|
|
Motsamaisi/ Mookameli oa Lipuisano
Moetapele oa Ntlo
Baetapele ba Mekha ea
Bohanyetsi
Litho tse Khabane
Marena le Baruti ba
Moshoeshoe
Kajeno ke kopile ho etsa polelo
ka Ntlong ena ho latela phutheho ea bohlokoa ea boikhutso eo Lekhotla la
Matona le bileng le eona Setsing sa Morero oa Metsi a Lihlaba, ha Mohale, ho
tloha ka la 23 ho isa ka la 25 Phato, monongoaha.
Sepheo-pheo sa phutheho ena e
ne e le ho fa 'Muso monyetla oa ho hetla morao, ho itekola le ho hlahloba
tema eo o seng o e khathile, joalokaha e le selemo sa boraro joale o kene
pusong, kamor'a likhetho tse akaretsang tsa Mots'eanong, 2002. Ka
bokhuts'oanyane lintlha-kholo tsa phutheho ena e bile tsena tse tharo:
- Ho hlahloba 'moho
liphephetso tsa puso tse tjametseng Lesotho;
- Ho icheba ka seiponeng,
ho lekola hore na tema e se e le kae malebana le boikarabello boo 'Muso o
bo jereng phethahatsong ea meralo le merero ea oona e kang: Mohoo,
Chebelo-pele ea 2020, Moralo oa Toants'o ea Bofuma, Toants'o ea Bobolu, le
HIV le AIDS, le e meng.
Har'a tse ngata tse ileng tsa
ts'ohloa, re ka qolla lintlha tse latelang tseo ho lumellanoeng ka tsona:
a) Likamano Ts'ebetsong:
E sa le sethathong, Lekhotla la
Matona le ile la hlokomela le ho ananela molemo oa bonngoe, therisano le
ts'ehetsano ka linako tsohle ts'ebeletsong ea sechaba. Joalokaha 'mele o e-na
le litho tse fapakaneng, tseo se seng le se seng sa tsona se nang le
mosebetsi o khetholohileng, oo se ke keng sa o phetha ka makhethe le ka
katleho kantle ho tlatsetso ea litho tse ling, 'Muso le oona, ka makala a
oona a fapakaneng, o lokela ho sebetsa joalo. Ka hona, Lekhotla la Matona le
ile la lumellana ka bohlokoa ba ho aha "thimi" ea 'nete har'a lona esita le
lipakeng tsa Matona, Bangoli ba Baholo le Bahlanka ba Sechaba ka kakaretso.
b) Liphephetso Bosebeletsing
Ba Sechaba:
Lekhotla la Matona le ile la
lumellana ka lintlha tsa sehlooho bosebeletsing ba sechaba tse kenyelletsang:
- Boetapele le
botsamaisi bo chatsi methating eohle ea bosebeletsi;
- Ho hlakisa merero,
sepheo sa ts'ebetso le litebello, esita le ho akofisa phethahatso le
tlhahlobo ea bosebeletsi sechabeng;
- Kabo e hlokolosi ea
lichelete le lisebelisuoa e le hore li anele Makala 'ohle le ts'ebetso ka
kakaretso;
- Koetliso boetapeleng
le botsamaising methating eohle e lokelang, ho bile ho sebelisoa litsebi
le thepa tsa morao tjena;
- Ho thehoa ho hlokolosi
hoa likomitjana tsa Lekhotla la Matona esita le Bahlanka, le ho li fa
boleng ba ts'ebetso (mandate) ea tsona le nako hore li tsebe ho sebetsa;
- Ntlafatso ea likamano
methating eohle bosebeletsing ba sechaba;
- Ho sebeletsa sechaba
ka boitelo, tlhompho, bonako, boikitlaetso le kutloelo-bohloko ka nako
eohle.
c) Bobolu Le Bomenemene
Lekhotla la Matona le ile la
hlahloba tsela eo bobolu le bomenemene li bonahalang li e-ja setsi ka eona,
'me li iphetolang mofets'e bosebeletsing ba sechaba. La ts'oela ka mathe
liketso tsena tse nyonyehang tsa bosholu, bobolu le bomenemene tse thefulang
moruo oa naha ea rona letsatsi le letsatsi.
Har'a tse bonahalang e ka ba
pheko toants'ong ea bosholu, bobolu le bomenemene, Lekhotla la Matona le ile
la lumellana hore:
- Matona, ka bo-mong le
ka bongata, a loants'e bobolu 'me e be mehlala e totobetseng ntlheng ena.
Tabeng ena re ikanne hore leha ho le bobebe ho rehelloa, ho pharoa ka
seretse ka boomo ha o le Letona, re its'ematlele le ho its'oarella 'neteng
re se na letsoalo;
- Ho etsoe letsoso ka
phatlalatso ea qomatsi holim'a bosholu, bobolu le bomenemene. Letsoso lena
le hapelle ho akofisa ka litsela tsohle, ts'ebetso ea linyeoe tsa batho ba
belaelloang ka bobolu le bomenemene tse thethebetseng sepoleseng,
makhotleng esita le Komising ea Bosebeletsi ba Sechaba. lethathamo le
lecha la linyeoe tse thethebetseng methating eohle le lokisoe e le hore li
sebetsoe kapele le ka sefutho;
- Lekhotla le
thehetsoeng ho sebetsa linyeoe tsa bobolu le bomenemene (Commercial Court)
le thusoe ho sisinyeha 'me le sebetse linyeoe e le hore ba ts'oeroeng le
ba belaelloang ba ikarabelle moan ho sa sisinthoe;
- Setsi sa Toants'o ea
Bobolu le Bomenemene (Directorate for the Prevention of Corruption and
Economic Offences) se matlafatsoe ka melao e tla bebofatsa hore ba
jeleng qhoqha, 'me ba ithuisa ka tseo e seng tsa bona,a ba li
hlatsisoe. Hape, moo mefokolo e leng teng, setsi se matlafatsoe ka litsebi
tse kang "Scorpion" ea Afrika Boroa le ka koetliso ea ba abetsoeng
mosebetsi ona o moholo;
- Lefapha la kabo ea
toka le ntlafatsoe, le matlafatsoe, le be le hlabolloe, e le hore le tsebe
ho thula le ho fenya kholumo-lumo ena e bobolu le bomenemene ka ho aba
toka ka mafolofolo, empa ka makhethe. Li-ea ha mahlatsi li ea ka
bohlale;
- Ho hlokahala
tlhopho-bocha le tlhoekiso ea litsela tsa tefo ea lichelete ho tloha
Mokotleng oa 'Muso (Treasury) ho ea Makaleng, esita le ho ea ho ba abileng
ts'ebeletso, ka sepheo sa ho ripitla bomenemene;
- Malebana le bothata ba
hore ho bonahala ketane e hulana faats'e, 'me bosebeletsi bo le monyebe,
kapa be le sieo mafapheng a mang a kabo ea toka, bohle ba nang le kob'a
bohali ba kopane ho tsoma tharollo phareleng ena e le hore ba etse
mosebetsi oa bona oa ho loants'a le ho thibela bobolu le bomenemene.
Mohlala: Likopano tsa abang toka, joaloka sepolesa, bochochisi, mokhatlo
oa liakhente, baahloli, li tsosolosoe ka sepheo sa ho kopanya litheko, - E
SENG ho supana ka menoana - hore toka e ajoe ka bonako, makhethe le
bots'epehi.
- Le hoja bobolu le
bomenemene li bonahala e le mofets;e, e le kobo-anela, ho na
le makala a mang a ithommeng pele. Pheko e lokela ho fumanoa kapele
makaleng a joalo, e le hore mofets'e ona o fenngoe;
- Moo sepolesa se
haelloang, e bang ke ka boiphihlelo ba lipatlisiso kapa ka khaello ea
lisebelisoang, litokiso li etsoe e le hore sesole se tlatsetse, se kene
khabong ka matla le sona, se jelle paate, se etse tsoho la monna, e be
setha se oele ho baetsi ba liketso tsena tse malimabe. Ka tsela ena
bosholu, bobolu le bomenemene li tla fenngoa, li tsomuloe ka metso.
d) Mohoo Oa Lekhotla:
Lekhotla la Matona le ile la
hlahloba lintlha-kholo tseo Lekhotla la Puso ea Sechaba ka Sechaba le ileng
la itlama ka tsona ho sechaba pele ho likhetho tsa 2002. Tlhahlobong eo, la
lumellana ka tse latelang:
- Hore nyalano e kholo e
bonahalang e le teng lipakeng tsa Mohoo, Chebelo-pele ea 2020, Moralo oa
Toants'o ea Bofuma, esita le tse ling, e bebofatsa phethahatso ea
bosebeletsi sechabeng; Mohlala ke liphephetso tseo Mohoo le litokomane tse
boletsoeng li nkang e le tsa mantlha tse kang Khotso le Botsitso, Toants'o
ea Bofuma, Toants'o ea Ts'enyeho ea Naha, Tlhokahalo ea Metsi a
sebelisoang Malapeng; Temong le Mesebetsing e Meholo, Mafu a sa
Phekoleheng, Kanetso ea Puso ea Sechaba ka Sechaba, Paballo ea Maqheku le
Batho ba nang le Bokooa, Kholiso ea Bana le Ts'ireletso ea Bana le Basali;
Toants'o ea Litlolo tsa Molao, Ntlafatso ea Bosebeletsi ba Sechaba le
Toants'o ea Bobolu, esita le Pokello ea Makhetho;
- Hore tema e
khathiloeng ts'eka-ts'ekong ea liphephetso tsena lilemong tse peli tse
fetileng, ea khothatsa. Leha ho le joalo, khatelo-pele eo ke qholotso ea
hore bohle ba labalabelang ho bona Lesotho le tsoela pele mafapheng 'ohle,
ba phahamise litlhako ka tieo, etsoe e le boikitlaetso ba 'Muso hore
litlhako li fele li phahame bosebeletsing ba sechaba;
- Hore phethahatsong ea
lintlha-kholo tse akarelitsoeng litokomaneng tsena, Matona le Bahlanka ba
Sechaba ba lokela ho hata ka thata ho bona hore lichelete tse abiloeng ke
paramente li sebelisoa ka nako 'me ka hloko ho isa lits'ebeletso sechabeng;
- Hore nako e fihlile
joale ea hore Matona a boele a tlalehele sechaba hape hore na Chebelo-pele
ea 2020, meralo le merero ea 'Muso, liphephetso, sepheo sa Lekala ka leng,
bosebeletsi ba sechaba, le tse ling, li maemong afe, tema e seng e
khathiloe e kae, terene e ntse e le seporong kapa e s'e khelohile;
katleho e ho kae, pharela eona e ho kae, 'me e rarolloa joang. Tlaleho e
joalo e phatlalatsoe thelefisheneng le se-ea-le-moeeng sa sechaba esita le
ho tse ikemetseng, e le hore sechaba se rue tsebo.
e) Liphutheho Tsa Lekhotla
La Matona:
Ho fihlela mona Lekhotla la
Matona le na le phutheho tse peli ka beke - ka Mantaha ka 17h30 State House,
le ka Labobeli ka 08h30 Ofising ea Lekhotla la Matona (Cabinet Room),
Qhobosheaneng. Phutheho tsena li fapane ka mokhoa oa ts'ebetso le ba li
kenang, empa li a neheletsana. Ea 'Mantaha ke ea litherisano (informal) athe
ea Labobeli ke ea liqeto (formal). E le ho fa likomiti tsa Lekhotla la
Matona nako ea ho sebetsa, re entse qeto ea ho arola phutheho tsena ka beke
- ke hore phutheho e be 'ngoe ka beke, 'me mefuta ena e 'meli ea liphutheho
e fapanyetsane libeke. Re ts'epa hore tokiso ena e tla ntlafatsa ts'ebetso
ea Lekhotla la Matona, e akofise ho etsa liqeto hobane mosebetsi oa
liphuputso o tla etsoa ka likomiti tsa Bahlanka le tsa Matona. Empa ho ho
hlokahala Lekhotla la Matona le tla 'ne le kopane phuthehong tse
khethehileng kapa tsa ts'ohanyetso.
f) Ntlafatso Ea Meputso Le
Litsiane Tsa Maparamente:
Lekhotla la Matona le ile la
hlahloba boemo le mosebetsi oa Paramente naheng e busoang ka puso ea sechaba
ka sechaba. Ho hlakile hore Paramente ka kakaretso e saletse morao haholo ha
e bapisoa le maoto a mang a pitsa ea puso e maoto a mararo. Mohlomong taba
ena e tsoetsoe ke hore naha ena e ile ea busoa ka ntle ho Paramente nako e
telele haholo. Litholoana tsa boemo bona ke hore Paramente ea Lesotho e
sitoa ho hohela batho ba nang le litsebo le boiphihlelo tse hlokahalang
mehleng ena ho ntlafatsa naha. Ka baka leo Lekhotla la Matona le bona
bohlokoa ba ho theha komisi e tlang ho hlahloba maemo a Paramente le litho
tse khabane ka kakaretso ka sepheo sa ho abela Paramente le Maparamente
tlhompheho le seriti tse lokelang.
g) Likamano Lipakeng Tsa
Matona le Bangoli Ba Baholo:
Letsatsing la boraro la
boikhutso bona, Lekhotla la Matona le ile la kopana le Bangoli ba Baholo ba
Makala ho hlahloba taba ea likamano pakeng tsa Matona le Bangoli ba baholo.
Ena ke taba e kholo 'me ea bohlokoa ruri, e ka khinang kapa ea atlehisa
ts'ebetso eohle ea Lekala esita le ea 'Muso ka kakaretso.
Ke ile ka thakhola lipuisano ka
ho hopotsa Matona le Bangoli ba Baholo ba Makala hore bosebeletsing ba
sechaba, ba be ngatana-nngoe. Ka bonts'a ke sa thekesele bohlokoa ba
likamano tse mofuthu lipakeng tsa bona. Ka ba eletsa hore ba sebetse joaloka
kobo le lemao, mathe le leleme, kapa setempe le amfolopo. Ka supa
hore sepaneng ha ho sotha liforose, eba tsohle li tla therekella ho sotheng,
li kenye maoto ketaneng, 'me tema e senyehe.
Matona le Bangoli ba Baholo ba
lumellane ka tieo 'me ho se qea-qeo hore:
- Bosebeletsi ba sechaba
bo hloka boitelo, sefutho le thahasello ea ho etsa hantle ka nako eohle;
- Mosebetsi le
boikarabello ba Letona esita le ba Mongoli e Moholo li hlakile, 'me ha li
loants'ane, hantle-ntle li lokela ho matlafatsana. Ha Letona le phetha
mosebetsi oa lona oa ho etsa le ho hlakisa meralo ea puso le bosebeletsi,
le laola le ho supa tsela ea ts'ebetso, Mongoli e Moholo eena o lokela ho
etsa mosebetsi oa hae oa phethahatso, oa ho tsamaisa le ho hokahanya tsa
ts'ebetso, ho kenyeletsa le bahlanka, lichelete, lisebelisuoa tse ling,
esita le nako. Ha e mong oa batho ba babeli bana, haholo-holo Letona, a
leka ho etsa mosebetsi oohle a sa natse hore lets'oele le beta poho,
mosebetsi oa kopaneloa, o tla phakisa a thule thaba;
- Tlhompho, tlhomphano,
boikokobetso le ts'epano le letotolo, ke seikokotlelo sa bohlokoa
bosebeletsing ba sechaba;
- Ke bohlale hore, e sa
le sethathong sa ts'ebetso, Letona le Mongoli e Moholo ba lule faats'e ba
buisane, 'me ba lumellane ka chebelo-pele ea Lekala le tsela ea ts'ebetso,
haholo-holo karolelano ea mosebetsi, ho ipapisitsoe le melao le melaoana e
tataisang ts'ebetso;
- Letona le Mongoli e
Moholo ba lokela ho kopana khafetsa - hang ka letsatsi kapa bonyane habeli
ka beke - ho lumellana ka tsela ea ts'ebetso, lintlha tsa sehlooho tsa
eona, sepheo sa eona le hore na mosebetsi o ntse o phethoa joang. Bohlokoa
ba likopano tsena bo boholo, ruri;
- Ka nako eohle Letona
le hopole 'me le amohele hore Mongoli e Moholo ke moeletsi oa lona oa
mantlha. Empa hona ho se ke ha tolokoa e le thibelo ea hore Letona le ka
fumana boeletsi le litlaleho ho ba ka tlaase ho Mongoli e Moholo;
- Ka mehla Letona le
thuse Mongoli e Moholo hore a iphumane a sebetsa hantle, a ipabola, a
laola ba ka tlaase ho eena ka bokhabane, ka boikokobetso le ka tlhompho,
esita le ka ho aba mosebetsi ka toka;
- Empa le teng, Mongoli
e Moholo a phaphame, a tsoke sephali, e be motjoli oa sebele
feela a ntse a ikokobelitse;
- Letona le Mongoli e
Moholo ba ele hloko hore ea bohlale o ithuta kamehla, esita le ho
ba banyenyane lilemong kapa bosebeletsing, ka ha le bona ba le bohlokoa
ts'imong ea bosebeletsi, etsoe bohlale ha bo ahe ntlong e le 'ngoe.
h) Phethahatso:
Matona le Bangoli ba Baholo ba
lumellane hore phethahatso bosebeletsing ba sechaba ke ntho ea mantlha.
Bohle ba ananela hore ke sona feela sekala se ts'epahalang mesebetsing ea
mebuso. Ts'epo ea sechaba e tla matlafatsoa ke ha bosebeletsi bo
phethahatsoa ka nepo, makhethe le bonako.
Motsamaisi/Mookameli oa
Lipuisano
Litho tse Khabane le sechaba
sa heso,
Ena e bile e 'ngoe ea
liphutheho tse atlehileng haholo eo ba bangata ba khotseng litholoana tse
molemo ho eona. Ho hlakile, bahlomphehi ba ka, hore lithupelo tsa mofuta ona
li lokela ho ts'oaroa khafetsa, e le eona tsela ea ho itlhahloba, ho
its'oaea liphoso, le hona ho ikotla sefuba moo re nepileng. Ho feta moo,
liphutheho tsa mofuta ona li matlafatsa likamano pakeng tsa litho tsena tse
fapakaneng tsa 'mele o le mong, e leng puso, e le hore li 'ne li hule 'moho,
e be Marema-tlou, li be ntsoe leng ho isa sechaba sena sa Thesele makhulong
a matala. Re theoha Ha Mohale re nchafalitse likano le sepheo sa ho nepa; re
le morolo ho matlafatsa bobeletsi; le ho eketsa sekhahla phethahatsong ea
Mohoo oa LCD le meralo e meng ea nts'etsopele.
Mathetho:
Ke fera le ho thetha polelo ena
ka ho supa hore ke susumelitsoe ho etsa tlaleho ena ke lenyora la ho sebetsa
ka ponaletso; ho fokotsa lehala la ba balang lengolo le le ka amfolopong; le
ho qoba ho etseletsoa ke 'mehloli e ka hare'. Sesotho se se: "Leihlo ha
le fahloe habeli", le hore "monna h'a bone habeli". Ke ntse ke hopola ka
hloko liketseletso tse neng li latele boikhutso ba Matona Ha Katse ka 1998!
Ke 'nete maemo a kajeno a fapane haholo le a 1998, empa "Mutla
kotloa-tsebe ha o bothe".
10 September 2004
|