Karolo ea bobeli lekholong ea MCST e-ea lipetlele |
|
|
E le ho nts'etsa pele lets'olo la 'muso la ho loants'a ho ikatisa hoa kokoana hloko ea HIV/AIDS, Letona la Likhokahanyo le Mahlale, Dr. 'Mamphono Khaketla o ile a nehelana ka lilakane tse 100 le lilopo tse 50 tsa mesamo sepetleleng sa Kereke ea Sabata sa Maluti, Mapoteng mafelong a khoeli ea Pherekhong. H'a fana ka thepa ena, Letona Khaketla o bonts'itse sepheo sa Lekala la habo e le ho etsa tlatsetso, leha e fokola hakaalo, sepetleleng seo, e le ho latela boitlamo ba 'muso ba hore lekala ka leng le sebelise karolo ea bobeli lekholong (2%) ea chelete ea lona ho thusa toants'ong ea lefu la HIV/AIDS. A re ka 2% eo, Lekala la habo le ile ka rera ho thusa lipetlele kahare ho naha, kamora ho fumana hore thlokeho ea mealo lipetlele tse ngata ke bona bothata, kaha mealo e lits'ila kapa e tsofetseng e atisa mafu bakuling. A re ba khethile lipetlele tseo e leng tsa likereke haholo hobane likereke li thusa 'muso haholo ka likolo tsa tsona, 'me lipetlele tsa likereke li amohela bakuli li sa natse ts'ekamelo ea bona tumelong kapa lipolotiking. Dr.Khaketla a re Lekala la habo le se le ile la fana ka thepa e joalo lipetleleng tsa St. Joseph's Roma, Scott Morija le St. James Mants'onyane, 'me ba sa tla ea Mafeteng le Qacha's Nek, lipetleleng tsa Machabeng le Tebellong, ba nt'o qetella ka sepetlele sa Seboche, Botha Bothe. Letona la ipiletsa ho basebetsi ba sepetlele seo ho hlokomela mealo eo hore e se ke ea tsoela kantle motseng, e mpe e lule kahare ho sepetlele, e thuse bakuli. Ha a lebohela sepetlele sa habo, mookameli oa Maluti Dr. W.E. Hurlow o boletse sepetlele se le motlotlo hore ere se ntse se fumana ts'ehetso ea 'muso boitekong ba sona ba ho thusa sechaba. A itlama hore ba tla nts'etsa pele leano la bona le reng ba fana ka lits'ebeletso ba sa emela ho sebeletsoa. Pejana, Letona Khaketla le moifo oa hae ba ne ba ile ba tsamaisoa serapeng sa meroho ka mefuta-futa, se kahara jarete ea sepetlele seo, moo ho lenngoeng tamati, litapole, mekopu ka mefuta, lehapu, linaoa, meroho le mefuta e meng e se nang mabitso a Sesotho, joaloka eggplant, green pepper le tse ling. Sepheo sa serapa sena le ho fepa bakuli ba sepetlele sena, haholo-holo ba nang le ts'oaetso ea kokoana hloko ea HIV/AIDS, hore ba be maemong a matlafetseng ka linako tsohle, le hore ba phele ha lelele. 09 February 2004 |
|
| SOURCE: Lentse la Basotho |