| MOLAETSA OA MOTLOTLEHI LETSIE III OA SELEMO SE SECHA, 2004 ( 31 Ts'itoe 2003) | |
|
BASOTHO
BA KHABANE,
HA
E LE MONA HO SETSE NAKO E FOKOLANG PELE RE QALA SELEMO SE SECHA SA LIKETE
TSE PELI LE METSO E MENE (2004), KE RATA HO NKA SEBAKA SENA HO LE LUMELISA
LE HO LE LAKALETSA MAHLOHONOLO A SELEMO SENA SEO RE LENG MATHULENG A SONA. KA MOKHOA O TŠOANANG, KE RATA HO SEBELISA MONYETLA ONA HO LE LEBOHELA HA E LE MONA RAMASELI A LE BABALLETSE ‘ME A LE FILE BOPHELO BO BOTLE HO FIHLELA MONA MOO RE LENG TENG. JOALOKAHA RE LE SECHABA SA BALUMELI, HA RE KE RE HETLENG MORAO ‘ME RE HOPOLENG BANA BA BO RONA, BATSOALI BA RONA, METSOALLE EA RONA ESITA LE BARATUOA BA RONA BAO MORENA MOLIMO A ILENG A BA BILETSA HO EENA ‘ME RE BA RAPELLE HORE BA FUMANE PHOMOLO E SA FELENG. HAPE, RE RAPELLENG BOHLE-BOHLE BA KULANG HORE RAMASELI A BA FOLISE MALOETSENG A BONA.
SECHABA SA HESO, JOALOKA HA KE SE KE SUPILE, RE IPHUMANA KA MOHAU OA MORENA MOLIMO RE LE MATHULENG A SELEMO SE SECHA, ‘ME KE TŠOANELO EA RONA HO HETLA MORAO HO LEKOLA HORE NA RE KHATHILE TEMA HA KAE HO NTLAFATSA MAPHELO A RONA LE HORE NA MATHATA AO RE THULANENG LE OONA KE A MOFUTA OFE ‘ME RE KA A QOBANG JOANG NAKONG E TLANG. HA HO LE JOALO, HA KE HETLA MORAO, KE HOPOLA LINTLHA TSE SENG KAE ‘ME TSEO KE LUMELANG LI LE KELELLONG EA MOSOTHO E MONG LE E MONG HAHOLO-HOLO EA PHELANG KA HARE HO NAHA EA RONA. NTLHA EA PELE, EO KE LUMELANG HORE E AMME MALAPA A MANGATA LE BASOTHO KA KAKARETSO, KE BOKULI LE MAFU A BAKOANG KE KOKOANA-HLOKO EA HIV LE AIDS. HO LATELA LITLHALOSO TSEO E SA LENG RE LI FUOA KE LITSEBI LE BAETAPELE BA RONA KA MEKHAHLELO EA BONA, KE NA LE TŠEPO EA HORE HA HO MOSOTHO EA SA TSEBENG HORE NA LEFU LENA LE KENELLA MALING HA HO ETSAHETSE ENG. LINTLHA TSEO, MOHLOMONG, LI RE SIRETSENG KE HORE LEFU LENA LE KA FELISA NAHA EA RONA KA HO TIMETSA BASOTHO BOHLE HA FEELA RE SA NKE MEHATO E NEPAHETSENG; LEFU LENA LE KA LIHA MORUO OA RONA, JOALOKA HA LE SE NTSE LE ETSA, KA HO TIMETSA BASEBETSI BA KOETLISITSOENG KA THATA ‘ME KA NAKO E TELELE; LE BAKA TLALA LE BOFUMA KA HA BATHO BA SENG BA KENETSOE KE LEFU LA AIDS BA SITOA HO ETSA MOSEBETSI OFE- KAPA-OFE. LE LITLHARE TSE TENG, LI THEKO E BOIMA ‘ME LE TSONA, LI MPA LI THUSA HORE MOTHO A PHELE NAKO E TELETSANA FEELA. KA MABAKA ANA, RE EA ELELLOA, BASOTHO BA KHABANE, HORE LEFU LENA KE LE SEHLOHO KA HO FETISISA HOBANE HA LE NKE BARATUOA BA RONA FEELA EMPA LE BILE LE RE AMOHA BOKAMOSO RE LE NAHA. HA HO LE JOALO, HA RE NA BOIKHETHELO, HAESE HO LATELA KA TIEO LE KA ‘NETE LIKELETSO TSEO RE LI FUOANG KA MEHLA TSA HORE RE QOBE TSOHLE-TSOHLE TSE KA ETSANG HORE RE HAHLAMELOE KE KOKOANA-HLOKO EA HIV ‘ME EO QETELLONG E BAKANG LEFU LA AIDS. NTLHA EA BOBELI E KHOLO, EO LE EONA E AMMENG BASOTHO LE LESOTHO KA KAKARETSO, KE EA KOMELLO E BONAHETSENG LILEMONG TSE FETILENG EMPA E TOTILENG KA MOKHOA O NYAROSANG SELEMONG SENA SEO RE SE FURALLANG. KE NTHO E TSEBAHALANG HORE, RE LE BASOTHO, RE PHELA KA TEMO ‘ME KATLEHO EA TEMO EA RONA, HO FIHLELA HA JOALE, E ITŠETLEHILE HOLIM’A PULA. KA BOMALI-MABE BO BOHOLO, HA RE EA FUMANA MAFAFATSANE A KA ATLEHISANG TEMO SELEMONG SENA. KA LEBAKA LENA, MASIMO A MANGATA A LETSE ‘ME LE A FOKOLANG A LENNGOENG, LIJALO TSA OONA HA LI EA ATLEHA – LI CHELE KE LETSATSI. MAEMO ANA, BASOTHO BA HESO, HA A FELLE MONA FEELA EMPA A LUPA TLALA EA BOJA-LIKATA LIKHOELING TSE SENG KAE TSE TLANG. HAPE, RE KA LEBELLA LITHEKO TSE PHAHAMENG TSA LIHLAHISOA TSA TEMO.HONA KE KOTLO E HLOLLANG, HOBANE LE LEFU LEO KE SA TSOA BUOA KA LONA, LA HIV/AIDS, LE TOTA HO FETA ‘MELENG E LAPILENG. HA KE NE KE FANA KA MOLAETSA OA MAFELONG A SELEMO SA SEKETE MAKHOLO A ROBONG MASHOME A ROBONG A NANG LE METSO E SUPILENG, KE NE KE ETSE KHOTHALETSO EA HORE RE HAHE MATAMO KA SEPHEO SA HO BOKELLETSA METSI A KA SEBELISOANG MALAPENG, MESEBETSING ESITA LE HO NOESETSA. KE SA BOETSE KE ETSA KHOPOTSO EA HORE PULA, LE HA RE TLA ‘NE RE E HLOKE KA BO SA FELENG, HA E EA LEKANA HO RE QOBISA MATHATA A TLALA, BOFUMA LE LENYORA. RE LOKELA HO ITOKISETSA MAEMO A SA TLOAELEHANG A LEHOLIMO KA HO BOKELLA METSI AO KA LEHLOHONOLO RE NANG LE ONA KA BONGATA KA LINAKO TSE ITSENG TSA SELEMO. LEHA ELE MONA RE SHEBANE LE MATHATA A KOMELLO A SA TLOAELEHANG, NTHO E KHOTHATSANG KE HORE HO TLILE TLHOKOMELONG EA KA HORE ‘MUSO O THEHILE MORERO OA PHEPELO EA METSI MABALANE (LESOTHO LOWLANDS WATER SUPPLY PROJECT). HO LATELA MAEMO A HLOBAETSANG A KOMELLO EO E KA ‘NANG EA IPHETA LILEMONG TSE TLANG, KHOTHALETSO EA KA KE HORE LIKAROLO TSE LING TSA MORERO ONA LI AKOFISOE HO FETA KA MOO E BANG LI NE LI RERETSOE KA TENG. NTLHA EA BORARO EO KE RATANG HO BUA KA EONA, KE EA BOSHOLU BO SA JESENG LESOTHO LE BASOTHO BA RATANG KHOTSO LITHEOHELANG. JOALOKA HA LE TSEBA, BOSHOLU BA LIPHOOFOLO MORAO TJENA, BO TSAMAEA LE BOQHOBANE BOO HANGATA BO NKANG MAPHELO A BENG BA LIPHOOFOLO. LE TLA HOPOLA, SECHABA SA HESO, HORE KA LILEMO TSE FETILENG, E LE HA KE NE KE TŠOENYEHILE KE BOSHOLU BONA, KE ILE KA LE KOPA HORE LE TŠOARANE KA MATSOHO HO LOANTŠA BOSHOLU LE HORE LE TLALEHELE MAPOLESA KA LITLOLO TSENA TSA MOLAO TSE ETSAHALANG METSENG EA LŌNA. LE HA MOSEBETSI OA HO TSOMA MASHOLU ANA A RE PHELISANG HA BOHLOKO O NTSE O TSOELA-PELE, KHATELO-PELE E KHOTHATSANG KE HORE MAPOLESA, A THUSANA LE LŌNA SECHABA, A ILE A TSOA LETŠOLO HO MOTSULA MOFETŠE ONA OA BOSHOLU KA METSO KA HO KENA METSENG LE LITSING TSE TSEBAHALANG KA BOSHOLU. MATŠOLONG ANA, MAPOLESA KA TLATSETSO EA LONA SECHABA, A ATLEHILE HO QHAUTSA MASHOLU A MANGATA ‘ME HA KE BUA TJENA, BA ILO JELLA MATHOASO A SELEMO SE SECHA LITLAMONG. KE RATA HO LEBOHA BOHLE BA ILENG BA KENYA LETSOHO MOSEBETSING ONA LE HO BONA HORE LITLOLI TSENA TSA MOLAO LI EA TŠOAROA. KATLEHO ENA, E BONTŠA E LE KA ‘NETE HORE MOSOTHO O NE A BOLELA HA A RE: “LEHLANYA LE EA BOKANELOA.” BASOTHO
BA KHABANE, HA E LE MONA RE ALIMANE MAIKUTLO LINTLHENG TSE RE AMMENG SELEMONG SENA SEO RE SE KOALANG, NTUMELLENG, KA BOIKOKOBETSO BO BOHOLO, HO BOELA KE LE LEBOHELA TSELENG EO LE E TSAMAILENG LE HO LAKALETSA MEKETE EA KHOTSO LE MAHLOHONOLO A SELEMO SE SECHA. E SE E KA MOLIMO EA MATLA ‘OHLE A KA RE PUTSA KA TSOHLE TSE MOLEMO SELEMONG SENA SE TLANG ‘ME A RE IMOLLA MATHATENG ‘OHLE A RONA. MOLIMO A BOLOKE BASOTHO LE LESOTHO 31 December 2003 |
|
| SOURCE: LENA |