MOLAETSA OA KERESEMESE OA SELEMO SA 2003 |
|
|
Sechaba
sa heso, Kea le lumelisa! Re fihlile joale qetellong ea selemo sena le qalehong ea se secha sa 2004. Nako ena, joalokaha e le tloaelo, ke nako ea thabo le menyaka. Ke nako ea bohlokoa eo malapa a kopanang ka eona, ’me ke nako ea phomolo ho ba sebetsang. Empa kaholimo ho tsohle, ke nako ea teboho. Ke nako eo bohle re lokelang ho ikatametsa ho ’Mopi oa rona ho mo leboha ha a bile le rona, a re baballa ho tla fihla mona. Hape ke nako eo re hopolang, ka thabo, tsoalo ea Morena le Mopholosi oa rona Jesu Kreste, Rabosafeleng, Morena oa khotso, eo Molimo Ntate, ka lerato la hae le leholo, a ileng a re tella eena ho tla re pholosa.
Le hoja nako ena ea Keresemese le mathoaso a
selemo se secha e lokela ho ba ea khotso le thabo, e atisa ho thunthetsoa
ke tšebeliso
Nako ea mafelo a selemo e boetse ke nako ea
boitlhahlobo. Ke nako ea ho
hetla morao, tseleng eo re e tsamaileng, ho bona hore na mekolokotoane
eo re neng re ipehetse
eona, na re e fihletse; re bone moo re ileng ra khibela, le ’ona mabaka a entseng
hore re hlōlehe moo ekabang re hlolehile.
Lemong sena se felang, ’Muso oa Motlotlehi o
fihletse katleho linthong tse ngata. Ha ho potang, le mathata a bile teng
mona le mane. Empa ka kakaretso linepo li fetile liphoso.
Hona ke e ’ngoe ea litholoana tsa
khotso le botsitso, tse renang kajeno naheng ena ea rona.
Khotso le botsitso ke litšia tse kholo tsa ntlafatso ea naha,
ntlafalo ea maphelo a sechaba,
le kholiso ea moruo.
Har’a tse ngata tseo re li fihletseng monongoaha,
re ka qolla tse latelang:
’Muso
o entse moralo oa tšebetso oa lilemo tse ’ne (National Goals and Objectives)
oo lintlha-kholo tsa oona e leng kholiso ea moruo, pheliso ea bofuma,
ntlafatso ea botsebi le
boiphihlelo ba bahlanka ba sechaba, esita le thophothetso ea puso ea sechaba
ka sechaba, khotso le botsitso ba naha.
Re
ahile likolo tse ngata, tsa mathomo le tse phahameng e le kanetso ea thuto
sechabeng sa Basotho;
Re
atlehile ho atolosa tšebeletso ea likhokahanyo ka mehala
(Telecommunications) ka mefuta ea eona;
Re
ntlafalitse le ho aha litsela litoropong le libakeng tse ling kahar’a naha,
’me re ntse re tsoela pele ho etsa joalo;
Re ahile liofisi tse majaba-jaba tsa bosebeletsi Makaleng a akhang a Khoebo
(Trade and Industry), Mesebetsi ea Sechaba (Public Works) le Ofisi tsa
Motlotlehi Khosi;
Re
thakhotse letšolo kapa lenane la thibelo ea tšoaetso ea HIV ho tloha ho ’m’a ho ea ho lesea nakong ea pelehi (Prevention of
Mother to Child Transmision);
E
le ho phethahatsa leano la ’Muso la ho theha mesebetsi, re ahile
lifeme le litsi tse ling tsa mesebetsi e meholo Maseru, Mohale’s Hoek le
Botha-Bothe;
Tšebetsong
ea ho ntlafatsa pokello ea lichelete, ’Muso o thehile Lefapha le Ikemetseng
la Pokello ea Lekhetho (Lesotho Revenue Authority) ’me re qalile ho khōla
litholoana tse hlabosang tsa tšebetso ea Fapha lena; Athe ha e le boikitlaetso ba rona toantšong ea bobolu le bosholu ba boqhekanyetsi bona bo tsebahala ka lefatše lohle. Re tiisitse boikitlaetso bona ka ho theha Lefapha le Khethehileng la Toantšo ea Bobolu (Directorate on Corruption and Economic Offences);
Re
thehile Morero o Moholo oa Phepelo ea Metsi Mabalane (Lesotho Lowlands Water
Supply Project) ka sepheo sa ho bokella metsi a sebelisoang ka har’a naha
malapeng, temong le mesebetsing e meholo;
Re se re le haufi le ho thetha Moralo oa
Chebelo-Pele ea Naha (National Vision) le Moralo oa Pheliso ea Bofuma
(Poverty Reduction Strategy Paper);
Re
ekelitse palo ea Baahloli ba Lekhotla le Phahameng le ea bo-Maseterata ba
Baholo (Chief Magistrates) ka sepheo sa ho anetsa le ho akofisa kabo ea toka.
Sechaba sa heso,
Khotso le botsitso tse renang naheng ea rona li
hohetse linaha le mekhatlo ea tikoloho ea SADC ho tla tšoarela liphutheho
tsa bohlokoa mona Lesotho. Mona
re ka supa ’Moka o Moholo (Summit) oa Lihlooho tsa Mebuso le Linaha tsa SADC
ho tla tšohla litaba tsa HIV le AIDS.
Mokhatlo oa Liparamente tsa Tikoloho ea SADC (SADC Parliamentary
Forum) le oona o bile le phutheho e kholo mona naheng ea rona.
Hape Lesotho le khethetsoe Bolula Setulo ba Lekalana la tsa
Lipolotiki le Tšireletso la SADC (SADC Organ on Politics, Defence and
Security Cooperation). Le hoja re atlehile linthong tse ling, ke lakatsa ho le hopotsa hore re ntse re ithoetse meli ka lebaka la sekhahla sa tšoaetso ea HIV le AIDS. Re tlokotsing ke tahlehelo ea maphelo a bana, bacha, le batho ba baholo letsatsi le letsatsi, e bakoang ke seoa sena. Re lekile maoala a mangata, empa ho fihlela joale ha ho hlile ha ho phetoho e bonahalang. Ka lebaka lena, ’Muso o qalile leoa le lecha, le kenyeletsang Mosotho e mong le e mong, e moholo le e monyenyane, toantšong ea koluoa ena (Strategies for Scaling-up the Fight Against HIV and AIDS in Lesotho). Ka hona ke ipiletsa ho lona sechaba sa heso hore re amoheleng qholotso ena, le ho sebetsa ka boitelo bohle, hohle moo re phelang le moo re sebetsang teng. A re hopoleng hore Mosotho o be a opile khomo lenaka ha a re “letšoele le beta poho”; hore “Lehlanya lea bokaneloa”; hore “ho ipaballa ho molemo ho feta setlhare”; le hore “ngoan’a mahana-a-joetsoa o utloa ka leqeba ho opa”. Ho feta moo, lea hlokomela, benghali, hore re ntse re le kahar’a komello e hlalosoang e le e mpe haholo lilemong tse lekholo tse fetileng. Komello ena ke koluoa e kholo e oetseng naha ea rona, ’me e boetseng e eketsa boima boo re seng re ntse re bo jere ba bofuma, tlala, le seoa sa HIV le AIDS.
’Muso
o se
o tsoile ka makhalo
ho etsa
melaetsa ea
kopo ea
lithuso ho
bafani le metsoalle
eohle ea naha ea
rona. Leha ho le joalo, a re hopoleng hle hore “moketa ho tsosoa o
itekang”; le hore “mphe-mphe ea lapisa, molekane, motho o khonoa ke sa ntlo
ea hae”. Re tšoanelang ho
phehella matsapa a ho iphepa malapeng a rona le sechabeng sena
ka kakaretso; etsoe e le taelo ea mantlha ea ’Mopi hore motho o tla
phela ka mofufutso oa phatla ea hae – e seng ka liphallello.
Sechaba sa heso,
Pele ke fera
molaetsa ona, ke hopola ka
masoabi mesarelo
eo re bileng
har’a eona
lemong sena
ha re
ne re lahleheloa ke
baratuoa ba rona re le sechaba, re le malapa, re le batho ka
bomong. Har’a bona
re hopola
ka tlholohelo, empa ka
teboho, ba latelang:
Nkhono’a rona Motlotlehi
’Mamohato Bereng Seeiso; Letona
le Khabane Vova Bota
Bulane le molebeli oa hae Private Bongani Peter Cekwane; Litho tse
Khabane tsa Paramente bo-Ntate Mpe Koabola, Matšasa Ambrose Seshea, Peter
Molefe Mokoena, le Tšeliso Maruping Mohloki ea faletseng ’moho le
mohats’a hae, ’Mé ’Malibuseng; Morena oa Sehlooho oa Batlokoa, Morena Halialoha Matšohlo
Sekonyela; bahlanka ba sechaba
Lt. Lererileng Richard Maloi le Sethunya Nthako ba timetseng kotsing ea
Seroala-Nkhoana Letamong la Katse;
motlalehi ea
hloahloa, Ntate
Joe Molefi;
likhalala tsa ’mino Mochoko David Mapefane le Frank Leepa; le
barutuoa le matichere a Sekolo se Phahameng sa Kolonyama ba ileng ba timela
kotsing ea koloi. Meea ea bona
le ea bohle ba faletseng ba amohetse Jesu Kreste e le Morena le Mopholosi oa
bona, e phomole ka khotso mohaung oa ’Mopi.
Ke qetella ka ho lakaletsa Motlotlehi Rabasotho
le sechaba sohle Keresemese e monate,
mahlohonolo le katleho selemong se secha.
Ramaseli a re baballe bohle, a re ekeletse khotso, ‘me a
re fe le lipula tsa litloebelele,
pula tsa lehlohonolo tse nang ka melupe.
Likhomo
Chaba sa Thesele and Merry Christmas!
25 December 2003 |
|
| SOURCE: LENA |