Polelo ea Mohlomphehi Motlatsi oa Tona-kholo ebile e le Letona la Thuto le Koetliso, Ntate Lesao Lehohla, ha a Koala ka Molao 'Moka oa Bobeli oa Sechaba Holim'a Chebelo-pele ea Naha |
|
|
Ntate, Motlotlehi Hlooho ea Naha hammoho le Motlotlehi Mofumahali 'M'e 'Masenate Mohlomphehi Tona-kholo Hlooho ea 'Muso Mohlomphehi Molula-Setulo oa Ntlo ea Senate 'M'e Motsamaisi oa Lekhotla la Sechaba Matona a Khabane a 'Muso Litho tse Khabane tsa Lekhotla la Sechaba hammoho le Ntlo ea Senate Litho tse Khabane tsa Lekhotla la Naha Baemeli ba Linaha le Mekhatlo ea Machaba Baetapele ba Khethehileng le Baemeli ba Mekha ea Lipolotiki Bamemuoa bohle ba khethehileng Le lona bohle sechaba sa heso se teng koano Kajeno re fihlile qetellong ea matsatsi a mabeli, a 'moka oa sechaba holim'a Chebelo-pele. Ke lakatsa ka boikokobetso le thabo e kholo, ho le leboha ka pelo eohle, ea ka, lebitsong la 'Muso, ha le bile teng 'me le bile la kena lipuisanong holim'a ketsahalo ena ea bohlokoa, ea naha ena. Har'a lipuisano tsa 'moka ona ho hlahile lintlha tsa bohlokoa haholo, tse tla nonts'a esita le ho ntlafatsa tokomane ea Chebelo-pele ea sechaba, e tla phetheloa haufinyane, hona matsatsing ana. Lipuisano tsa rona 'mokeng ona oa bohlokoahali, li bonts'itse ka mokhoa o totobetseng, o sa sieang khoao ho mang kapa mang, hore ke 'nete, sechaba se ka itherela bokamoso ba sona ha feela se e-na le maikemisetso a sebele a ho etsa joalo. Bo-'m'e le bo-ntate, Tse'betso ea ho bopa tokomane ea Chebelo-pele, ea sechaba sa Basotho e ka be e sa atleha ha e ne e se ka ts'ebelisano-'moho e matla, ea boitelo hape e mafolo-folo e e ntsoeng ke Komiti ea Naha, ea Chebelo-pele. Komiti ena ruri e entse mosebetsi o khabane, oo re leng motlotlo ka oona. E le hore ts'ebetso ena e kana-kana e phethahale hantle, ho ne ho hlokeha hore ho sebelisoe chelete e ngata haholo. Ha e ne e se ka tlatsetso ea lichelete, e tsoang ho bathusi ba rona Nts'etso-peleng ea naha, ba kang: Mekhatlo ea UNDP, UNICEF le DFID hammoho le naha ea Ireland ka Mokhatlo oa eona oa Lithuso Machabeng, phalo e ka be e ile ea ema le lesemela kapa ra ema le monn'a mateneng. Re ka be re ile ra tsieloa e le kannete. re leboha bafani bana ka lipelo tsohle tsa rona. Teboho e khethehileng ke lakatsa ho e lebisa ho komiti ea Bohokahanyi, ea Bangoli ba Baholo na 'Muso, e eteletsoeng pele ke Mongoli e Moholo oa 'Muso. Ke ka boeta-pele bo chatsi ba hae, re atlehileng ho etsa bonnete ba hore bohle ba neng ba e-cha, ba ts'ola, ba etsa mosebetsi hantle hape ntle le tieho ea letho. E ka ba phoso e kholohali ha nka lebala bangoli ba tokomane ena ea Chebelo-pele, ba sebelitseng bosiu le mots'eare, ntle le khefutso, ho phetha mosebetsi ona ka bokhabane. Ke re ho bona, "pele'a pele", le ka moso ba 'ne ba etse joalo. Tokomane ea Chebelo-pele ea sechaba e hlophisitsoe le ho hlahlobisoa ke litsebi tse hloahloa hape tse tummeng haholo ts'ebetsong ea mofuta ona. Ke ka litsebi tsena re atlehileng ho kopanya maikutlo a fapaneng a sechaba, ho bopa Chebelo-pele ea sechaba, ea Lesotho. Teboho ea 'Muso e khethehileng e lebisoa ho mafapha kapa likarolo tsohle-tsohle tsa sechaba, tse kentseng letsoho ka mekhoa e fapaneng, popong ea Chebelo-pele ena. E se le hobane ke khetholla, ke rata ho fana ka mohlala oa mekhatlo, lihlopha tse itseng tsa batho hammoho le mafapha a ikemetseng. Ke re ho bona kaofela "Chebelo-pele ena ke ea lona, e entsoe ke lona, ka hona lulang le e ts'ehetsa 'me le e latelle ho tloha hona joale ho isa mengoaheng e tlang. Mohlomphehi Motsamaisi oa Mosebetsi ona Bo-'m'e le bo-ntate Taba e amang bohle ba teng mona, ke hore na bokamoso ba tokomane ena ke bo fe. Re se re ithutile hore hangata litokomane tsa mofuta ona li fella liofising, ebe ha ho letho le phethahatsoang. Ke boitlamo ba 'Muso ho etsa bonnete ba hore Chebelo-pele ena ea sechaba e-ea phethahatsoa ebile ho ba le tatello e matla ea ho bona hore phethahatso ea eona e etsoa ka nako hape ka ts'oanelo. Re kholisehile haholo, le ho feta linakong tse fetileng, re le 'Muso, hore ts'ebetso ena e tla tsoela-pele ka matla a maholo. Se seng sa liemahale ts'ebetsong ena, e tla ba ba ho hokahanya lits'iea tsohle tsa Chebelo-pele. Tsona ke tse kang: Moralo oa Phokotso ea Bofuma (The Poverty reduction Strategy) hammoho le moralo oa ntlafatso le tlhopho-bocha ea bosebeletsi ba sechaba (Public Sector Improvement and Reform Programme). Litsi, likomiti, makhotla, likomisi, le tse ling, li tla thehoa ka sepheo sa ho etsa hore phethahatso ea Chebelo-pele hammoho le tatello ea ts'ebetso ea morero ona oa nako e telele, oa sechaba, e phethoe ka ts'oanelo. Makhotla le Likomiti tseo ke buileng ka tsona ke tse kang: Komiti ea Paramente, e shebaneng le meralo; Boto ea Naha, ea meralo, e nchafalitsoeng e bileng e tla fana ka boeletsi; hammoho le sehlopha se ikemetseng sa litsebi ho tsa Bofuputsi le Tlhophollo ea Maano a sechaba (Think Tank on Public Policy Research and Analysis). 'Muso oa Lesotho o ikemiselitse ka matlahali ho etsa bonnete ba hore likomiti le liboto tsena li sebetse kamoo li lokelang. Mohlomphehi Motsamaisi oa ts'ebetso ena, Bo-'m'e le bo-ntate, ntumelleng hore ke koale 'Moka ona ka ho ipiletsa ho Mosotho e mong le e mong, hohle moo re leng teng, ho nka Chebelo-pele ena e le ea rona kaofela, 'me re etse sohle se matleng a rona, hore re fihlele litabatabelo tsa eona ka lilemo tse mashome a mabeli, joale kaha ho reriloe.
KHOTSO! PULA ! NALA! 11 June 2004 |
|