PRESS RELEASE: IEC E KOPA LEKHOTLA LA NAHA HO BEHELLA COMMISSIONER SEMATLANE KA THOKO HO MOSEBETSI
 


Press Release

Komisi e Ikemetseng ea Likhetho, (IEC) e hlahletse kōpo Lekhotleng la Naha (Council of State), hore le thehe Lekhotla la Lipatlisiso, le  tla hlahloba boitšoaro ba Commissioner Mafole Sematlane.

  Sena se boletsoe ke Molula-Setulo oa Komisi e Ikemetseng ea Likhetho, Monghali Leshele Thoahlane, phuthehong eo a neng a e bilelitse basebeletsi ba Komisi ka Labohlano bekeng e fetileng.

  Monghali Thoahlane o bontšitse Komisi e fihletse bohato bona ka lebaka la liketso tseo Commissioner Sematlane a li entseng kathoko ho litumellano tsa bona e le Komisi.

  O boletse ha Commissioner Sematlane a ile a ikhethela ho etsetsa Mokha oa Sechaba sa Basotho bopaki bo hlapanyelitsoeng, boo ho bona a tšehetsang kopo ea mokha oo nyeoeng ea ona ea hore Komisi e bule mabokose a likhetho hore a hlahlojoe, khahlanong le qeto ea Komisi ea hore e ke ke ea lumela hore mabokose a buloe kantle feela le haeba ho ka ha tiisoa hore ho bile le bobolu boo komisi e bo entseng likhethong tse akaretsang.

  Molula-Setulo o tsoetse-pele ho supa hore, ho latela melao e laolang Komisi, liqeto tsohle tse fihleloang Komising li lokela ho fihleloa ka tumellano ke bohle, kapa ka bongata, ‘me a tiisa hore Commissioner Sematlane ha a ea ka a buisana le bona e le bo-mphato ba hae ha a fihlela qeto ea ho etsa bopaki boo bo hlapanyelitsoeng molemong oa Mokha oa Sechaba sa Basotho.

  Ho boetse ho bonahetse ho e-na le lipolelo tseo Commissioner Sematlane a li buileng khahlanong le Komisi ea habo, tse se nang ‘nete. O tlalehoa a itse o ile a qobelloa ho tekenela litokomane tse itseng ke Commissioner Mokhele Likate, tseo a sa tsebeng letho ka tsona.

  Commissioner Likate o bontšitse e bile tsela ea tšebetso ea Komisi ea nako e telele, hore liqeto tsohle tsa Komisi, esita le metsotso ea likopano tsa eona, li tekeneloe ke litho tsa Komisi ka moka e le ho ikamahanya le tsona, ‘me ke tsona tseo Commissioner Likate a neng a li fetisetsa ho Commissioner Sematlane ho li tekenela.

  Ntle ho mona, Commissioner Likate o ile a tlaleha ha Commissioner Sematlane a mo ngolletse lengolo leo ka lona a neng a mo laela ho mo lefa chelete e kaalo ka M500,000.00 e le matšeliso ka seo a se supileng e le ho thefuloa ha hae le bao a amanang le bona.

  Ka mabaka ana le a mang, Molula-Setulo oa Komisi o boletse ho bonahetse ho le boima ho sebetsa ‘moho le Commissioner Sematlane; ka hona ba kopile Lekhotla la Sechaba ho theha Lekhotla la Lipatlisiso boitšoarong ba Commissioner Sematlane, ‘me ba bile ba khothalelitse hore Commissioner Sematlane a mpe a behelloe ka thoko ho tšebetso ea Komisi e Ikemetseng ea Likhetho.

  “Ha joale, Commissioner Sematlane o phomolong ea matsatsi a ka bang mashome a mahlano a nang le metso e robileng menoana e ‘meli (58), ‘me ho fihlela Lekhotla la Lipatlisiso le fihletse qeto, Ntate Sematlane o tla sala e ntse e le Commissioner e tla fuoa litokelo tsohle tsa eona  Komising e Ikemetseng ea Likhetho.” O qetelletse joalo Molula-Setulo ea Komisi.  

January 27, 2003.

  SOURCE: INDEPENDENT ELECTORAL COMMISSION