KETELO EA LETONA LE KHABANE LA LICHELETE LE NTŜETSO-PELE EA MORUO | |
|
1.
Letona le Khabane la Lichelete le Ntŝetso-pele ea Moruo,
Monghali Timothy Thahane, le ile la etela lefapha la Phetisetso ea Likhoebo
tsa Muso Sechabeng (Privatisation Unit) maobane (16th October
2002). Ketelo ena ene ele ea pele esale Letona le hlomamisoa ka khoeli ea
Phupu monongoaha.
2.
Sepheo sa ketelo ena e ne e le ho tseba ka Morero oa Tlhopho-Bocha oa
Litŝebeletso tsa Motlakase le Mehala (Lesoto Utilities Sector Reform
Project) o kenyeletsang phetisetso ea Koporasi ea Motlakase ea Lesotho (LEC)
matsohong a ikemetseng. Morero o kenyeletsa le ho thehoa hoa Lefapha la
Bolaoli ba Motlakase ba Lesotho (Lesotho Electricity Authority) esita le tŝeetso
ea Lefapha la Bolaoli ba tsa Mehala kahare ho naha (Lesotho
Telecommunication Authority). Lefapha le jarile boikarabelo ba ho beha
leihlo Morero oa Ngatana tsa Liabo (Lesotho Unit Trust) esita le
Phetisetsong ea Likhoebo tse ling tsa ‘Muso.
3.
Mookameli oa Lefapha o lebohile Letona le Khabane hore ebe o nkile
boikhathatso ba ho tla hloela basebetsi ‘moho. ‘Me a boela a re
basebetsi ba thoholetsa Letona ka mosebetsi o matla oo a tobaneng le ona. A
tiisetsa Letona le Khabane hore Lefapha le tla tsoela pele ho hlalosetsa
sechaba ka Leano la ‘Muso la Tlhopho-Bocha ea Moruo.
4.
Puong ea hae ho basebetsi ba Lefapha la Phetisetso ea Likhoebo tsa
‘Muso Sechabeng, Letona le Khabane le bontŝtse hore ha esale le setse
morao tŝebetso ea Lefapha ka hloko ho tloha ha le thehoa ka selemo sa
1995,. A bolela hore Leano la Phetisetso
ea Likhoebo tsa ‘Muso Sechabeng, le ama mafapha a fapaneng a
sechaba a kang a bosebetsi, bahlanka ba ‘Muso esita le ba bang. A
tsoela pele ho bontŝa hore Leano le hlahisa maikutlo a nang le tŝutŝumetso
ea lipolotiki ho feta bohlokoa ka chebelo-pele ea moruo.
5.
A hlalosa hore kaha maano a pele a sitiloe ho ntŝetsa moruo pele
ka katleho, ho bohlokoa hore litŝebeletso tse ling li fetele matsohong
a ikemetseng ele hore litŝeetso tse matsohong a ‘Muso li tsoele
bongata ba Basotho molemo.
6.
Ntlheng ea thekiso ea LEC, o elelitse hore ‘Muso o tla hloka hore o
hate koekoe, ho latela bohlokoa ba Koporasi sechabeng.
7.
Letona le Khabane la thetha ka ho tiisa boithukhubetso ba ‘Muso le tŝeetso
ea ona ntŝetso-peleng ea Leano la Thlopho-Bocha
ea Likhoebo tseo e neng ele tsa
‘Muso, ele ho kenyeletsa likhoebo tse ikemetseng khahong ea Moruo
oa naha. La 16 Mphalane, 2002
| |
| SOURCE: PRIVITISATION UNIT |