PUO KA MOHLOMPHEHI MOTLATSI OA TONA-KHOLO LETSATSING LA HO HOPOLA MOTLOTLEHI MOFUMAHALI. NATIONAL CONVENTION CENTRE, |
|
|
Re bokane mona kajeno ho tla lla mosoang haele mona ‘M’arona Mofumahali ‘M’amohato a re thobetse ka mokhoa o re makalitseng bohle ka ntlha tse peli tsa bohlokoa –
(i)
ho hlabeha ka nako e khuts’oanyane e sa fanang le monyetla oa hore e
be re kile re tseba ho se phele hantle hoa hae.
(ii)
Sebaka seo a hlabehetseng ho sona. Mohlomong ha re lokele ho lla
feela empa re lokela hore re ke re thuise taba ena re nahane hantle – ‘me re
ka fumana mats’eliso ha re elelloa hore ‘M’e ‘M’amohato Molimo o ne o se o
mo nyenyelelitse hore nako ea hae e fihlile.
Re le sechaba
sa Basotho kantle le ka hare ho naha ena ea Lesotho re tsebile Motlotlehi
Mofumahali ‘M’amohato hantle. Ba bangata ruri re mo tsebile le pele a
hlahella sechabeng ho roala tlokola ea Botlotlehi ba Lesotho le ipusang. Ke
mametse ka hloko lipolelo tsa mats’eliso tse ‘nileng tsa etsoa ka mafapha a
sechaba ka ho fapana empa ka ho khetholoha ke ile ka sisimosoa ke mats’eliso
a fanoeng ke batho ba hotseng le ‘Ma’rona ele bananyana mane Tebang ha habo.
Taba ena ruri
ea nkhopotsa hore bohle re bile bana ‘me haho le a mong ea neng a ka tseba
seo a tlaba sona bophelong empa ‘nete ea linnete ke hore Mosotho ha a holisa
ngoana oa hae le bana bohle motseng o na le ts’epo e tiileng ea hore ngoana/bana
ea joalo o tla hola e be motho oa bohlokoa sechabeng Ho bile joalo ka ‘M’e
Mofumahali ha a ntse a bapala liketoana, a kha metsi, a e’a masimong le ho
fiela le ho hloekisa lelapa labo kamoo ho neng ho lokela ho ngona oa
mosetsana. Hara tseo motho o ka li qollang e le taba e’o re lokelang ho e
ts’oaea le ho e ela hloko bophelong ba Nkhono oa Basotho le bana ba bona –
ke hore ho hela koro, ho ea masimong ha se ntho tseo a li qapileng ha a
elelloa hore “boiketlo,” ke’a qotsa “ba ho sheba Bereng mahlong” ke khopolo
feela ea batho ha ba shebile batho ba boikarabellong; haesale ele le lomolo
lapeng labo etsoe lithota tseno tsa ha Mojela li cho joalo. (li rialo).
Motlotlehi,
Mohlophehi Tona-Kholo, Bahlomphehi sechaba sa heso sa bo-‘M’e le bo-Ntate,
bacha ba Lesotho nka be ke tla hle ke se ke ka siea banka kapa likoapa ha ke
buoa ka bophelo ba ‘M’e Mofumahali empa ho etsa joalo ho ne ho tla ba thata
haholo ka nako e teng etsoe ‘nete ele hore taba e’o ka nepo e lokela hore re
e siele bangoli ba Histori kaha bona ba ka ba le nako le ho fuputsa ka
botebo ba sa nke feela litaba tsena tse mahlong tse tsejoang le ho bonoa le
ke tsipa-sehole. Le ha hole joalo mothati ona oa kholo le bocha ke mothati
oa bohlokoa haholo bophelong ba rona bohle hobane ka nqa enngoe ke bona bo
lupang hangata ka nepo hore na re ruile motho‘nngoe re ka lebella eng ha a
se a holile. Etsoe ruri bacha ba lokela ho utloa re buoa le bona ba ena le
kabelo kaho otloloha litabeng tse kholo tsa sechaba. Ke ka hona re lokelang
ho khobotla taba ena ea bohlokoa ba bocha eseng hakaakang taba ea boholo ha
re se re etsa seo re ‘neng re ntse re se lebeletsoe etsoe e ne e ntse e kaba
mohlolo hore joale motho ha a holile a etse mehlolo e sa lebelloang.
Leha ho le
joalo ke fetela pele ‘me litaba tsa boroetsana li na le ba ka li phetang
hantle ho mpheta ruri. Ha ke lakatse ho ikenya ts’otso linaleng. Ke tseba
ka ho otloloha hore boroetsana boo, bo bile makhethe ‘me ba re Kenya
lenyalong le leholo la ‘Ma’rona le Mofu Motlotlehi Moshoeshoe II ka 1962.
‘Me mona ke paki ke ne ke le teng Tebang mohla letsatsi leo. Ke mpa ke
lokela ho supa ha khuts’oanyane hore ka mohlolo ‘na ka bo ‘na ke tsamaile
mohlaleng oa ‘M’e Mofumahali. Ha ke tsebe haeba ho na le batho ba ne ‘neng
ba utloe ntho e bitsoang “khutsana e putsoa.” Ke belaela hore ntho ena e
‘nile ea fihla litsebeng tsa ba bang joale ba sa tsebe hore na ntho ena ke
ntho ‘ngoe etsoe Mofumahali ene e le motho oa sesoasoi ruri. Ha ke e hlalose ka bokhuts’oanyane he taba ena. Ke bolelloa hore ka 1945 ha ntate oa ‘M’e, Moruti Samuel Mohlominyane Moeletsi a hlokahetse mane Hermon joale Morena Thabo Lerotholi Mojela ntate oa Mofumahali he! A ts’elisa lelapa leo la Bakoena o ee a re ho bara ba Ntate Mohlominyane le lelapa ba lle ba ntse ba khutla ba ts’elisehe etsoe e se ele khutsana tse putsoa – a bolela hore Ntate o ba siea ba holile e le banna ba baholo. Eaba polelo e’o e fetoha lepetjo la lelapa leo la Moreneng, Tebang le la Moeletsi moo ‘na ke leng mochana, ‘me ea ba re se re eja lefa leo la polelo e’o, joale ‘M’e Mofumahali ha re kopana e ne e ba ho bitsanoa khutsana tse putsoa etsoe eena hantle ebile e ne ele Rakhali’a tsona khutsana tseo. Ke supe he hore Mofumahali a tsoe a ile a lula lapeng ha Ntate Mokhabi Moeletsi ha a ntse a le sekolong Mafeteng Controlled School, joale le ‘na ke ile ka lula moo lapeng ha Malome ha ke le sekolong sa Secondary. Lapeng moo ho ne ho ntse ho ena le kamore e bitsoang ea Thabitha. Le ka bona he hore ba ebang le re le ntse le bona ntho e nngoe e le sitoang ho e hlalosa kajeno ke ruoa kutloisiso ea taba.
Ha ke le ts’elisa lelapa
Motlotlehi le Mofumahali ha ke tsebe hore na le lona le se le le khutsana
tse Putsoa na? Ruri ho sechaba sena sa Basotho sona ke re le khutsana tse
Putsoa ke mpe ke alime lipetjo lena kajeno hobane moo ‘M’e a re sieang teng
o re siea ho se pelaelo hore re holile re lokela ho lla re khutla ha re
hopola moo re fetileng teng le boitelo ba Motlotlehi Mofumahali ‘Mamohato ho
ts’oara thipa ka bohaleng le ho ba teng ha nako e ts’oaneleha le ha e sa
ts’oanelehe.
Re mo bone ka
lesakaneng la litebele la bophelo a qoba le ho fola metoba, a tsamaea a
khibela molemong oa rona sechaba sa habo, sa hae ‘me qetellong ha ho baloa
lintlha o hlahile e le mohloli. Taba ena e nkhopotsa lintoa tsa khale tsa
Israeleng moo le neng le loaneloa ke mohlabani oa lona a le mong e’o le mo
ts’epang – ‘me ha a ka hloloa le se le hlotsoe le hapiloe ka basali le bana
ha a hlotse ea phehisanang le eena le se le le bahloli. Pale ea Davida le
Goliathe ke mohlala oa taba ena.
Ka hona ho
hlola ha ‘M’e ‘M’amohato e bile ho hlola ha rona re le sechaba. Ka hona ka
letsatsi lena le leholo leo re mo hopolang ka seo a bileng sona ka hara rona
sechaba sa hae, kantle ho Lesotho le hohle moo a tsebiloeng ebile moemeli oa
‘nete oa seo Mosotho a leng sona, Lesotho le leng sona le seo sebopuoa se
motho e le sets’oantso sa Molimo se lokelang hoba sona phelisanong le ba
bang. Lesea, Mosetsana, Moroetsana, ‘Mabana, Nkhono’a bana, Motlotlehi e
motle ‘Masechaba oa sebele. Re lokela ho leboha bohle ba kentseng letsoho
kholisong le ho otla Mofu enoa oa rona.
Tebang le uena
ha u monnyane ho metse ea Lesotho hobane ho uena ho tsoile khalala ena ea
Basotho!
KHOTSO!!! LA 17 LOETSE 2003 |
|
| SOURCE: MINISTRY OF EDUCATION AND TRAINING |