Press
Release
Nyeoe
eo ho eona moiketi oa Lekhotla la K’honkerese Lesotho
Lesotho People’s Congress, lebatooeng la Khafung No. 23, Monghali
Thebe Motebang, a neng a qosa Komisi e Ikemetseng ea Likhetho le
ba bang ba leshome le metso e meraro, e qhaliloe ke Lekhotla le
Phahameng la Lesotho pejana khoeling ena, ‘me la ba la laela
Monghali Motebang ho lefa litšenyehelo tsa nyeoe.
Nyeoeng
ea hae Monghali Motebang o ne a kopile Lekhotla hore:
-le
laele Komisi e Ikemetseng ea Likhetho ho bula mabokose a
likhetho le ho fana ka manane a neng a sebelisoa likhethong tse akaretsang,
sebakeng sa lebatooa la Khafung No. 23, hore li hlahlojoe;
-
-
le
phatlalatse moikarabelli oa bone nyeoeng ena, Monghali Mohapi
Thomas Hanyane oa mokha oa PFD, a sa khethoa ka molao ho ba
mokhethoa oa lebatooa la Khafung No. 23;
-
le
laele hore likhetho tse ncha li tšoaroe lebatooeng la Khafung No. 23.
-
a
tšelisoe ka tsela tse ling tseo Lekhotla le ka la fumanang ho
hlokahala.
Lekhotla
ha le hlahloba nyeoe le fumane hore ‘melaeli e ne e le
moiketi ea ileng a hloloa ke likhetho lebatooeng la Khafung No 23
likhethong tse akaretsang tsa la 25 Motšeanong, 2002 , ‘me ea tlileng
khotla a sa lle ka motho ea hlotseng likhetho lebatooeng leo,
empa a lla ka motho ea ntseng a hlotsoe ke likhetho joaleka eena.
‘Melaeli
o sitiloe le ho bontša Lekhotla hore na liphoso tseo a llang ka
tsona hore li etsahetse tsamaisong ea likhetho li ne li ka tlisa phetoho
efe sephethong sa likhetho lebatooeng leo.
Lekhotla
le tsoetse-pele ho supa hore ‘Melaeli
o sitiloe ho le
khotsofatsa hore liphoso tseo a belaelang ka tsona li entsoe ke motho
ea khutlisitsoeng e le mokhethoa, kapa ke motho e mong feela ka
thuso le ka tšutšumetso ea motho ea khutlisitsoeng e le mokhethoa,
‘me la bontša hore ha ho phoso eo mokhethoa oa lebatooa a
bonahalang a e entse.
Lekhotla le ile
la boela la fumana ‘Melaeli a sitiloe ho kenyeletsa batho ba kang
Motsamaisi oa Lipuisano ka Lekhotleng la Sechaba, joalekaha a ameha nyeoeng
ea mofuta ona ho latela tšebetso ea hae; le hore nyeoe ea ‘Melaeli e
hlahletsoe ka khotla ka la 01 Phupu, 2002, ‘me ke Baikarabelli ba bararo
feela ba ileng ba fumana litokomane tsa nyeoe. Ba leshome le motso o le mong
kaofela ha ba ea fumana litokomane tsa nyeoe ho fihlela ka la 29 Pulungoana,
2002.
Ka
mabaka ana le a mang, Lekhotla le Phahameng le ile la qhala nyeoe ena ea
Monghali Motebang, ‘me la ba la laela hore a lefe litšenyehelo tsa nyeoe.
27 January, 2003
|