| PHATLALATSO EA BOEMO BA TLALA EA BOJA-LIKATA KA MOHLOMPHEHI PAKALITHA MOSISILI TONA KHOLO EA LESOTHO | |
|
SECHABA SA HESO Ke bua le lona kajeno ka boemo ba tlokotsi bo tjametseng sechaba sa habo rona. Kamor’a tlhahlobo ea maemo a lijo-thollo melikong esita le masimong mona Lesotho, ke phatlalatsa kajeno hore Lesotho le boemong ba tlokotsi ea tlala ea boja-likata. Ke etsa phatlalatso ena ka masoabi le mesarelo e meholo hobane ke tseba hore boemo bona ba tlala e kholo bo se bo amme malapa, metse le libaka tse ngata kahare ho naha ea rona. Basotho ba bangata ba robala ba itsosa ka lebaka la bosieo ba lijo. Hantle-ntle boemo bo tjametseng naha le sechaba sa heso ke boemo ba koluoa ea khaello ea lijo-thollo. Boemo bona ba khaello ea lijo-thollo bo tsoetsoe ke kotulo e tlase haholo ho likhakanyo tsa nako ena ea kotulo. Bohle re tla elelloa hore leha lipula li nele ka nako ngoahola, li bile ngata haholo, ‘me tsa sitisa temo ea lijalo; athe moo lihoai li neng li se li jetse, metsi a mangata ho feta tekano a ile a khina kholo ea lijalo le ona ho li bolaea. Ho feta mona, lipula tsa litloebelele tsa monongoaha ho fihlela khoeling ea Tlhakubele, li sitisitse temo ea mariha libakeng tsa mabalane. Kaholimo ho tsena, liphetoho tsa morao-rao tsa boemo ba leholimo li re makalitse bohle. Li akha komello e matla, sefako le maholiotsoana esita le lebabo pele-pele ho nako e tloaelehileng. Boemo bona boo tikoloho eohle ea Afrika e Boroa e phetseng har’a bona lilemo tse ‘maloa tse latellanang bo tsoetse phokolo ea kotulo esita le phokotseho ea lijo-thollo melikong. Tabeng ena, Lesotho le lona le amehile haholo. Boemo ba Loti ho Dolara ea Amerika le bona bo thatafalitse litaba hoba theko ea thepa kantle ho naha, re nkella tsona lijo-thollo, e nyolohile haholo. Lipalo tsa likhakanyo tse matsohong a ‘Muso tsa selemo sena li supa hore khaello ea lijo-thollo ke lithane tse 220,000 (220,000 metric tons), ele kakaretso ea khaello ea poone e lithane li 135,000, khaello ea koro e lithane li 92,000 athe mabele ona likhakanyo li supa hore re tla feta kotulo e neng e lebelletsoe ka 8,860 tsa lithane. Lipalo tsena li tsoaloa ke ntlha e kholo ea hore litlhoko tsa lijo-thollo kakaretso ea tsona ke lithane tse ka bang 400,000 ha kotulo ea mariha ana e hakanyetsoa lithaneng tse kaholingoana ho 180,000. ‘Muso, ka tlatsetso ea metsoalle ea Lesotho, o se hatetse pele haholo ho netefatsa lipalo tsena, esita le maemo a koluoa metseng ea rona. Khaello ea mesebetsi le eona e mpefalitse maemo a tlala e tjametseng Lesotho ‘me bohloko bo boholo ke hore kholumo-lumo ea mokakallane oa setlabocha – HIV/AIDS le eona e harola sechaba sa Basotho ka sekhahla se seholo, hoba ba kulang ha ba feptjoe lijo tse matlafatsang. E le ho loants’a boemo bona ‘Muso o phatlalatsa litokiso tse latelang: (i) Kabo hang-hang ea chelete e Limilione tse Mashome a Mabeli a Metso e Meraro tsa Maloti (M23,000,000) ele tlatsetso ho Basotho toants’ong ea koluoa ena ea tlala. Chelete ena e reretsoe ho bona hore ba anngoeng ke tlala ba fumana phoofo ea poone, linaoa esita le lijo tse matlafatsang ho bana ba lilemo tse ka tlase ho tse hlano ho tloha ka la 1 Mots’eanong, selemong sena; (ii) Tokiso ea bobeli ke hore theko ea phoofo ea poone e mahaila hohle kahare ho naha e theohe ka mashome a mabeli lekholong (20% subsidy) ho tloha ka la 1 Mots’eanong, selemong sena; (iii) Tokiso ea boraro ke hore kabo le kanetso ea phoofo ea poone metseng e amehileng le lijo tse matlafatsang bana ba ka tlase ho lilemo tse hlano li phethoe ka taolo le lits’enyeholo tsa ‘Muso. (iv) Ho feta moo ke lakatsa ho supa hore, malebana le temo ea mariha ‘Muso o se o phethetse litokiso tsa lithuso ho lihoai. Chelete e Limilione tse Leshome le Metso e Mehlano (M15,000,000) e se e ts’oaetsoe ho thusa lihoai ka temo ea mariha ‘me litokiso li tla tsebisoa sechaba ke Lekala la Temo. Malebana le temo ea hlabula le teng ‘Muso o ikemiselitse ho phallela lihoai ka litsela tse tla phatlalatsoa. Ntumelleng sechaba sa heso hore ke fere phatlalatso ena ka ho mema metsoalle ea Lesotho ho kena khabong joaleka kamehla ho thusetsa ka litlatsetso, e le hore Lesotho le tle le tsebe ho fenya koluoa ena. Ho ba seng ba ntse ba re phallela re aka letsoho, re re e sise. KHOTSO! PULA!! NALA!!! |
|
| SOURCE |