PUO EA MOTLOTLEHI LETSIE III KETEKELONG EA BOIPUSO BA LESOTHO LE HA A BULA KA MOLAO MOKETE OA BOCHABA OA MORIJA (MORIJA ARTS AND CULTURAL FESTIVAL) 4 MPHALANE, 2003

 

MOTLOTLEHI ‘M’E ‘MASENATE,

MOHLOMPHEHI TONA-KHOLO,

MATONA A KHABANE,

MORENA OA SEHLOOHO OA MATSIENG,

MORENA OA MORIJA,

BAEMELI BA LINAHA HAMMOHO LE MEKHATLO EA MACHABA,

KOMITI EA LITLHOPHISO EA MOKETE OA BOCHABA,

BAETI BA KHABANE,

BO-’M‛E LE BO-NTATE LE LONA MOROLO O MOCHA,

KE EA LE LUMELISA BOHLE-BOHLE LE HO LE AMOHELA MOKETENG ONA OA SELEMO LE SELEMO OO KAJENO RE O KETEKELANG  ’MOHO LE OA BOIPUSO BA NAHA EA RONA.  

KA NAKO E TELELE ’ME KA NEPO, MORIJA E TSEBAHETSE E LE SELIBENG SA THUTO.   HO TLOHA KA SELEMO SA SEKETE MAKHOLO A ROBONG A METSO E ROBONG (1999), MORIJA KE HA E QALA HO IPABOLA HAPE E LE SELIBENG SA BOCHABA.  

JOALOKA HA LIETSAHALA TSA LETSATSI LENA LI BONTŠA, RE KOPANE MONA HO KETEKA LE HO TLOTLISA LITABA TSE PELI TSE KHOLO - E LENG KETEKELO EA LILEMO TSE MASHOME A MARARO A METSO E SUPILENG NAHA EA RONA E FUMANE BOIPUSO LE MOKETE OA BOHLANO OA BOCHABA OA MORIJA (MORIJA ARTS AND CULTURAL FESTIVAL).  

HO KOPANYA MEKETE ENA E ’MELI E MEHOLO, KE QETO    E KHOTHATSANG HOBANE, NTLE LE TIKA-TIKO, HO BONTŠA LE HO PAKA TŠEHETSO EA ’MUSO NTLAFATSONG EA BOCHABA.  HAPE, KETSO ENA EA HO KOPANYA MATSATSI ANA A MABELI A MAHOLO, KE HO ANANELA HORE MOKETE OA MORIJA OA BOCHABA O NA LE KAROLO E KHOLO NTLAFATSONG EA MORUO OA NAHA KA HO HOHELA BAHAHLAULI.   KA LEHLAKORENG LE LENG, QETO ENA KE KHOTHATSO LE THOHOLETSO HO BOHLE BA KENTSENG LETSOHO LITLHOPHISONG TSA MOKETE ONA OA BOCHABA OA MORIJA.  

LIETSAHAHALA TSA MOKETE ONA OA MORIJA LI KA AKARETSOA KA MANTSOE A SESOTHO A RENG:   “SEKOELE BASOTHO”.    HA RE RE SEKOELE, RE ETSA BOIPILETSO HO BASOTHO BOHLE BA PHELANG KA HARE HO LESOTHO ESITA LE KA NTLE HO NAHA HO MENAHANA LE MEHLALA KA SEPHEHO SA HORE BA IKHANTŠE LE HO ITHORISA KA MEETLO LE BOSOTHO BA BONA.    KA MABAKA ANA LE A MANG, KE THOHOLETSA HO TŠOARANA KA MATSOHO HONA HO LIPAKENG TSA ’MUSO LE BAHLOPHISI BA MOKETE OA BOCHABA OA MORIJA 'ME KE TŠEPA HORE KETSO ENA E SALE LINYANE FEELA, LIKHOLO LI SA TLA.  

KA 1999, HA PEO ENA EA BOCHABA E JALOA, HO NE HO LE LEROOTHO, HO SA HLAKA HORE NA E TLA MELA  ’ME E FELE E BEHE LITHOLOANA TSE HLABOSANG KAPA CHE.  PEO ENA E ILE EA ETSA LEKHABA LE FOKOLANG EMPA KA MORA NAKOANA, LA BA LE TALANA, LA HOLA HO FIHLELA LE HLAHELLA MAHLONG A ’MUSO, BAHOEBI BA BOITHATELO BO BOTLE ESITA LE LIEA-LE-MOEA LE LIKORANTA.  KAJENO, HO TOTOBETSE HORE TAKATSO EA HORE MOKETE ONA O TSOELEPELE SELEMO LE SELEMO E APARETSE SECHABA SA BASOTHO HOHLE MOO SE PHELANG; ESITA LE BAO E SENG BASOTHO, BA BONAHALA BA E NA LE CHESEHO EA HO BONA HORE BOCHABA BA BASOTHO BO EA TSOSOLOSOA.  

BO-‘M’E LE BO-NTATE,  

HO HOLA LE HO ATLEHA HA MOKETE ONA HO TOTOBETSE ’ME HO BONOA KE BOHLE BA NANG LE CHEBELO PELE.  KA LEBAKA LENA, KE TŠOANELO LE TOKA HORE, LITEBOHONG LE MERAPELONG EA RONA, RE HOPOLENG BOHLE BA KENTSENG LETSOHO MOKETENG ONA HORE MORENA MOLIMO A KE A BA HLOHONOLOFATSE LE HORE MOKETE ONA O HOLE HO EA HO ILE.   HAPE, KE TŠOANELO LE TOKA HORE RE LEBOHENG KEREKE EA EVANGELI LESOTHO E FANENG KA MPHOHALI ENA HO BASOTHO.  KA MPHO ENA, BASOTHO BA BANGATA BA TLA IMONA MENOANA TLOTLISONG EA BOCHABA BA BONA.  KA HONA, RE MEMA BOHLE HO SEBETSA KA THATA HO ATLEHISA MOKETE ONA E LE HORE  O TLE O ATLEHE HO FETA KA MOO RE KA HOPOLANG KA TENG.  

SECHABA SA HESO,  

NTHO E NTHABISANG KA HO FETISISA KE HO HLOKOMELA HORE LEPETJO LA MOKETE OA SELEMO SENA LE RE: “E EA KAE BANENG”.  BACHA KE BOKAMOSO BA NAHA EA RONA, ’ME RE TŠOANETSE HO BA HOLISA KA MOKHOA OO BOCHABA BA RONA BO TLA SALA BO NTSE BO PHELA ’ME BO HLOMPHEHA LE HA RE SE RE LE SIEO.  HA RE LEKENG HO BA NTLAFATSA KA HO BA KHOTHALETSA HORE BA IKAKHELE KA SETOTSOANA NTLAFATSONG EA NAHA ’ME RE BA FE THUTO EO BA KA TSEBANG HO IPHELISA KA EONA LE HO BA QOBISA PHEREKANO LE NTHO TSOHLE TSE HLOHLONTŠANG LITSEBE KAPA TSE FAHLANG MAHLO.  

TABA E ‘NGOE EA BOHLOKOAHALI EO RE TŠOANETSENG HO E ELA HLOKO, KE HO QOBA MEKHOA LE LIKETSO TSA SEJOALE-JOALE TSE ETSANG HORE BACHA BA IPHUMANE BA TŠOASITSOE KE MARABA A MORAO TJENA, A SEHLOHO,  JOALOKA KOKOANA-HLOKO EA HIV LE LEFU LA AIDS.  JOALOKA HA KE HLOLA KE BOLELA, HIV/AIDS KE SERA SE SEHOLO SA NAHA EA RONA.   LE HA LEFU LENA LE SA KHETHE MORUI HO MOFUTSANA, MOTHO E MOHOLO HO E MOCHA ESITA LE MOHIRI HO MOHIRUOA, LIPALO-PALO LI BONTŠA LE JELE SETSI HAHOLO HO BACHA ’ME, KE KA NEPO HORE E BE LEPETJO LA SELEMO SENA KE POTSO E RENG, “E EA KAE BANENG”.     

KA MORA LILEMO TSE LESHOME LE METSO E TŠELETSENG LEFU LA HIV/AIDS LE ITŠEMME LESOTHO, HA KE KHOLOE HO ENA LE LELAPA LE E-S’O KANG LE THULANA LE MASISAPELO A BAKOANG KE LEFU LENA.   KA LEBAKA LENA, HAPE E LE HO BOULELA BOKAMOSO BA NAHA EA RONA, KE SA BOETSE KE ETSA THAPELI, HAHOLO-HOLO HO LONA BACHA, HORE LE IPABALLE, ‘ME LE QOBE HO HAHLAMELOA KE KOKOANA-HLOKO ENA MABAKA A FOKOLA.   HA RE PHELENG HO LATELA MEETLO LE MAELE A RONA A RENG:  “HO IPABALLA HO MOLEMO HO FETA SETLHARE.”   ETSOE, HA KE LUMELE HO ENA LE MOTHO EAKA RENG HA A TSEBE HORE NA LEFU LENA LE HAHLAMELA MOTHO HA HO LE JOANG.  MOKHOA O MONG OA HO THIBA KHOLUMO-LUMO ENA HORE E SE MATHELE BANENG ‘ME ONA KE HO PHELA BOPHELO BO HLOEKILENG BO IPAPISITSENG LE MEETLO EA BASOTHO PELE E THUNTHETSOA KE MEETLO LE LITLOAELO TSA LICHABA TSE LING.   

HA RE SA ETSE SEKOELE ‘ME RA IPOTSA KA TIEO HORE NA “E EA KAE BANENG?,” KE NA LE TŠABO EA HORE RE TLA SEOA KE LETSOALO MOHLA HO ETSOANG PALO EA SECHABA HA RE FUMANA HORE PALO EA BASOTHO E THEOHILE KA LEBAKA LA LEFU LENA.   RE LE BATSOALI, HA RE KE RE BENG MOHLALA O MOTLE OA TOANTŠO EA LEFU LENA.  KA MOKHOA O TŠOANANG, LE LONA BACHA, TLOHELANG HO ETSA LINTHO TSEO LE TSEBANG HANTLE HORE LI FOSAHETSE HOBANE FEELA LI ETSOA KE BATHO BA BAHOLO KAPA LE LI BONE MEETLONG EA LICHABA TSE LING.    SECHABA SA HESO, HA RE TŠOARANENG  KA  MATSOHO  –  BA  BAHOLO LE BA BACHA, HO LOANTŠA KHOLUMOLUMO ENA E IKEMISELITSENG HO METSA BOCHABA LE SECHABA SA RONA NTLE LE MOHAU.  HOHLE MOO RE LENG TENG, MALAPENG, METSENG, MEKHATLONG, MESEBETSING, LIKEREKENG, LIKOLONG ESITA LE MOO RE KOPANANG KA LIHLOPHA, HA RE ETSENG MATSAPA A HO BONA HORE LEFU LENA HA LE JE SETSI HO FETA KA MOO LE SENG LE ATILE KA TENG. 

NTLHA E ‘NGOE EO KE RATANG HO BUA KA EONA E AMANG LEFU LA HIV LE AIDS, KE HORE RE SE NENE EMPA RE HLOKOMELE BA SENG BA HAHLAMETSOE KE LEFU LENA.   RE LE BASOTHO, KE EA TSEBA HORE HA RE RATE KHETHOLLO EA MOFUTA OFE KAPA OFE.   ETSOE, HO SE KHETHOLLANE KE THUTO EA BOHLOKOA EO MOHOLO-HOLO OA RONA, MORENA MOSHOESHOE, A RE SIETSENG EONA HA A NE A RE:  “U SE RE HO MOROA, MOROA TOOE”.   MANTSOE  ANA  A  BOHLALE A RE RUTA HORE HA KOLUOA E  KANG  EA  HIV  LE  AIDS  E  RE  OELA, RE IPOPE NGATANA ‘NGOE HO E FENYA HO ENA LE HO KHETHOLLANA KAPA HONA HO BITSANA MABITSO.    KE NTHO E TSEBAHALANG HORE MOTHO EA HAHLAMETSOENG KE HIV/AIDS A KA PHELA LILEMO TSE NGATA HA FELA A SA KHETHOLLOE, A FUOA LERATO  ’ME A HLOKOMETSOE HANTLE. 

BO-‘ME LE BO-NTATE,  

HA ELE MONA KAJENO RE LE SELEMONG SA MASHOME A MARARO A METSO E SUPILENG RE IPUSA, RE TLA BE RE SA FOSE HA RE KA HETLA MORAO ‘ME RA LEKOLA MATHATA LE MANOLO AO RE FETILENG HO ONA.  HA RE NTSE RE ITLHATLHOBA JOALO, RE LOKELA HO ISA LITEBOHO TSA RONA HO MORENA MOLIMO HOBANE A RE SIRELELITSE LE HO RE THUSA HO TSAMAEA TSELA ENA E TELELE HO FIHLELA MONA MOO RE LENG TENG KAJENO.   HA KE MPE KE  LE  HOPOTSE  HORE  KA  MORA   LILEMO TSE THARO, RE  TLA  BE  RE  E NA LE LILEMO TSE MASHOME A MANE RE IPUSA.   HO LATELA BIBELE, PALO EA MASHOME A MANE E BOLELA PHETHEHO, KAPA HORE TSOHLE LI PHETHEHILE.  KA HONA, HA RE RAPELENG  ’MOHO HORE MOEA OA KHOTSO, LERATO LE KUTLOANO O ILENG OA FOKA ’ME OA RE FA BOIPUSO, LE MOKETE ONA OA MORIJA OA BOCHABA, LE TSOHLE TSE MOLEMO, O KE O TSOELEPELE HO KOPANYA BASOTHO E LE HORE RE TLE RE TSEBE HO HLOLA LIRA TSA RONA LE MATHATA AO RE KOPANANG LE ONA BOPHELONG.  

MOHLOMPHEHI TONA-KHOLO,

MATONA A KHABANE,

BO-‘M’E LE BO-NTATE,

BACHA BA KHABANE,  

HA KE BUILE HA KANA, NTUMELLENG HORE KE PHATLALATSE MOKETE ONA OA SEMETLETSA OA BOHLANO OA  BOCHABA  OA  MORIJA  (MORIJA  ARTS AND CULTURAL FESTIVAL) O BUTSOE KA MOLAO.  KAOFELA RE CHABANA SA KHOMO.   

KHOTSO! PULA! NALA!

La 6 Mphalane 2003 

  SOURCE: HIS MAJESTY'S OFFICE