Puo ea Mohlomphehi Tonakholo Pakalitha Mosisili Mohla Letsatsi la Boipuso La 4 Mphalane 2004

  Kea le lumelisa Basotho ba heso, ma-apara-kobo a matle, bana ba thari e ntšo.

Joalokaha re tseba bohle, e ne e le ka la 4 Mphalane 1966, ha Mofu Motlotlehi Khosi Moshoeshoe II (moea oa hae o phomole ka khotso) a ne a amohela matla a puso lebitsong la Basotho, ho tsoa ho 'Muso oa Manyesemane. Re kopaneng mona ho tšoaea esita le hona ho keteka ka thabo le monyaka o moholo, letsatsi lena la bohlokoa nalaneng ea naha ea Lesotho. Sena se etsahala naha ka bophara ka Matona a 'Muso oa Motlotlehi a eteletseng pele litšebeletsong tsena.

Letsatsi lena la boipuso, le re fa monyetla oa hore selemo le selemo re kopaneng re le 'muso, re le sechaba sa Basotho, ho thaba 'moho; le re fa monyetla oa ho itlhatlhoba re le 'Muso, ho lekola tema eo re seng re e khathile, le hona ho tlalehela sechaba sa Basotho tsa thomo eo se re romileng ho e phetha, e le beng ba puso, 'me rona re le bahlanka, ka ha "sechaba e le poho".

A ke le hopotse he, sechaba sa heso, hore le hoja re fumane boipuso ka 1966, bo ileng ba re tsoalla puso ea sechaba ka sechaba, ka bomalimabe bo boholo mokhoa 'ona oa puso o ile oa phakisa oa hloibiloa ke leholiotsoana ka 1970, eaba o ile!   Ke feela ka 1993 ha sechaba sa Basotho se boela se buseletsoa tokelo ea sona ea ho ikhethela 'Muso o ratoang ke sona, tlas'a puso ea sechaba ka sechaba.

Ho tloha ka 1993, ha naha ea rona e boela e khutlela pusong ea sechaba ka sechaba, tsela eo re e tsamaileng e bile "e moepa, e okamelang lilomo",  joaloka ha moroki a bolela. Naha ea rona ea apareloa ke leru le letšo la meferefere ea lipolotiki, hoo re neng re sa tsebe hantle hore na re ntse re tsoelapele, re eme nqà e le 'ngoe kapa "re fatela morao joalo ka khoho",  ho fihlela kamor'a likhetho tse akaretsang tsa 2002. Le tla hopola hore ka tšehetso ea lona sechaba, 'Muso o neng o tsoetsoe ke likhetho tsa 1998, o bile oa bitsa likhetho pele ho nako molemong oa ho reka khotso. Likhetho tsena tsa 2002 li ile tsa re tsoalla mofuta 'ona o mocha oa Paramante, oo e leng molleloa, ntho e-s'o bonoe Afrika eohle. Kajeno, kahar'a Paramente ea rona, re na le mekha e leshome ea lipolotiki, e leng boemeli ba pharaletseng ruri. Sena se re tliselitse khotso ea 'nete, e seng mabele, le botsitso lipolotiking le pusong; khotso le botsitso tseo e leng litšiea  tse kholo tsa kholiso ea moruo le ntlafatso ea naha le ea maphelo a sechaba ka kakaretso. Efela ruri Mosotho o ne a "opile khomo lenaka" ha a re: "ha ho ntho e mpe ho qeta". Le nkutloe, le se nkutloelle. Ha ke re meferefere e molemo, etsoe ke hlola ke bolela hore ho ne ho sa hlokahale liketselletso le meferefere hore ho fetoloe mofuta oa likhetho le sebopeho sa Paramente ea Lesotho!

Ho latela khotso le botsitso tse renang naheng ea rona kajeno, 'Muso oa Motlotlehi joale o fumane nako ea ho hlahloba lintho tsohle tse ka atlehisang le ho matlafatsa boipuso ba rona le puso ka kakaretso. Ntlheng ena mekolokotoane e mengata eo re ka e supang:

  • Naha ea rona e boetse e na le seriti le tlhompheho machabeng 'me hona ho pakahatsoa ke litile-tile tsa baeti ba machaba bao re bileng le bona. Har'a bona re ka qolla Tau-Tona ea Botswana, Mohlomphehi Festus Mogae le Mongoli-Kakaretso oa Machaba a Kopaneng, Mohlomphehi Kofi Anan.

 

  • Ho feta moo, liqi tsa naha ea rona lia utloahala machabeng, 'me mehlala e seng mekae feela ea seo ke se bolelang ke hore: Lesotho le sa tsoa tlohela bolula-setulo ba Lekhotlana la SADC tabeng tsa Lipolotiki, Tšireletso le Botsitso (SADC Organ on Politics, Defence and Security Cooperation); leha ho le joalo e ntse e le setho Lekhotlaneng lena. Lesotho ke Molula-setulo oa SADC Parliamentary Forum, le oa Komiti ea Phethahatso ea Likomisi tsa Likhetho tsa SADC (the SADC Executive Committee of Electoral Commissions Forum); esita le oa Boto ea Botsamaisi ba Setsi sa Likhetho Afrika e Boroa (Board of Directors of the Electoral Institute of Southern Africa). Lesotho le boetse le khethetsoe ho ba setho sa Lekhotla la Khotso le Tšireletso (Peace and Security Council) la Mokhatlo oa Kopano ea Africa ( African Union). Athe Machabeng a Kopaneng teng, Lesotho ke Mookameli oa Boto ea Phethahatso ea UNICEF (President of the Executive Board of UNICEF). Ha ho pelaelo hore kananelo ena ea boikarabello machabeng e pakahatsa hore Lesotho le fela le iphumane, 'me le fihlile kahare ho batho!

 

  • Re atlehile ho tsepamisa metheo ea puso ea sechaba ka sechaba, eo Basotho ba neng ba se ba lahlehetsoe ke tšepo ea hore e ka hlola e e-ba teng mona Lesotho. Katleho ena, litholoana tsa eona tse ka sehloohong, ke khotso; bolokolohi lipolotiking; bolokolohi ba bophatlalatsi bo pakahatsoang ke li-ea-le-moea le likoranta tse ngata tse ikemetseng, tse sebetsang ntle le tšitiso ea letho ea 'Muso; le bolokolohi ba motho ka mong. Tsena ke lintlha tsa mantlha tseo mebuso e fetileng, e neng e sa khethoa ke sechaba, e neng e li ripitla 'me e bonahala e ikemiselitse ho li felisetsa ruri.

 

  • Hape, re atlehile ho phoka bohale le mathata ao re neng re a bakeloa ke ho hloka botsitso le taolo, haholo-holo mafapheng a tšireletso. Re fihletse katleho e kholo tšebetsong e ntseng e tsoelapele le hajoale, ea ho hlopha bocha le ho rupela mabotho a tšireletso ka sepheo sa ho ntša lipolotiki le bo-ralipolotiki mabothong ana; ho etsa hore ebe mabotho a nang le taolo, boiphihlelo, botšepehi le tsela e ikhethang tšebetsong (professionalism); 'me a ka tšepeloang ho etsa mosebetsi oa 'ona ka makhethe maemong oohle ka har'a naha, esita le kantle ho naha. Botsitso kahar'a mabotho, ha ho pelaelo, ke tšiea e kholo ea khotso le botsitso pusong. Tsena tsohle re tsebile ho li phetha ka thuso ea mekhatlo le linaha tse nang le setsoalle le naha ea rona, 'me liteboho tsa rona ruri li ke ke tsa lekanngoa. Likhatho tsena tsa tlhopho-bocha li se li nametse sepoleseng, lichankaneng le mafapheng a mang a bosebeletsi ba sechaba.

 

  • Le tla hopola hore likhoeling tse ka bang 'ne tse fetileng, President George W. Bush oa naha ea Amerika o ile a etsa phatlalatso e supang linaha tse leshome le metso e tšeletseng, tse kenyeletsang naha ea rona ea Lesotho, tse khethiloeng har'a linaha tse mashome a supileng a metso e supileng tse futsanehileng (Least Developed Countries) hore li thusoe tlas'a Millenium Challenge Account. Phatlalatso e ne e supa hore linaha tse khethiloeng ke tse ipabotseng ka puso e ntle, e nang le ponaletso, e kenyeletsang bongata, 'me tse nang le maano a matle bakeng sa ho aba toka le hona ho fenya bofuma.

 

  • Ke lakatsa ho supa ka tieo hore khetho ena ea naha ea rona ke ntho e kholo 'me ha e ea re oela feela tjee. Ehlile Lesotho le khethiloe hobane le e-na le makhabane ao a neng a hlahlojoa. Ke ka hona le ithaopileng le sa tšabe letho ho kena tlhahlobong e etsoang ke bo-mphato (African Peer Review Mechanism) malebana le puso le tsamaiso e nepahetseng ka kakaretso. Ruri ke hlolloa kamehla ha ke bona moea o soele, o likaqa, oo batho ba bang ba bua le ho ngola ka 'ona ka taba tsena. Hoo ke tšebeliso e mpe ruri ea bolokolohi ba bophatlalatsi kapa ba maikutlo! Ke mpe ke khothatsoe ke polelo e reng: "Li tloheleng li hole 'moho, li tla bonoa mohla kotulo".

 

  • Lesotho le boetse le ipabotse ka sefutho se matla sa ho loantša bobolu le bosholu ka kakaretso. Mona re ka qolla linyeoe tsa bobolu tsa Morero oa Metsi a Lihlaba, Lesotho (LHWP); ho thehoa hoa Ofisi e ncha ea Toantšo ea Bobolu (Directorate for the Prevention of Corruption and Economic Crime); le phatlalatso ea ntoa khahlanong le liketso tsena tse malimabe tsa bobolu, bomenemene le bosholu ba likhoka, tse bonahalang li e-ja setsi morao tjena.

 

  • Ofisi ea Monamoli (Ombudsman) eona e paka kanetso ea bolokolohi ba sechaba, 'nete le toka ho bohle.

 

  • 'Muso ka tšehetso le tšebelisano 'moho ea lona sechaba, o fihletse katleho e kholo mosebetsing o matla oa ho etsa meralo ea moshoelella ea Chebelo-pele (Vision 2020) le Pheliso ea Bofuma (Poverty Reduction Strategy). Meralo ena ke tšupa-tsela leetong lena la rona la bohlokoa la ho ea fihla makhulong a matala. Le hona mona ruri ke tsota kamehla ha ke lemoha mokhoa  phoqang oo bang ba pelo li khubelu ba buang ka 'ona ka meralo ena! Ruri "ho ata ho hanoa ke moloi" !

 

  • Leano la 'Muso thutong ke hore thuto e anele bohle. E le ho fihlela sena re ka qolla likhatelo-pele tse latelang
    • Thuto ea mathomo e sa lefelloeng ke batsoali, e seng e le selemong sa bohlano joale;
    • Lihlapiso baneng ba mafutsana-futse le ba likhutsana le khahlametso ea batsoali thekong ea libuka, mothating oa thuto e mahareng;
    • Keketseho e kholo ea baithuti ba fumantšoang lihlapiso, mothating oa boraro (tertiary level) ka har'a naha le kantle ho naha.

     

  • Pokellong ea lekhetho le lichelete tse ling oona, 'Muso o entse ntlafatso e kholo ka ho theha Lefapha la Pokello ea Lichelete (Lesotho Revenue Authority), kapa LRA kamoo e tloaelehileng. Le hoja LRA esale lesea la selemo feela, e se e tlisitse phethoho e kholo pokellong ea lekhetho. Bohle ba neng ba tseba ho ipata le monyoha pakeng tsa menoana, kajeno "ba kopane le pela li falla"; "ba ke ke ba o besa, oa tuka".

 

  • Sehlohlolo sa katleho ea puso ea sechaba ka sechaba, ke puso ea libaka. Ke ka hona, har'a mathata oohle ao re seng re a lokolisitse a tlhokahalo ea khotso le botsitso, 'Muso oa Motlotlehi o 'nileng oa tsitlallela ho sebeletsa hore o qetelle o fihlisitse sechaba sa Basotho pusong ea libaka. Joalokaha Tonakholo ea mehleng, Mofu Mohlomphehi Ntsu Mokhehle (moea oa hae o phomole ka khotso) a neng a bolele a re: "Le khethe banna le basali ba tšepahalang, ba tlang ho amohela puso ho masole; ba se ke ba ipolokela eona; empa ba e fetisetse ho beng ba eona, e leng sechaba sane se metseng le metsaneng", le kajeno e ntse e le boikemisetso bo matla ba 'Muso ho ea honyella pusong ea libaka. Ka hona, hang kamor'a likhetho tse akaretsang tsa 'Mesa 1993, 'Muso o ile oa kenya tšebetsong leano la theho ea puso ea libaka le phetisetso ea matla a puso sechabeng joalokaha molao oa motheo o laela. Har'a mekolokotoane eo re e fihletseng ka katleho tseleng ena re ka bolela e lateng:
    • Ho thehoa hoa Lekala le lecha la Puso ea Libaka ka 1994;
    • Phetiso ea Molao oa Puso ea Libaka oa 1997, joalokaha o hlomathisitsoe;
    • Phetiso ea Molao oa Likhetho tsa Puso ea Libaka oa 1998, joalokaha o hlomathisitsoe;
    • Tokisetso ea ho theha liofisi tsa Babusi ba Litereke (District Administrators) le tsa Bahlanka ba Baholo ba Mebuso ea Libaka (Chief Executive Officers), e seng e hatetse pele haholo;
    • Ho thehoa le ho phetheloa hoa tšebetso ea Komisi ea Tšeho ea Meeli ea Mabatooa a Puso ea Libaka. Tlaleho ea Komisi ena e se e fetiselitsoe ho Komisi e Ikemetseng ea Likhetho (IEC); le
    • Tlhophiso le ho thakholoa hoa "Thupelo ka Puso ea Libaka", e leng tokomane ea bohlokoa e tla sebelisoa ho rupela sechaba ka Puso ea Libaka.

Tsena tsohle re li atametsa mothating oa mapomela, e leng oa ho tšoara likhetho tsa puso ea libaka. Boikemisetso, tšepo le thapelo ea 'Muso e ntse e le hore likhetho tsena li tšoaroe hona selemong sena sa lichelete.

 

Motlotlehi,

Sechaba sa heso,

Le hoja re atlehile lintlheng tse ngata, ke lakatsa ho le hopotsa hore re ntse re ithoetse meli ka lebaka la sekhahla sa tšoaetso ea HIV le AIDS, tlhokahalo e kholo ea mesebetsi, tlala le bofuma.

Re tlokotsing ke tahlehelo ea maphelo a bana, bacha le batho ba baholo letsatsi le letsatsi e bakoang ke seoa sa HIV le AIDS. Re lekile maoala a mangata empa ho fihlela joale ha ho phetoho e bonahalang. Ka lebaka lena, 'Muso o qalile leoa le lecha le itšetlehileng holim'a tokomane ea bohlokoa eo o sa tsoa e thakhola, e leng "Strategies for Scaling up the National Response to the HIV/AIDS Pandemic in Lesotho". Leoa lena le kenyeletsa motho e mong le e mong ea phelang mona Lesotho; 'me sebetsa se seholo sa lona ke hore motho e mong le e mong, e moholo le e monyenyane, a be le tsebo e phethahetseng ka lefu lena, a ee tlhabollong le tlhahlobong, a tsebe boemo ba hae malebana le tšoaetso e le hore a tle a tsebe ho thusoa; a be a ipaballe, hobane ruri "ho ipaballa ho molemo ho feta setlhare".

'Muso o s'o thakotse lithupelo holim'a leano lena; o thakhotse tlhabollo le tlhahlobo ea lekunutu ea lefu lena; 'me o se o ntse o fana ka litlhare tse thusang ho nyolla masole a 'mele le ho loantša mafu a jellang paate, litsing tse ngata tsa bophelo. Ho feta moo, 'Muso o se o thehile setsi se khethehileng bakeng sa toantšo ea lefu lena, e leng Setsi sa Senkatana, mane Botšabelo, Maseru. Meralo e se e entsoe ea ho aha litsi tse kang sena literekeng tse ling tsa naha, haholo tse ka maloting, ho khahlametsa sechaba sa moo le ho se atameletsa litšebeletso. Ka holimo ho mona, 'Muso o se o nkile mehato ea ho theha Komisi ea Naha ea Toantšo ea AIDS (National AIDS Commission), e leng eona e tla hokahanya mosebetsi 'ona o moholo oa ho bokanela lehlanya lena le khaotseng, ka ha "letšoele le beta poho".

E le ho phethahatsa leano la 'Muso la ho theha mesebetsi, re ahile lifeme le litsi tse ling tsa mesebetsi e meholo. Lifeme tsena li file Basotho ba seng ka tlase ho likete tse mashome a mahlano mosebetsi. Ke morero oa 'Muso hore ha litšebeletso tsa mantlha tse kang litsela, marang-rang a lifono-fono, motlakase le metsi, li ntse li ntlafala le ho anela naha, theho ea lifeme le mesebetsi e meholo e 'ne e name, e be e fihle literekeng tsohle tsa naha, e le ho atametsa litšebeletso sechabeng, le ho qoba tšubuhlellano e bonahalang libakeng tse nang le mesebetsi e joalo.

E ntse e le ka sona sepheo sa ho fumanela Basotho mesebetsi, merafo ea Letšeng le Liqhobong, e boetse e kentsoe tšebetsong. Ho feta moo, ka sepheo sa ho bokella metsi a sebelisoang kahar'a naha malapeng, temong, lifemeng le mesebetsing e meholo, 'Muso o thehile Morero o Moholo oa Phepelo ea Metsi Mabalane (Lesotho Lowlands Water Supply Scheme). Liphuputso tsa morero 'ona li tla phetheloa ka Tšitoe, monongoaha. Ka holimo ho mona, ho tla eketsoa phepelo ea metsi ka maloting moo morero 'ona o sa fihleng (Rural Water Supply). Haele letamo la Metolong, le reretsoeng ho fepela Maseru le mathoko a eona, liphuputso tsa lona li felile 'me haufinyane khaho e tla qala.

Malebana le toantšo ea bofuma le tlala, leano le ka sehloohong la 'Muso ke tlhahiso ea lijo ka temo le leruo la liphoofolo. Ke ka hoo 'Muso o entseng tlhopho-bocha boikarabellong bo pharaletseng ba lekala la mehleng la temo ka ho theha makala a mabeli a macha e leng Lekala la Temo le Kanetso ea Lijo (Ministry of Agriculture and Food Security) le Lekala la Meru le Ntlafatso ea Mobu (Ministry of Forestry and Land Reclamation).

Mothating 'ona, ntumelleng sechaba sa heso, nke ke re khalo ka machabeng ha khutšoanyane. Leano la rona re le Lesotho ke ho phelisana ka khotso le linaha tsohle tsa lefatše. Ke ka hona e leng tumelo ea rona hore tharollong ea litaba tsa machaba, haholo tse amang botsitso, tharollo e fihleloe ka kopanelo (multi-lateralism) ho fapana le ka bonngoe ba bo-mpoli (unilateralism) kapa "khang ea monna e khaoloa ke letlaka".

Re le naha, re tšoenyehile haholo ke liketsahalo tsa bokhukhuni tse bonahalang li e-ja setsi lefatšeng ka bophara, le lintoa tsa merabe, haholo-holo koano Afrika. Litabeng tsena tsohle ke sa tsoa teka maikutlo le ntlha-kemo ea Lesotho ka matla Sebokeng sa Machaba mane New York; 'me kea tseba le tlalehetsoe puo eo, kahoo, ha ke hloke ho e pheta mona kajeno.

 

Motlotlehi,

Bo-ntate le bo-mme,

Ke lakatsa ho fera puo ena ea ka ka ho le behela taba eo ke lumelang hore ke ea bohlokoa naheng e 'ngoe le e 'ngoe e ipusang. Ke taba ea matšoao a bohlokoa a naha e ipusang a kang Folakha ea Naha (National Flag) le Pina ea Sechaba (National Anthem).

Lintho tsena ka bobeli ke tsa bohlokoa tseo naha e ikhethollang ho tse ling ka tsona, 'me li hloka ho khethoa le ho ananeloa e le matšoao a Naha kamor'a litherisano tse pharaletseng, le boimamelo bo tebileng. Matšoao ana a lokela ho ba a khothaletsang bonngoe le kopana ea sechaba; ao moahi e mong le e mong ha a kopana le 'ona, haholo ha a se naheng ea habo, a ka utloang a sisimoha maikutlo.

Ke takatso ea ka ho thokola maikutlo a lona malebana le Folakha ea Naha, e ntseng e sebelisoa hajoale. Folakha ena, joalokaha ba bangata le tseba, e ne e kenngoe tšebetsong ke 'Muso oa Sesole. E ne e le ha o tlosa e neng e ntse e sebetsa ho tloha ha Lesotho le fumana boipuso, hobane ho latela kutloisiso ea ba bangata, mebala ea eona e ne e etsa hore e amahanngoe le mokha oa lipolotiki o neng o busa ka nako eo.

Folakha e teng hajoale, mebala ea eona, e leng bosoeu, boputsoa le botala, e lumellana hantle le lenyora la Basotho la Khotso, Pula le Nala. Ke 'nete e tsejoang le ke tsipa-sehole hore Khotso! Pula! Nala! ke semelo sa Basotho; hohle moo ba kopaneng ba lihella litaba tsa bona ka mantsoe ana.

Le hoja khetho ea thebe e teng Folakheng ea Naha hajoale, e hlalositsoe hantle ke babusi ba nako eo, 'nete ke hore katiba ea mokorotlo, e neng e le teng Folakheng ea pele, ke letšoao le ikhethang leo Basotho ba tsejoang ka lona esita le machabeng. Athe haele thebe eona, ha e khetholle Basotho hobane e fumaneha lichabeng tse ngata tsa Afrika. Ha ho le joalo, hoa hlokahala hore re le sechaba sa Basotho, re tle re inahaneng ka thata ka taba ena ea ho beha mokorotlo sebakeng sa thebe Folakheng ea Naha.

Tabeng ea Pina ea Sechaba teng, a ke le lemose, benghali ba ka, hore tsisinyo e kile ea etsoa ka Paramenteng ea hore ho ke ho hlahlojoe Pina ea Sechaba. Pina ena e bonahala e qapiloe ke balichaba, 'me ha e nepesisi puo ea Sesotho hantle. Mohlala oa sena seo ke se bolelang ke 'ona:

"Ke moo re hlahileng
  Ke moo re holileng"

Ka nepo re lokela ho re:

"Ke moo re hlahetseng teng
  Ke moo re holetseng teng"

Ho feta moo, batho ba baholo ba tla hopola 'me ba tiise 'nete ea hore pina ena e ne e-na le litemana tse ling tse seng li lahliloe kajeno. E 'ngoe eo ke e hopolang e ne e re:

"Le ha ba bang ba re le lenyenyane
 Ho rona le leholo, le re lekane"

Ha ke makale ha temana ena e ile ea lahloa. Ho hlakile hore ka eona balichaba ba qapileng pina ena ba ne ba re nyantša phooko! Ka hona ke le qholotsa hore pina ena e ke e lokisoe kapa ho inahanoe ka tse ling tse nang le moelelo o tšoanang le oa eona 'me tse qapiloeng ke Basotho. Tlhahiso e ileng ea tekoa, ea tšohloa, ea ba ea ananeloa ke Paramente ea Lesotho ka 1996 e ne e hlile e totobetse hore ho sebelisoe pina e reng:

"Morena boloka sechaba sa heso
 U felise lintoa le matšoenyeho
 U se boloke
 U se boloke, Morena
 Sechaba sa heso"

Joaloka ha re tseba, pina ena e fetohile karolo ea pina ea sechaba ea Republic of South Africa. Ho bile bobebe ho naha ena ea boahelani ho etsa joalo hobane pina ena e temana e 'ngoe feela. Sebopeho le moelelo oa eona ke thapelo, thapelo e kopang Morena ho boloka sechaba, ho felisa lintoa le matšoenyeho. Polelo ena e reng: "U felise lintoa le matšoenyeho" e boetse e teng temaneng ea bobeli ea Lesotho fatše la bo-ntat'a rona! Leha ho le joalo, maikutlong a ka, pina ena ka bo-eona, e khutšoanyane haholo hore e ka hla ea bopa pina ea sechaba e felletseng ka bo-eona, ntle le ha eba litsebi li ka re lemosa hore e na e litemana tse ling, kapa liqapi li ka e phaella ka temana tse ling. Empa 'nete ke hore eona ke pina e monate, e hlomolang le ho hlabolla maikutlo a ngoan'a motho!

Pina e 'ngoe ea boraro ke e qapiloeng ke Ntate Karabo Eric Lekhanya e reng:

  1. Morena, hauhela fatše la Lesotho.
    Talima, u bone matšoenyeho a lona.

     

    Chorus:  Khotso e rene kahohle-hohle
                  Pula li ne melubela;
                  Batho ba lule ba ratana
                  Ba lese ho loantšana.

    2.   Morena, hauhela marena a rona.
          A sitse ka bohlale, a buse ka toka.

                        Khotso e rene.......

   3.   Morena, atlehisa le temo ea rona.
         Leruo la naha le re tsoele molemo.

    Khotso e rene.......

   4.   Morena, re thuse ho ntlafatsa Lesotho.
         Moruo oa naha o re tsoele molemo.

    Khotso e rene.......

   5.   Morena, u lebale litlolo tsa rona.
         Hloekisa, hloekisisa pelo tsa sechaba.

    Khotso e rene.......

Joaloka ha re utloa, le eona ke thapelo; thapelo e kopang Morena ho hauhela fatše la Lesotho, marena a rona, temo ea rona, ntlafatso ea Lesotho le teballo kapa tšoarelo ea litlolo tsa rona. Le eona ke pina e monate o hlomolang pelo ea ngoan'a Mosotho.

Le nkutloe hantle hle, beng ba ka, ha ke re ho nkoe efe kapa efe ea pina tsena. Ke mpa ke li supa e le mehlala e haufi. Taba ea ka ke ho phephetsa maikutlo a lona, Basotho ba heso, maapara-kobo a matle, hore re keng re tšohleng taba ena ea Pina ea Sechaba, 'me re aheng le ho fihlela maikutlo a shoetseng.

Joaloka mohlanka le Letona le Leholo la Motlotlehi, ke nka monyetla 'ona ho le hopotsa, sechaba sa heso, hore re ntse re le nakong ea ho rapella pula, ho latela khoelehetso ea Motlotlehi Khosi. Re lipaki bohle hore efela Molimo oa Basotho oa phela, oa re rata ebile oa re utloa ha re hoeletsa ho Eena. Bekeng e fetileng re sitsitsoe ka mafafatsane a matle. A re tiiseng ho rapela, re kope ho ekeletsoa pula tsa mahlohonolo, tse nang ka melupe, pula tsa likhomo le batho! Empa ka holimo ho moo, a re tsoeng ka banna le basali ho ea masimong, re uteng lipeo mobung ka nako ena ea temo. Mongobo o teng, a re eeng masimong, Basotho. Ho se be masimo a lalang, hobane ruri "mphe-mphe ea lapisa, motho o khonoa ke sa ntlo ea hae". Empa joalokaha moroki a bolela sefeleng sa 367, Lifeleng tsa Sione le Bojaki, o re:

"Helang, Lona Lihoai tsa Morena
Le khothaleng, le 'ne le fufuleloe
Kajeno ke motsotso oa ho lema,
Oa ho kotula le 'ona o behiloe.

E, mabelenyana ka seatla,
A jalloang le lihlorong tsa lithaba,
Ruri a tla hoasa mohla a butsoitseng,
E be melilima meru e opaneng."

 

Motlotlehi,

Bo-ntate le bo-mme,

Ntumelleng ke thethe puo ea ka ka ho boela ke supa hore botsitso, khotso le tšireletso ke litšiea tse kholo tsa ntšetsopele ea moruo le boiketlo ba sechaba. Ka hona, liketsahalo tse malimabe tse qalileng ka 1993, 'me tsa fihla sehlohlolong ka 1998, a e ke e be thuto ho rona 'me re hopoleng kamehla hore: "ngoan'a cheleng o tšaba mollo", hore "leihlo ha le fahloe habeli", le hore le eena "monna ha a bone habeli".  Hape re hopoleng hore "ngoan'a mahana-a-joetsoa, o utloa ka leqeba ho opa". Ena e ka ba tsela e ntle ea ho bontša hore re fela re boulela khotso; khotso eo e leng khaitseli ea moholo-holo oa rona, le mothehi oa sechaba sena, Morena Moshoeshoe oa Pele; khotso eo lefatše le re hlomphelang eona kajeno.

Molimo o boloke Batlotlehi!

Molimo o boloke Lesotho!

Molimo o boloke Basotho!

 

For a printable Microsoft Word version, click here.

04 October, 2004