|
Molaetsa oa Motlotlehi Letsie III oa Litakaletso le Mahlohonolo a Selemo se Secha |
|
Sechaba sa heso,Ha e le mona re le mafelong a selemo sa likete tse peli le metso e mene (2004), ntumelleng hore ke nke monyetla ona ho le lumelisa hohle-hohle moo le leng teng le ho le lakaletsa mahlohonolo a selemo se secha. Ka mokhoa o ts'oanang, ke ts'epo ea ka hore le lona, le tla hopola ho arolelana litakaletso tse monate le malapa a lona esita le metsoalle. Ka holimo ho tsohle, re lokela ho isa liteboho tsa rona ho Morena Molimo ka paballo eo a re fileng eona le tsohle tseo a re etselitseng tsona selemong sena. Sechaba sa heso, ke toka le ts'oanelo hore re rapelleng bana ba bo rona ba re sehileng selemong sena se felang, 'me re ba kopele kamohelo e mofuthu 'musong oa Leholimo. Hape, ha re hopoleng bana ba bo rona ba liphateng tse chesang esita le ba kulang ba ntse ba tsamaea, hore Morena Molimo a ba hauhele 'me a ba folise mahlabeng a bona. Basotho ba khabane, mafelo a selemo re fa monyetla oa ho hetla morao le ho lekola hore na re khathile tema ho kae ntlafatsong ea bophelo ba rona. Bo-'me le bo-ntate, lilemong tse fetileng, ke ile ka bonts'a ho ngongoreha ke boemo bo hlobaetsang ba moruo oa naha ea rona 'me ka supa mats'oao a boemo bona e le tlhokahalo ea mesebetsi, tlala le bofuma. E le mokhoa o mong oa ho fokotsa tlhokahalo ea mesebetsi, bofuma le tlala, ke ile ka tsoelapele ho etsa thapeli ea hore re kopaneng le ho ts'oarana ka matsoho ka sepheo sa ho bopa moralo oa nako e telele o ka ntlafatsang naha esita le bophelo ba rona. Ka morao ho moo, ho bile le liphutheho tse ngata tse akaretsang mekhahlelo eohle ea sechaba sa rona tse ileng tsa hlahisa maikutlo hore na naha ea rona e ka ntlafatsoa joang. Kamor'a khoelehetso ea la 24 Mots'eanong, 2004, Komiti ea Ts'ebetso e ile ea kopana ho shebisana le ho hlohonolofatsa tokomane ea bohlokoa ea Chebelo-pele (Vision 2020). Ke thaba ho le tsebisa hore tokomane ena e felile 'me e tla fumaneha haufinyane. Tebello ke hore meralo eohle ea 'Muso e tla ipapisa le maikutlo ana a lona. Hape, ke ts'epo le tebello ea ka e sa thekeseleng hore Mosotho e mong le e mong o tla ts'ehetsa boikitlaetso bona 'me re ts'oaraneng ka matsoho ea moo ntlo e chang teng. Ke qetella ntlha ena ka ho isa liteboho tsa ka tse khethehileng ho bahlanka bana ba lona le litsebi tsa mosebetsi ona o motlehali, esita le 'Muso ka ts'ehetso ea oona boitokisetsong bona . Ke boele ke lebohe le metsoalle ea rona e ileng ea kenya letsoho ts'ehetsa morerohali ona oa bohlokoa. Sechaba sa heso, leha e le mona re sebelitse ka thata ho etsa moralo oa nako e telele, oo re hopolang hore phethahatso ea oona e tla re nts'a bofumeng, re nts'e re tjametsoe ke mathata a letsatsi le letsatsi. Har'a mathata na, re ka qolla lefu la HIV le AIDS e le bothata bo ka sehloohong hobane le ntse le sena pheko empa, ntho e bohloko ke hore, moo le fetileng teng, le siea mahlomola le masisa-pelo. Ke sa boetse ke pheta mantsoe a ka a maoba mona, ha re ne re le Mohale's Hoek, ha ke ne ke re, "ha re na boikhethelo ha e-se ho etsa meralo le ho ithukhubetsa ka matla ho loants'a le ho thibela hlaha ena hore e se kekele ho feta ka moo e seng e jele setsi ka teng. Ha re sa etse joalo, naha ena ea rona e tla fetoha lesupi 'me Basotho ba bangata ba tla timela ka bongata bo fetang boo re kileng ra bo bona lintoeng tse ngata tseo Lesotho le kileng la li loana." Hona moo Mohale's Hoek, ke ile ka lokolisa lintlafatso tseo 'Muso o li entseng toants'ong ea lefu lena, tse kang:
Sechaba sa heso, ha re sebeliseng menyetla ena ho fokotsa sekhahla sa lefu lena. Pele ke feta ntlha ena, ke rata ho le hopotsa hore mohoo oa machaba oa selemo sena o re: "Basali, Banana le HIV le AIDS", ha leano le o felehetsang lona le re: "Ts'ehetso ea bo-'me le banana e tla tlisa phetoho toants'ong ea HIV le AIDS". Lipolelo tsena tse peli ke qholotso ho bo-ntate le bahlankana ho khaotsa tlhekefetso e malimabe ho bo-'me, baroetsana le bana, e bonahalang e jele setsi matsatsing ana a morao tjena. Bo-'me le bo-ntate, le tla hopola hore e se e le nakoana ho sebetsoa ka thata ho lokisetsa ho thehoa ha Makhotla a Puso ea Libaka. Sepheo sa mantlha sa puso ea libaka ke ho thopothetsa puso ea sechaba ka sechaba le hore re iketsetse meralo ea ntlafatso re be re e phethahatse litikolohong tseo re phelang ho tsona. Le tla lumellana le 'na, Basotho ba khabane, hore puso ea libaka, ke o mong oa meralo ea bohlokoa bophelong ba rona 'me ke etsa thapeli ea hore bohle re hle re itokisetse ho kenya letsoho ka matla likhethong tsena tse tlang tsa puso ea libaka. Litlhopho ke hore likhetho tsena li tle li ts'oaroe ka 'Mesa selemong sena se tlang. Joaloka ha re ile ra bonts'a sehlahlo likhethong tse akaretsang tsa naha, ke ts'epo ea ka hore le ho tsena tsa puso ea libaka, re tla kena ho tsona ka sefutho se seholo. Sechaba sa heso, ke qetella puo ea ka e koalang selemo sena 'me e re bulelang se secha ka ho le lakaletsa mekete e monate ea mafelo a selemo le mahlohonolo a selemo se secha. E se e ka Molimo ea matla ohle a ka re putsa ka tsohle tseo re li labalabelang ho ntlafatsa bophelo ba rona, 'me a ke a re hlohonolofatse ka ho re fa botsitso, boiketlo le khotso.
Molimo o boloke Lesotho le Basotho31 December 2004 |
|
| source: |