MOLAETSA OA SELEMO SE SECHA HO SECHABA SA BASOTHO KA MOTLOTLEHI LETSIE III  31 TS’ITOE, 2001

 

Basotho ba Khabane, sechaba sa Thesele, ke isa litumeliso tsa ka tse khethehileng ho lona, hohle-hohle moo le leng teng, ka hare ho naha esita le ka ntle ho eona.

 

Ha e le mona re furalla selemo sena ‘me re le maQALONG a se secha, ha re ke re ipeheng ka pel’a morena molimo, eena ‘mopi oa tsohle, ‘me re mo lebohe ka tsohle tseo a re ETSELITSENG tsona selemong sena se felang.   Ka holimo ho tsohle, re mo lebohe ha a re FILE bophelo bo botle hobane ke ka bophelo bo botle re ka tsebang ho mo sebeletsa le ho phetha mesebetsi ea rona ka ho fapana ha eona.  

 

Joaloka ha re tseba, ha se bohle ba bileng le lehlohonolo la bophelo bo botle.   Ka lebaka lena, ke boikarabello ba rona ba ntseng ba phela hantle  ho hlokomela le ho rapella bana ba bo rona ba liphateng tse chesang, malapeng LE matlong a kokelo, hore Morena   Molimo  a  ba folise maloetseng a bona.   Ba bang BA Rona, re qeta selemo   sena   ka   lipelo   tse   bohloko hobane re lahlehetsoe  ke bana ba bo rona, baratuoa ba rona kapa metsoalle ea rona.   Le ha ho le joalo, re se nyahame lipelo empa re ba rapelle ho Morena Molimo hore a ba amohele ‘musong oa hae  ‘me a ba fe bophelo bo sa feleng ka tšepo ea hore le rona ba tla re lokisetsa bolulo.

 

Bo-‘m’e le bo-ntate,

 

Selemong se fetileng ka eona nako ena, ke ile ka supa hore boemo ba moruo oa naha ea rona bo ea hlobaetsa. Har’a matšoao a boemo bo sa khotsofatseng ke ile ka bua ka lipalo tse phaHAmeng tsa Basotho ba hlokang mesebetsi le hore bofuma, bofutsana, tlala le tlhobolo li bonahala li eja setsi ka mokhoa o tšosang.   Ha maemo e le ana, ke ile ka tsoelapele ho etsa thapeli ea hore re lebale tsohle tse re arohanyang re le sechaba empa re kopaneng le ho tšoarana  ka  matsoho  ka mafapha ohle a sechaba  sa rona ka sepheho sa HO BOPA MAIKUTLO LE MERALO E KA NTLAFATSANG NAHA EA HABO RONA.  Ke thaba hore e be le ile la hahela BOIPILETSO BONA lesaka ‘me selemong sena se felang ho bile le likopano tse ngata  e le  hona  ho  lumellana  le  ho  chorisa  maikutlo HOLIMA BOEMO BOO  RE BO LABALABELANG BA NTLAFATSO EA naha ea rona.   Phutheho ea pele eA khoHOLA-KOQO  e ile ea tšoareloa National Convention Centre ka Pherekhong hona selemong sena ‘me ha lumelloanoa KA hore ho a hlokahala hore re be le moralo oa nako e telele oo bohle re tla itlama ka ona le ho o phethahatsa. E ntse e le ho latella tumellano ea Pherekhong, ka la 13 TS’ITOE, 2001 e ne e le ha ho hlomamisoa komiti ea tšebetso E TLA SALA MORAO LITUMELLANO LE LIQETO TSA PHUTHEHO EO EA PHEREKHONG.   Ke se ke nka monyetla ona ho leboha bohle ba lumetseng ho nka boikarabello bona bo boholo le ho ba kopa ho ba sehlahlo le ho itella mosebetsi ona oa naha ka khopolo ea hore boitelo ba bona bo tla re ntša bofumeng ka le leng la matsatsi.

 

Sechaba sa heso,

 

Naha ea rona e ntse e aparetsoe ke leru le letšo-letšo la kholumo-lumo ea mehla ea joale ea LEFU LA HIV/AIDS.     Lefatšeng  ka   kakaretso,      bo-ramahlale    ba     sebetsa bosiu le motšeare ho fumana pheko ea lefu lena empa ho fihlela ha joale, ha ho E-SO BE LE KATLEHO.   Har’a mafu a kileng a oela lefatše, lefu la HIV/AIDS ke le sehloho ka ho fetisisa hobane ha le na pheko.   ‘NETE EO RE KE KENG RA IPHAPANYETSA EONA KE HORE LIPALO-PALO TSA BASOTHO BA ANGOANG KE LEFU LENA LI NTSE LI EKETSEHA KA SEKHAHLA SE TS’OSANG, HAHOLO-HOLO HO BACHA - BAETAPELE LE BABUSI BA KA MOSO.   Beke le beke, re sulafalloa ke bophelo ha re bona bana ba rona, malapa a rona, metsoalle ea rona esita le baAHisane ba rona ba kometsoa ke lefu lena le sehloho empa ho se letho leo re ka le etsang.    LEFU LENA HA LE FIHLA HO batho ba baholo, Le atisa ho siea likhutsana tseo ha joale li baloang ka mashome-shome metseng le metsaneng ea rona. 

 

Ke sa boetse ke pheta mantsoe a ka ao ke ileng ka a bua ka Mantaha oa la Boraro Tsitoe, ha re ne re bokane mane Peka, Leribe ho tšoaea letsatsi la lefatše la HIV/AIDS.   Letsatsing leo, ke ne ke re, ke boikarabello ba e mong le e  mong oa rona ho sireletsa le ho hlokomela likhutsana metseng ea rona ka ho fapana tse bakiloeng ke seoa sa HIV/AIDS.  

 

MATSATSING ANA, RE BOETSE RE FUMANA LITLALEHO TSE NYAROSANG TSA BATHO BA LIPELO LI SOTO BA IKHETHETSENG HO SILAFATSA BANA KA HO ROBALA LE BONA KA SHESHE, MOHLOMONG BA BE BA BA TS’OAETSE LEFU LENA LA HIV/AIDS.  KE BOETSE KE IPELETSA HO BAETAPELE BOHLE KA HARA NAHA, LE HO SECHABA KA KAKARETSO, HO EMA KA MAOTO HO KHALEMA LIKETSO TSENA TSE MALIMABE.  JOALOKA MAOBA, KE NTSE KE TIISA HORE LIKETSO TSENA LI TLAMA ‘MUSO HO HLAHLOBA LE HO MATLAFATSA MELAO E SIRELETSANG BANA.

 

SECHABA SA HESO,

 

LE TLA HOPOLA HORE HO TLOHA MATHOASONG A SELEMO SENA SE FELANG, E SALE  HO SEBETSOA KA THATA HO LOKISETSA LIKHETHO TSE AKARETSANG, TSEO RE  TS’EPISOANG, HORE LI TLA TS’OAROA SELEMONG  SE TLANG.  BOITOKISETSO BONA, BO TLASA LEIHLO LE NCHOCHO LA kOMISI E IKEMETSENG EA LIKHETHO,  ‘ME  LITLALEHO TSA  EONA  LI  SUPA HORE LITOKISO LI NTSE LI TSAMAEA HANTLE.  HO LATELA BOHLOKOA BA LIKHETHO MAPHELONG  A  RONA,  KE  IPILETSA  HO LONA BASOTHO BA HESo HORE LE TS’EHETSE KOMISI E IKEMETSENG EA LIKHETHO MOSEBETSING ONA O MOHOLO ‘ME O THATA.  RE KOPE MORENA MOLIMO HORE A RE TATAISE HORE RE TLE RE BE LE LIKHETHO TSE HLOEKILENG TSE TLA AMOHELEHA HO MAFAPHA OHLE A SECHABA.

 

KA MOKHOA O TS’OANANG, KE RATA HO IPILETSA HO KOMISI E IKEMETSENG EA LIKHETHO HO TS’OARANA KA MATSOHO LE BOHLE BA NANG LE TOKELO LIKHETHONG HO FIHLELA MOTSOTSO OA HO QETELA E LE HORE RE TLE RE TSEBE HO QOBA LIPELAELO LE LIPHEREKANO.

 

Sechaba sa heso, ha ke le mothating ona, ntumelleng ke QETELE molaetsa oa KA  ka ho le lakaletsa MEKETE E Monate Ea mafelo a selemo le mahlohonolo a selemo se secha sa 2002.   E se eka Molimo ea matla ohle a ka re Fa KHOTSO EA ‘NETE, LE tsohle tseo re li labalabelang selemong sena seo re leNG maQALONG a sona.                         

 

Molimo o boloke Lesotho le Basotho.

 

Khotso!  Pula!!   Nala!!!

 

 

 

Source: His Majesty's Office.