PUO EA MOTLOTLEHI MOFUMAHALI ‘M’ASENATE MOHATO SEEISO, HA A KOALA MOKETE O MOHOLO OA BOCHABA MORIJA LA 5 MPHALANE 2003.

 

MOTSAMAISI OA TS’EBELETSO EA KAJENO, NTATE NYAPHISI

LETONA  LA  BOETI,  LIPAPALI  LE  BOCHABA, ‘M’E LEBOHANG

MORENA  OA  SEHLOOHO  MATSIENG

MORENA  OA  MORIJA LE MARENA OOHLE AO U TS’OARISANENG PUSO LE OONA

BAETI  BA  KHABANE

BO-‘M’E  LE  BO-NTATE LE LONA MOROLO O MOCHA  

POLELO EA SESOTHO E RE:  “LELOKO HA LE E-EA BANENG LE EA FELA.”   MOSOTHO HA A BUA MANTSOE ANA, O NE A ELELLETSOE ‘NETE ENA E BOHLOKO.   SEPHEHO SA MANTLHA SA MOKETE OA BOCHABA OA MORIJA, KE HO BONA HORE TSOHLE TSE MOLEMO HA LI NYAMELE HA MENGOAHA E NTSE E FETA.

BO-‘M’E LE BO-NTATE,  

MOTHO O BEILOE LEFATŠENG, ‘ME A HLOMPHELOA HO BA LE BOIKHETHELO  LE   MATLA  A  HO   LAOLA   BOPHELO   BA   HAE   ESITA  LE  BA  LIHLOLILOENG  TSE  LING  TSA  ‘MOPI.   KA  LEBAKA   

LENA, MOSOTHO OA  KAJENO  O  ELELLETSOE  HORE  POLELO ENA, EA HORE LELOKO HA LE EA BANENG LE EA FELA, E LOKELA HO FETOLOA, ‘ME  E KA FETOLOA KE EENA FEELA. MOKETE ONA OA KAJENO KE MOKHOA OA HO THIBELA HORE LELOKO LE SE KE LA FELA E LENG BOITEKO BOO RE BO THOHOLETSANG RURI.  

BA BANG BA RONA, HA MOKETE ‘ONA O QALEHA LILEMONG TSE HLANO TSE FETILENG, RE NE RE SA LE BANA, MALAPENG A BO-RONA.  KAJENO RE HOLILE, ‘ME RE MOTLOTLO HO IPHUMANA RE LE BA BANG BAO POLELO ENA EA “E EA KAE BANENG”,  E RE AMANG KA KOTLOLOHO, KA HA LE RONA JOALE RE SE RE LE BASIRELETSI BA BANA BA NAHA ENA.   RE LOKELA HO EMA KA MAOTO HO BONA HORE LELOKO LENA HA LE FELE, EMPA LE EA MATLAFALA.  

BA BANGATA BA RONA, RE BONE KA MAHLO A RONA HA MOKETE ONA OA BOCHABA BA BASOTHO O NTSE O HOLA SELEMO LE SELEMO HO FIHLELA MONA MOO RE LENG TENG KAJENO.  KA ‘NA, MOKETE ONA O KA LEKANTS’OA LE BOIKITLAETSO BA HO BONA HORE MEETLO LE BOSOTHO BA RONA HA BO FELE HA BO EA BANENG.  

JOALOKA HA RE ILE RA UTLOA HA MOKETE ONA O BULOA, SEPHEO SA MANTLHA SA OONA, KE HO KOPANYA SECHABA  SE  BOPILOENG  KA LICHABANA TSE NGATANYANA LE HONA TSE ‘NYENYANE, TSEO MOTHEHI OA SONA, MORENA MOSHOESHOE OA PELE, A NENG A RE: “U SENNA U RE HO MOROA, MOROA TOOE.” KA MABAKA ANA, MOKETE  ONA  HA O EA TS’OANELA HO FELLA FEELA SECHABENG LE BOCHABENG BA BASOTHO BA TENG KOANO, EMPA RE LOKELA HO HOPOLA HORE SECHABA SE BOPTJOA KA METSE, EO KA HAR’A EONA HO NANG LE MALAPA.   

RE LOKELA HO ELELLOA HORE MALAPENG A RONA LE TENG, SEPHEO SA MOKETE ONA SE EA THOPHOTHELA.   KE BOEMONG BA METSE LE BA MALAPA MOO E LENG KHUBUNG EA POLELO ENA E RENG:   “HA E LALE, E EA KAE B  ANENG.” POLELO ENA E FA MOLOKO OA KAJENO MONYETLA OA HO HOLA, E LE HORE O TLE O NTŠETSE-PELE SONA CHABANA SENA SA KHOMO.  

BO-‘M’E LE BO-NTATE,  

MOTSOALI  OA  KA  ESITA  LE  OA  BASOTHO  BOHLE,  EO  KAJENO KA  MASOABI    A    MAHOLO    RE    SENG   RE   MO   BITSA   MOFU, NKHONO  ‘MAMOHATO  -  KHOELING  E FETILENG, HA A THAKHOLA   MOKETE  ONA,  O  ITSE “……  HA  RE  BOELENG  RE BENG  MOEA  O  MONG,  RE  FALIMEHE,   RE   ITLAME   KA   THARI  EA   TŠEPE,   RE   BOELE  METHEONG…..”.   RE HOPOLA MANTSOE ANA  KA  HLOKO,   ‘ME   RE   A   AHELA  LESAKA.    HA   RE  NKENG MANTSOE ANA E LE KELETSO E MATLA EO RE E FILOENG KE EO JOALE E  SENG  E LE  E  MONG  OA  BALIMO  BA  RONA, BASOTHO. 

KE LE MEMA BOHLE HORE KAJENO, RE KE RE HETLE MORAO, ‘ME RE IPOTSE HORE NA MATSATSING ANA A MANE A MOKETE ONA, NA RE ILE RA AHELA KELETSO ENA LESAKA KAPA CHE.   HA  KE  TŠEPE  HORE E  MONG  LE  E  MONG  A KA EMA KA PHATLA E PHAHAMENG ‘ME A IKOTLA  SEFUBA A RE:  “E, KE FELA KE UTLOILE KELETSO ‘ME E SE E TLA BA KAROLO EA BOPHELO BA KA.”   

SECHABA SA HESO, RE TSETSELELA HORE RE KHUTLELENG METHEONG EA RONA E LE HORE RE TLE RE IMONE MONOANA KA BAKA LA MANONI A KA TLISOANG KE KATLEHO  EA  BOCHABA  BA  RONA.  MEHLALA E HAUFI-UFI KE MESEBETSI ENA E METLE EA MATSOHO EO RE E BONENG, HAMMOHO LE MENYAKOE  E FUMANOANG MONA LESOTHO FEELA.   HO LONA BACHA, THAPELI EA KA KE HORE LE QALELLE ESALE HONA JOALE HO IPETLELA BOKAMOSO, BO NANG LE KATLEHO, ‘ME LE TLE LE BONE HA BAHOLO BA LONA BA THABA ‘ME BA LE FA TLATSETSO. 

SECHABA SA HESO,  

HA KE PHETHELA, KE RATA HO LEBOHA BOHLE BA KENTSENG LETSOHO KATLEHISONG EA MOKETE ONA, HO TLOHA QALEHONG EA OONA. HA E NE E SE KA BOETAPELE BO HLOAHLOA BA KEREKE EA LESOTHO, KA SETSI SA POLOKELO EA LIHLOLILOENG LE TSA BOHOLO-HOLO, MORIJA MUSEUM  AND  ARCHIVES,  LE ‘MUSO OA LESOTHO, MOKETE ONA O KA BE O ILE OA BA BOIMA HO O LOKISETSA.   RURI REA LEBOHA.  HO BAFANI LE METSOALLE EOHLE, RE RE LE KA MOSO!    HO SECHABA SA BASOTHO, LONA BENG BA MOKETE, RE  RE  TŠOARANG  LE  TIEE,  ESERE  FAATŠE  LA  BO  LONA  LA  EA LE LE SHEBILE.   HO  BAETI BA RONA BOHLE RE RE, REA  LEBOHA.   KETELO EA LONA E NETEFATSA POLELO E RENG: “MATLO-HO-CHA MABAPI”.  HO BOTSAMAISI   BA    MOKETE,  RE  RE HO LONA, TIEANG  MÒKÒ,  KATLEHO  E  HAUFI, RE  MONA  HO LE TŠEHETSA.  

BO-‘ME LE BO-NTATE LE LONA BANA, SECHABA SE SENANG MOETLO  SE EA TIMELA.   ENA  KE  ‘NETE  EO  RE  KE KENG RA IPHAPANYETSA EONA.   HA RE KHUTLELENG MAHAEENG  A  RONA  KA  THABO,  RE  FALIMEHE,  RE  BOELENG RE KHUTLENG HAPE KA BONGATA BO FETANG BONA MOKETENG OA SELEMO SE TLANG.  

BO-‘M’E LE BO-NTATE,  

KA  MANTSOE  ANA,  KE  PHATLALATSA  HORE  MOKETE ONA  O  MOHOLO  OA  BOCHABA  OA  MORIJA,  MONONGOAHA, OO  LEPETJO  LA OONA LE RENG:  “E  EA  KAE  BANENG”,  O  KOETSOE.  

KHOTSO!    PULA!!          NALA!
La 10 Mphalane 2003 

  SOURCE: HIS MAJESTY'S OFFICE