hlephileng, le ho putlama ha lits'ebeletso tsa sechaba; bosholu ba thepa ea sechaba lea ea batho ka bo-mong; tlhokahalo ea mesebetsi; le tse ling tse ngata, Puso ea Libaka e boleloa ke ba bangata e le setlhare se ka tlisang pheko ea 'nete maqakabetsing ana. le teng, ha se h bolela hore Puso ea Libaka ke makhona-tsohle. Empa, ha sechaba se laola bosebeletsi ba sona, le ho kenya letsoho ka kotloloho thrilling ea mathata a se tjametseng, ruri phetoho e kholo e ka fihleloa kapele. Bo-ntate le bo-'m'e, Bohlokoa ba bukana ena, eo kajeno ke leng motlotlo ruri ho e khakola e le tokomane ea 'Muso, ke bo ke keng ba lekanngoa mosebetsing o moholo oa ho rupela le ho hlokomelisa sechaba boleng ba Puso ea Libaka. Bukana ena, joalokaha ke boletse sethathong, e supa seo Puso ea Libaka e leng sona, le seo e se fuparetseng Basotho, le hona ho hlakisa boikarabello le kabelo ea sechaba phethahatsong le katlehisong ea Puso ea Libaka. Ha motho tseba, a utloisisa, a bile a ananela taba le ho lemoha molemo oa eona, o tla e baballa, a e sireletse, le ho sebeletsa hore e atlehe ka linako tsohle. Hoo e leng 'nete ke hore khale Basotho ba tseba ka Puso ea Libaka, 'me khale ba bonts'itse kananelo ea eona. Ba na le lenyora le matla la eona, e bile ba paka lerato leo le ka lipina tseo ba li qapang. Taba e ntseng e saletse morao, eo joale e lokelang ho phethahatso ka sekhahla, ke ho hlahlella Basotho ka malebela a hore ba kenye letsoho ka kotloloho litabeng tse ba amang moo ba phelang teng, ba ipapisitse le maemo a litaba le litlhoko tseo ba li beileng ka tatellano, ho latela bohlokoa le boholo ba tsona. E le ho akofisa thuso ena, 'Muso o se o hloaile mesebetsi e tla theoleloa sechabeng, 'me mesebetsi eo e tla saloa morao ke bahlanka le lisebelisuoa tse tla laoloa ke sechaba phethahatsong ea litabatabelo tsa sona. Ha leoto la Puso ea Libaka le ntse le tiea, 'Muso o Moholo o tla 'ne o hlohlole matla, mesebetsi le lisebelisuoa tse lokelang Makhotla a Libaka Sechaba sa Thesele, Ma-apara-kobo a matle, Joale nako e fihlile ea hore re phethahatseng Molao oa Puso ea Libaka oa 1997 kamoo o hlomathisitsoeng, le Molao oa Tsamaiso ea Likhetho tsa Puso ea Libaka oa 1998 le oona kamoo o hlomathisitsoeng. Ho kena ts'ebetsong hoa melao ena ke phethahatso e hlakileng ea temana ea lekholo le metso e ts'eletseng (106)ea Molao oa Motheo oa naha. Ke elelloa le hore bang ba ne ba se ba teneha ha re ntse re hlomathisa melao ena, ba bona eka rea meneka, athe 'nete ke hore "lepotla-potla le ja poli, lesisitheho le ja khomo". A nke ke boele ke le hopotse, beng ba ka, hore Motlotlehi Letsie III, ha a bula ka molao Tulo ea Pele ea Paramente ea Bots'elela ea Lesotho ka Phupu, ngoahola-kola, o ne a re: "'Muso oa ka o tla kenya ts'ebetsong Molao oa Puso ea Libaka oa 1997, le oa Puso ea libaka oa 1998, ho phethahatsa ts'episo ea oona ea ho theha Puso ea Libaka ka Makhotla a khethiloeng ka bolokolohi ke sechaba". Kea le mema hee, "monamane oa thari e nts'o", hore bohle re amoheleng taelo ena ea Rabasotho, re phethahatseng melao eo ke seng ke e boletse. Ha ke lumele ho sa na le taelo e fetang ena, tabeng ena, eo re sa tla e fuoa, ntle le haeba re e fuoa ke ba seng ba ithobaletse. E ruri, le lumme, 'me re lokelang ho hahamalla pele ho fihlela re kentse sechaba sena sa Thesele Kanana, e leng Pusong ea Libaka. Koloi eo re keneng ho eona joale, leetong lena la Puso ea Libaka, ha e na "reverse" ; e ts'oana le eane ea Major general Phisoane Ramaema, e tla hahamalla pele feela ho fihlela e re kutu! Pusong ea Libaka. Ke ts'epa hore ha ho ba tla e theoha e ntse e matha, hoba ke takatso le morero oa 'Muso hore re e'o honyellang Pusong ea Libaka re ntse re le "marema-tlou , re le ntsoe-leng". Ho fihlela mona moo re leng hona teng kajeno, re ka supa mekolokotoane ea bohlokoa tseleng ea Puso ea Libaka. Eona ke ena;
Ke nako joale, benghali ba ka, hore re amoheleng 'nete ea hore ke takatso ea sechaba sena sa Basotho hore lits'ebeletso le bosebeletsi e be tse arabelang litllhoko le litaba-tabelo tsa sona; hore ke ts'oanelo le tokelo ea sona sechaba, ho supa tsela litabeng tsa ntlafatso libakeng tseo se phelang ho tsona. Ho re sallang joale, rona re le basebeletsi ba sechaba, ke hore re hlomphele sechaba tokelo eo ea sona, etsoe Mosotho o be a "opile khomo lenaka" ha a re: "sechaba ke poho". Motsamaisi oa Ts'ebeletso, Bo-ntate le bo-'m'e, Ke lakatsa ho thetha puo ea ka ka ho lebohela bahlanka ba sechaba ba sebelitseng ka sehlahlo le boitelo, tlas'a tataiso ea Letona le Khabane la Puso ea Libaka le Mongoli e Moholo oa 'Muso, ka ts'ebetso e matla 'me ea bohlokoa ruri, ea ho etsa meralo e supang ka tsela e hlakileng, mesebetsi ea lekala ka leng e tla theoleloa Makhotleng a Puso ea Libaka, le mekhahlelo eo mesebetsi ena le bosebeletsi li tlang ho theoleloa Makhotleng a Puso ea Libaka ka eona. Ntumelleng, bahlomphehi ba ka, hore boele ke nke monyetla ona ho ho hopotsa bohle-bohle hore ho ts'oaroa hoa likhetho tsa Puso ea Libaka le ho kena ts'ebetsong ha Makhotla a Puso ea Libaka, ke taba ea bohlokoa haholo; empa e kholo-kholo ka ho fetisisa ke ho khotsofatsa litaba-tabelo le litlhoko tsa sechaba sa bakhethi. Nako e latelang ho ts'oaroa hoa likhetho le ho kena ts'ebetsong hoa Makhotla a Puso ea Libaka, ke oona motsotso oa bohlokoa o supang hore na rea atleha kapa rea hloleha. Ka nako e ts'oanelang, empa e sa feliseng pelo ho tloha joale, ho tla etsoa phatlalatso ke ba lokelang, hore na Likhetho tsa Puso ea Libaka li tla ba neng. Ke qetella ka ho le mema bohle-bohle hore re nchafatseng boikemisetso, boitelo le boikitlaetso ba rona katlehisong ea Puso ea Libaka. Puso ea Libaka ke mokokotlo o matla, oa 'nete, oa tsoelo-pele ea sechaba le naha; Puso ea Libaka ke leoto la bobeli la bohlokoa tsitsisong ea metheo ea Puso ea Sechaba ka sechaba; Puso ea Libaka ke khoro e kenyang sechaba lefats'eng la "Tsoha o iketsetse, mphe-mphe ea lapisa molekane, motho o khonoa ke sa ntlo ea hae." Bahlomphehi ba ka, Motsotsong ona ke lakatsa ho beha kapele ho kopano ena, bukana ena ea "THUPELO KA PUSO EA LIBAKA, Mokokotlo oa Tsoelo-pele ea sechaba," e le tokomane ea bohlokoa ea 'Muso morerong oa ho rupela, ho manollela, le ho hlokomelisa sechaba, le hona ho pharalatsa kutloisiso ea sona ka Puso ea Libaka. Leha e-ba mesuoe re bangata, empa koma eona e 'ngoe, le pina e 'ngoe. Mohoma temeng beng ba ka.
KHOTSO! PULA !! NALA!!! 20 September 2004 |
|